-
Baheberu 8:8-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Etsoe Molimo o ile a bua mantsoe a bontšang hore sechaba se ne se e-na le phoso, a re: “‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla etsa selekane se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda,’ ke Jehova ea chong.* 9 ‘Se ke ke sa tšoana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholo-holo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tšoere ka letsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta+ hobane ha baa ka ba tšepahalla selekane seo eaba ke khaotsa ho ba hlokomela,’ ke Jehova ea chong.*
10 ‘Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka ka likelellong tsa bona, ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba batho ba ka,’+ ke Jehova ea chong.*
11 ‘Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: “Tsebang Jehova”* hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui. 12 Ke tla ba tšoarela liphoso tsa bona ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.’”+
-