Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.

  • Nehemia 9:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 U bile ea lokileng linthong tsohle tse re etsahaletseng hobane u ile oa tšepahala empa ke rona ba entseng lintho tse mpe.+

  • Daniele 9:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova, u Molimo ea lokileng. Empa kaofela ha rona, ho akarelletsa le batho ba Juda, baahi ba Jerusalema, Baiseraele bohle ba lulang haufi le ba lulang hole, ba lulang linaheng tsohle tseo u ba hasantseng ho tsona, re hlabiloe ke lihlong joalokaha ho le joalo kajeno hobane ha rea u tšepahalla.+

  • Daniele 9:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jehova hle, re kopa u khaotse ho halefela motse oa hao Jerusalema e leng thaba ea hao e halalelang hobane u lula u etsa lintho tse lokileng.+ Jerusalema le batho ba hao ba songoa ke batho bohle ba ba potolohileng+ ka lebaka la libe tsa rona le liphoso tsa baholo-holo ba rona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela