Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:49, 50
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 49 Jehova o tla romela sechaba se tsoang hole,+ se tsoang qetellong ea lefatše hore se le hlasele, se tla le fofela joaloka ntsu,+ sechaba seo le ke keng la utloisisa puo ea sona,+ 50 sechaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ea tsofetseng kapa e mocha.+

  • Esaia 5:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 O phahamiselitse batho ba hole haholo letšoao,*+

      O letselitse ba lulang lipheletsong tsa lefatše mololi.+

      Ke bao ba tla ka potlako.+

  • Jeremia 4:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Sera se tla tla joaloka maru a pula,

      Likariki tsa sona tsa ntoa li joaloka sefefo.+

      Lipere tsa sona li lebelo ho feta lintsu.+

      Re malimabe hobane re ba shoeleng.

  • Habakuke 1:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Lipere tsa bona li lebelo ho feta mangau,

      Li bohale ho feta liphiri bosiu.+

      Lipere tsa bona tsa ntoa lia matha,

      Lipere tsa bona li tsoa hole haholo.

      Ba fofa sa ntsu e potlaketseng ho ja.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela