Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+

  • Deuteronoma 28:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Lona hammoho le morena eo le mo khethileng, Jehova o tla le lelekela sechabeng seo lona le baholo-holo ba lona le sa kang la se tseba+ ’me moo le tla sebeletsa melimo e meng e leng melimo e entsoeng ka patsi le lejoe.+

  • 2 Marena 24:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 A isa Jojakine+ botlamuoeng Babilona.+ A boela a tlosa ’mè oa morena, basali ba morena, balaoli ba lekhotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema eaba o ba isa botlamuoeng Babilona.

  • 2 Marena 25:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 A bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka liketane tsa koporo eaba o mo isa Babilona.+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Motlotsuoa oa Jehova+ eo e leng phefumoloho ea linko tsa rona o hapetsoe ka sekoting sa bona se seholo.+

      Eena eo re itseng ka eena: “Re tla phela ka tšireletso* ea hae har’a lichaba.”

  • Ezekiele 12:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ke tla e koahela ka letlooa ke e tšoase,+ ke e tlise Babilona naheng ea Bakalde empa e ke ke ea bona naha eo ’me e tla shoella moo.+

  • Daniele 1:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ka mor’a moo, morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+

  • Daniele 1:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Har’a bona ho ne ho e-na le ba tsoang lelokong* la Juda e leng Daniele,*+ Hanania,* Mishaele* le Azaria.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela