-
Nehemia 10:35-37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Selemo le selemo re tla tlisa lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa naha ea rona le lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa mofuta o mong le o mong oa sefate sa litholoana ntlong ea Jehova,+ 36 re tlise le matsibolo* a bara ba rona le a liphoofolo tsa rona+ ho ea ka se ngotsoeng Molaong le matsibolo a mehlape ea rona ea liphoofolo tse kholo le tse nyenyane. Re tla li tlisa ntlong ea Molimo oa rona ho baprista ba sebeletsang ka tlung ea Molimo oa rona.+ 37 Re lokela ho tlisa lihlahisoa tsa pele tsa lijo tse kotutsoeng tse sitsoeng,+ nyehelo ea rona, litholoana tsa sefate sa mofuta o mong le o mong,+ veine e ncha le oli+ ho baprista litorong* tsa ntlo ea Molimo oa rona+ le karolo ea leshome e tsoang naheng ea rona ho Balevi+ kaha Balevi ke bona ba fumanang karolo ea leshome metseng eohle eo re lemang ho eona.
-