-
Mareka 6:53-56Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
53 Ba tšelela mose moo ho ommeng, ba kena Genesarete eaba ba emisa sekepe ka ankora haufi le lebopo.+ 54 Empa hang ha ba tsoa ka sekepeng, batho ba bona Jesu. 55 Ba phasa-phasa sebakeng seo kaofela eaba ba tlisa bakuli ka mampara ba ba isa moo ba utloileng hore o hona teng. 56 Hohle moo a neng a fihla metseng le metsaneng, ba ne ba beha bakuli limmarakeng ’me ba mo kopa hore ba mpe ba tšoare litjobo tsa seaparo sa hae.+ Bohle ba ileng ba li tšoara ba fola.
-