Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 26:69-75
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 69 Petrose o ne a lutse ka ntle lebaleng ha ngoanana* e mong a tla ho eena a re: “Le uena u ne u tsamaea le Jesu oa Mogalilea.”+ 70 Empa a hana ka pel’a bona kaofela a re: “Ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” 71 Ha a ea ntlong e keiting, ngoanana e mong a mo bona eaba o re ho ba teng moo: “Monna enoa o ne a e-na le Jesu oa Monazaretha.”+ 72 A hlapanya a ba a hana a re: “Monna eo ha ke mo tsebe!” 73 Ka mor’a nakoana ba emeng moo ba tla ho Petrose ba re: “Kannete le uena u e mong oa bona hobane le tsela eo u buang ka eona ea u paka.” 74 A hlapanya* a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hang-hang mokoko oa lla. 75 Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla, u tla be u ntatotse hararo.”+ Eaba o tsoela ka ntle o lla habohloko.

  • Luka 22:55-62
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 55 Ba ile ba besa mollo bohareng ba lebala, ba lula fatše eaba Petrose le eena o lula le bona.+ 56 Empa ha ngoanana* e mong a mo bona a lutse mollong, a mo shebisisa eaba o re: “Le enoa o ne a e-na le eena.” 57 Empa a hana a re: “Mosali, monna eo ha ke mo tsebe.” 58 Ka mor’a nakoana motho e mong a mo bona eaba o re: “Le uena u e mong oa bona.” Empa Petrose a re: “Monn’a heso, ha ho joalo.”+ 59 Ka mor’a nako e ka etsang hora monna e mong a tiisa a re: “Kannete monna enoa le eena o ne a e-na le eena hobane hantle-ntle ke Mogalilea.” 60 Empa Petrose a re: “Monn’a heso, ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” Eare ha a sa ntse a bua, mokoko oa lla. 61 Eaba Morena oa hetla o sheba Petrose ’me Petrose a hopola hore Morena o ile a re eena: “Pele mokoko o lla kajeno, u tla be u ntatotse hararo.”+ 62 Eaba o tsoela ka ntle o lla habohloko.

  • Johanne 18:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho eena: “Na ha u e mong oa barutuoa ba hae?” A latola a re: “Ha ke eena.”+ 26 E mong oa makhoba a moprista ea phahameng, ea amanang le monna eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe+ a re: “Ke u bone serapeng u e-na le eena.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela