Baahloli
12 Banna ba Efraime ba bitsoa ’me ba tšelela Zafone* eaba ba re ho Jafeta: “Ke hobane’ng ha u sa ka oa re bitsa ha u ne u e’o loantša Baamone?+ Re tla u cheseletsa le ntlo ea hao.” 2 Empa Jafeta a re ho bona: “ ’Na le sechaba sa ka re ile ra loana ntoa e tšabehang le Baamone. Ke ile ka kopa hore le nthuse empa ha lea ka la mpholosa. 3 Ha ke bona hore le ke ke la mpholosa, ke ile ka etsa qeto ea ho beha bophelo ba ka kotsing ka hore ke e’o loantša Baamone+ ’me Jehova a nthusa hore ke ba hlole. Joale ke hobane’ng ha le tlile kajeno ho tla ntoantša?”
4 Eaba Jafeta o bokella banna bohle ba Gileade+ ’me ba loantša Baefraime. Banna ba Gileade ba hlola Baefraime, ba ileng ba re: “Le hoja lona Bagileade le lula naheng ea Efraime le ea Manase, le mpa le le batho ba balehileng naheng ea Efraime.” 5 Bagileade ba ile ba hapa maliboho a Jordane+ a ka pel’a Baefraime ’me ha monna oa Moefraime a ne a leka bo baleha o ne a re: “Ke kopa ho tšela,” ebe banna ba Gileade baa mo botsa ba re: “Na u Moefraime?” Haeba a ne a re: “Che,” 6 ba ne ba re ho eena: “Re kopa u re Shibolethe.” Empa o ne a re: “Sibolethe” hobane o ne a sa khone ho bitsa lentsoe leo hantle. Joale ba ne ba mo tšoara ’me ba mo bolaela malibohong a Jordane. Kahoo, Baefraime ba 42 000 ba ile ba bolaoa ka nako eo.
7 Jafeta ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse tšeletseng. Ka mor’a moo, Jafeta Mogileade a shoa ’me a pateloa motseng oa habo oa Gileade.
8 Ka mor’a hae, Ibzane ea tsoang Bethlehema ea e-ba moahloli oa Iseraele.+ 9 O ne a e-na le bara ba 30 le barali ba 30. O ile a tsamaisa barali ba hae hore ba nyaloe ke banna ba tsoang lelokong le leng ’me o ile a tlisa basali ba 30 hore ba tl’o nyaloa ke bara ba hae. E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse supileng. 10 Eaba Ibzane oa shoa ’me o pateloa Bethlehema.
11 Ka mor’a hae, Elone oa Mozabulone ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse leshome. 12 Joale Elone oa Mozabulone a shoa ’me a pateloa Ajalone naheng ea Zabulone.
13 Ka mor’a hae, Abdone mora oa Hilele oa Mopirathone ea e-ba moahloli oa Iseraele. 14 O ne a e-na le bara ba 40 le litloholo tsa bashanyana tse 30 ’me e mong le e mong oa bara ba hae le litloholo tsa hae o ne a e-na le tonki ea hae. E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse robeli. 15 Joale Abdone mora oa Hilele oa Mopirathone a shoa ’me a pateloa Pirathone naheng ea Efraime, thabeng ea Moamaleke.+