Buka ea Pele ea Likronike
10 Bafilista ba ne ba loantša Baiseraele. Eaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista ’me ba bangata ba bona ba shoella Thabeng ea Gilboa.+ 2 Bafilista ba ’na ba lelekisa Saule le bara ba hae ’me Bafilista ba bolaea Jonathane, Abinadabe le Malki-shua+ e leng bara ba Saule. 3 Ntoa ea ’na ea e-ba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana ’me ba mo lematsa.+ 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang ba se ke ba tla ’me ba nketsa hampe.”*+ Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+ 5 Ha mojari oa lihlomo tsa hae a bona hore Saule o shoele, le eena a itihela holim’a sabole ea hae ’me a shoa le Saule. 6 Kahoo, Saule le bara ba hae ba bararo le bohle ba lelapa la hae ba shoa kaofela.+ 7 Ha batho bohle ba Iseraele ba neng ba le khohlong* ba bona hore batho kaofela ba balehile le hore Saule le bara ba hae ba shoele, ba tloha metseng ea bona ba baleha. Bafilista ba tla ’me ba lula metseng eo.
8 Letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tla ba tl’o nkela batho ba bolailoeng lintho tsa bona, ba fumana Saule le bara ba hae ba shoele Thabeng ea Gilboa.+ 9 Ba mo hlobolisa ’me ba mo khaola hlooho eaba ba nka lihlomo tsa hae ’me ba romela batho naheng eohle ea Bafilista hore ba ise molaetsa matlong a melimo ea bona+ le ho batho bohle. 10 Eaba ba beha lihlomo tsa hae ka tlung* ea molimo oa bona ’me ba tlamella lehata la hae ntlong ea Dagone.+
11 Ha baahi bohle ba Jabeshe+ e Gileade ba utloa ka sohle seo Bafilista ba se entseng ho Saule,+ 12 banna bohle ba sebete ba tsamaea ba e’o nka setopo sa Saule le tsa bara ba hae. Ba li tlisa Jabeshe ’me ba pata masapo a bona tlas’a sefate se seholo se Jabeshe+ eaba ba itima lijo ka matsatsi a supileng.
13 Kahoo, Saule a shoa ka lebaka la ho se tšepahalle Jehova hobane ha aa ka a mamela lentsoe la Jehova+ ebile o ile a kopa thuso ho motho ea reng o buisana le balimo+ 14 ho e-na le ho e kopa ho Jehova. Molimo o ile a mo bolaea ’me a beha Davida mora oa Jese hore e be morena.+