Buka ea Bobeli ea Likronike
27 Jothame+ o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jerusha morali oa Tsadoke.+ 2 Jothame o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka ntate oa hae Uzia+ empa eena ha aa ka a kena ka tempeleng ea Jehova a sa tšoanela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa lintho tse mpe. 3 O ile a haha keiti e holimo ea ntlo ea Jehova+ ’me a etsa mosebetsi o moholo oa ho haha lebota la Ofele.+ 4 A boela a haha metse+ lithabeng tsa Juda+ le metse e sirelelitsoeng ka marako+ le litora+ merung. 5 A loantša morena oa Baamone+ ’me a mo hlola. Kahoo, selemong seo Baamone ba mo fa lik’hilokramo tse 34 200 tsa silevera, lilithara tse 2 200 000 tsa koro le tse 2 200 000 tsa harese. Baamone ba ile ba mo patala ka lintho tsena le ka selemo sa bobeli le sa boraro.+ 6 Jothame a ba matla hobane o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova Molimo oa hae.
7 Histori eohle ea Jothame, lintoa tseo a li loanneng le lintho tseo a li entseng, li ngotsoe Bukeng ea Marena a Iseraele le a Juda.+ 8 O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16.+ 9 Jothame a shoa ’me a pateloa Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akaze ea e-ba morena.+