Buka ea Pele ea Samuele
29 Bafilista+ ba bokella mabotho ’ohle a bona Afeke, ha Baiseraele ba ntse ba hlomme litente tsa bona haufi le seliba se Jezriele.+ 2 Marena a Bafilista a ne a feta le masole a ’ona a lihlopha tsa ba 100 le a lihlopha tsa ba 1 000 ’me Davida le banna ba hae ba ne ba tsamaea ka mor’a masole ao ba e-na le Akishe.+ 3 Empa likhosana tsa Bafilista tsa re: “Baheberu baa ba batla’ng moo?” Akishe a re ho likhosana tsa Bafilista: “Enoa ke Davida, mohlanka oa morena Saule oa Iseraele, ea seng a qetile nako e fetang selemo a e-na le ’na.+ Ha ke e-s’o fumane phoso leha e le efe ho eena ho tloha letsatsing leo a balehetseng ho ’na ho fihlela kajeno.” 4 Empa likhosana tsa Bafilista tsa mo halefela ’me tsa re ho eena: “Khutlisa monna enoa.+ E re a khutlele sebakeng seo u mo fileng sona. U se ke oa mo lumella hore a ee le rona ntoeng e le hore a se ke a re fetohela ha re ntse re loana.+ O tla batla ho khahlisa morena oa hae ka ho mo tlisetsa lihlooho tsa banna ba rona. 5 Na eo ha se Davida eloa eo ha ba ntse ba tantša ba neng ba bina ka eena ba re:
‘Saule o bolaile ba likete,
Davida eena o bolaile ba likete tse mashome’?”+
6 Kahoo, Akishe+ a bitsa Davida ’me a re ho eena: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang, u motho ea lokileng ’me nka thabela hore u ee ntoeng le masole a ka+ hobane ha ke e-s’o fumane phoso leha e le efe ho uena ho tloha letsatsing leo u tlileng ho ’na ka lona ho fihlela kajeno.+ Empa marena ha a u tšepe.+ 7 Kahoo, khutla ka khotso ’me u se ke oa etsa letho le tla khopisa marena a Bafilista.” 8 Leha ho le joalo, Davida a re ho Akishe: “Hobane’ng? Ke entse’ng? Ke phoso efe eo u e fumaneng ho ’na mohlanka oa hao ho tloha letsatsing leo ke fihlileng ho uena ka lona ho fihlela kajeno? Na ha kea lokela ho tsamaea le uena ho ea loantša lira tsa hao moren’a ka?” 9 Akishe a re ho Davida: “Ho ea ka ’na, haesale u lokile joaloka lengeloi la Molimo.+ Empa likhosana tsa Bafilista li itse, ‘U se ke oa mo lumella hore a tle ntoeng le rona.’ 10 Uena le banna ba tlileng le uena le tsohe esale hoseng ’me le tsamaee hang ha letsatsi le chaba.”
11 Kahoo, Davida le banna ba hae ba tsoha esale hoseng ’me ba khutlela naheng ea Bafilista eaba Bafilista ba nyolohela Jezriele.+