Buka ea Bobeli ea Samuele
21 Joale ha e-ba le tlala+ ka lilemo tse tharo tse latellanang mehleng ea Davida. Kahoo, Davida a kopa keletso ho Jehova ’me Jehova a re: “Saule le ba lelapa la hae ba molato oa mali hobane ba bolaile Bagibeone.”+ 2 Morena a bitsa Bagibeone+ eaba o bua le bona. (Bagibeone e ne e se Baiseraele empa e ne e le Baamore+ ba setseng ’me Baiseraele ba ne ba hlapantse hore ba ke ke ba ba bolaea+ empa Saule o ne a batla ho ba bolaea hobane o ne a ikemiselitse ho sireletsa batho ba Iseraele le Juda.) 3 Eaba Davida o re ho Bagibeone: “Ke le etsetse’ng ’me ke tlose sebe see joang e le hore le ka hlohonolofatsa lefa la Jehova?” 4 Bagibeone ba re ho eena: “Silevera le khauta+ li ke ke tsa tlosa seo Saule le ba lelapa la hae ba re entseng sona. Hape ha ho na motho eo re ka mo bolaeang Iseraele ka lebaka la seo.” Eaba Davida o re: “Eng kapa eng eo le e buang ke tla le etsetsa eona.” 5 Ba re ho morena: “Monna eloa ea ileng a leka ho re felisa a ba a loha leano la hore ho se ke ha e-ba le sebaka leha e le sefe seo re lulang ho sona Iseraele,+ 6 e-re re fuoe bara ba hae ba supileng. Re tla fanyeha litopo tsa bona*+ ka pel’a Jehova Gibea+ e leng motse oa Saule, mokhethoa oa Jehova.”+ Eaba morena o re: “Ke tla fana ka bona.”
7 Leha ho le joalo, morena a qenehela Mefiboshethe+ mora oa Jonathane mora oa Saule, ka lebaka la kano eo a ileng a e etsa le Jonathane+ mora oa Saule ka pel’a Jehova. 8 Kahoo, morena a nka Armoni le Mefiboshethe e leng bara ba babeli ba Rizpa+ morali oa Aja bao a neng a bile le bona le Saule le bara ba bahlano ba Mikale*+ morali oa Saule bao a neng a bile le bona le Adriele+ mora oa Barzilai oa Momehola. 9 A ba fa Bagibeone ’me ba fanyeha litopo tsa bona thabeng ka pel’a Jehova.+ Kaofela ha bona ba supile joalo ba ile ba shoa hammoho matsatsing a qalang a kotulo, ha ho qaloa ho kotuloa harese. 10 Eaba Rizpa+ morali oa Aja o nka lesela le hoashang* o le ala holim’a lerako ho tloha ha ho qaloa ho kotuloa ho fihlela ha pula e nela litopo. Motšehare ha aa ka a lumella linonyana tsa leholimo hore li lule holim’a tsona le bosiu ha aa ka a lumella libata tsa naha hore li atamele litopo tseo.
11 Davida a bolelloa hore na serethe* sa Saule e leng Rizpa morali oa Aja se entse’ng. 12 Kahoo, Davida a ea ’me a nka masapo a Saule le a mora oa hae Jonathane ho baeta-pele* ba Jabeshe-gileade,+ ba neng ba a utsoitse lebaleng la Bethe-shane, moo Bafilista ba neng ba ba fanyehile teng letsatsing leo ka lona Bafilista ba ileng ba bolaea Saule Gilboa.+ 13 A tlosa masapo a Saule le a Jonathane moo hape a bokella masapo a banna ba neng ba bolailoe.*+ 14 Ba pata masapo a Saule le a mora oa hae Jonathane Zela+ naheng ea Benjamine lebitleng la Kishe+ ntate oa hae. Ka mor’a hore ba etse lintho tsohle tseo morena a neng a ba laetse tsona, Molimo a mamela likopo tsa bona bakeng sa naha.+
15 Ha boela ha e-ba le ntoa pakeng tsa Bafilista le Baiseraele.+ Kahoo, Davida le bahlanka ba hae ba tsamaea ba e’o loantša Bafilista empa Davida a khathala. 16 Jishbi-benobe ea neng a tsoa lelokong la Barefaime,+ eo lerumo la hae la koporo le neng le le boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho tse tharo*+ le ea neng a e-na le sabole e ncha, o ne a rerile ho bolaea Davida. 17 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja a mo thusa+ ’me a hlaba Mofilista eo a mo bolaea. Ka nako eo, banna ba Davida ba mo phehella* ba re: “U se ke oa hlola u tla le rona ntoeng.+ U se ke oa tima lebone la Iseraele.”+
18 Ka mor’a moo, ba boela ba loana le Bafilista+ Gobe. Eaba Sibekai+ oa Mohushathe o bolaea Safe setloholo sa Barefaime.+
19 Ba boela ba loana le Bafilista+ Gobe ’me Elkanane mora oa Jare-oregime oa Mobethlehema a bolaea Goliathe oa Mogathe, lerumo la hae le ne le e-na le mofeng o joaloka thupa ea foreimi e etsang masela.+
20 Ha boela ha e-ba le ntoa Gathe. Ntoeng eo ho ne ho e-na le monna ea boholo bo sa tloaelehang, a e-na le menoana e tšeletseng letsohong ka leng le menoana e tšeletseng leotong ka leng, kaofela ha eona e le 24. Le eena e ne e le setloholo sa Barefaime.+ 21 A ’na a nyefola Iseraele.+ Kahoo, Jonathane mora oa Shimei,+ abuti oa Davida, a mo bolaea.
22 Bana ba bane e ne e le litloholo tsa Barefaime tse lulang Gathe ’me ba ile ba bolaoa ke Davida le bahlanka ba hae.+