MIKEA
1 Mehleng ea Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda,+ Jehova o ile a bua le Mikea*+ ea tsoang Moreshethe, a ba a mo bontša pono e mabapi le Samaria le Jerusalema a re:
2 “Mamelang, lona lichaba tsohle.
Utloa, uena lefatše le tsohle tse phelang ho uena.
Jehova o tempeleng ea hae e halalelang.
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a ke a le qose.+
3 Jehova o tloha sebakeng sa hae.
O tla theoha ’me a tsamaee holim’a lithaba lefatšeng.
4 Lithaba li tla qhibiliha ka tlas’a maoto a hae+
Le likhohlo* li tla arohana
Joaloka mafura ka pel’a mollo
Le joaloka metsi a qhalloang sebakeng se motheo.
5 Lintho tsena tsohle li etsahetse ka lebaka la borabele ba Jakobo
Le ka lebaka la libe tsa litloholo tsa Iseraele.+
Ke mang ea lokelang ho behoa molato ka lebaka la borabele ba Jakobo?
Na ha se Samaria?+
Ke mang ea lokelang ho behoa molato ka lebaka la libaka tse phahameng tsa Juda?+
Na ha se Jerusalema?
6 Ke tla etsa hore Samaria e be qubu ea majoe
Le hore e be sebaka seo ho lengoang lirapa tsa morara ho sona.
Ke tla lihela* majoe a hae khohlong
Ke be ke pepese metheo ea hae.
7 Melimo eohle ea hae ea litšoantšo, e tla silakanngoa.+
Limpho tsohle tseo a li fumaneng ka ho ithekisa,* li tla chesoa.+
Ke tla felisa litšoantšo tsohle tsa hae tse rapeloang
Tseo a li fumaneng e le moputso ha a etsa botekatse.
Li tla nkoa hore e tle e be moputso oa matekatse a mang.”
8 Ka lebaka la lintho tsena ke tla lla ’me ke bokolle.+
Ke tla tsamaea ke sa roala letho maotong ke bile ke sa apara letho.+
Ke tla lla joaloka liphokojoe,
Ke bokolle joaloka limpshe.
Kotlo eo e fihlile Jerusalema, keiting ea sechaba sa ka.+
10 “Le se ke la bua ka tlokotsi ena Gathe.
Le se ke la lla ho hang.
Lona baahi ba Bethe-afera,* le ipitike leroleng.
11 Lona baahi ba Shafire, fetang le sa apara letho ebile le soabile.
Baahi ba Zanane ha baa tsoa.
Ho tla bokolloa Bethe-ezele ebile e ke ke ea hlola e le tšehetsa.
12 Baahi ba Marothe ba ne ba letetse se molemo
Empa Jehova o tlisitse lintho tse mpe keiting ea Jerusalema.
13 Tlamellang kariki sehlopheng sa lipere, lona baahi ba Lakishe.+
Sebe sa morali oa Sione se tsoa ho lona
Kaha le mphetohetse joaloka Iseraele.+
14 O tla fa Moreshethe-gathe limpho ha a tsamaea.
Baahi* ba Akzibe+ ba soetsitse marena a Iseraele.
15 Ke tla le tlisetsa sera se hapang lintho tsohle,+ lona baahi ba Maresha.+
Khanya ea Iseraele e tla fihla Adulame.+
16 Beolang lihlooho, le kute moriri bakeng sa bana ba lona bao le ba ratang.
Iketseng lefatla joaloka ntsu
Hobane ba le nketse bana ba lona ’me ba isitsoe botlamuoeng.”+
2 “Ba rerang lintho tse kotsi ba tla ba mahlomoleng,
Ba nahanang ka lintho tse mpe libetheng tsa bona.
Hoseng ba phetha merero eo ea bona
Hobane ba na le matla a ho etsa joalo.+
2 Ha ba batla masimo, baa a nka.+
Ha ho e-na le ntlo eo ba e ratang, baa e nka.
Ba etsetsa motho bolotsana hore ba nke ntlo ea hae+
Le hore ba fumane lefa la hae.
3 Ka lebaka leo, Jehova o re:
‘Ke rerile ho tlisetsa sechaba sena tlokotsi+ eo se ke keng sa e baleha.+
Se ke ke sa hlola se ikhohomosa+ hobane e tla be e le nako ea tlokotsi.+
Ba tla re: “Re nketsoe lintho tsohle.+
Molimo o nkile lefa la rona a le fa batho ba bang.+
O file batho ba lichaba tse ling masimo a rona.”
5 Ha ho na motho phuthehong ea Jehova ea tla le otlollela thapo e methang
Hore a arole naha.
6 Ba re, “Tlohelang ho bolela.
Ha baa lokela ho bolela ka lintho tsena.
Re ke ke ra tlotlolloa.”
7 Lona litloholo tsa Jakobo le ntse le re:
“Na mamello ea Jehova e felile?
Na tsee ke liketso tsa hae?”
Lea tseba hore ke etsetsa batho ba ’mamelang lintho tse ntle.
8 Matsatsing ana, batho ba ka ba fetohile lira.
Ba fetang ka tsela ba le sebete joaloka banna ba tsoang ntoeng,
Le ba nkela mokhabiso o motle le seaparo* le sa ipata.
9 Le leleka basali ba sechaba sa ka matlung a bona ao ba a ratang.
Le amoha bana ba bona lintho tse ntle tseo ke ba hlohonolofalitseng ka tsona ’me ha le li khutlise.
10 Emang le tsamaee hobane mona ha se moo le tla phomola teng.
Ho na le tšenyo, tšenyo e kholo+ ka lebaka la ho se hloeke.+
11 Haeba motho a etsa lintho tse se nang thuso a bile a bua leshano a re:
“Ke tla le bolella ka veine le ka joala,”
O tla be a bua feela ho khahlisa batho bana.+
12 Ke tla le bokella kaofela, lona litloholo tsa Jakobo.
Ke tla bokella ba setseng ba Iseraele.+
Ke ba bokelle joaloka linku lesakeng
Le joaloka mohlape o fulang hammoho.+
Ho tla tlala lerata la batho.’+
13 Ea phunyeletsang o tla ba etella pele.
Ba tla phunyeletsa, ba fete keiting ’me ba tsoe ka eona.+
Morena oa bona o tla feta pele ho bona.
Jehova o tla ba etella pele.”+
3 Ke ile ka re: “Ke kopa le mamele, lona lihlooho tsa litloholo tsa Jakobo
Le lona baeta-pele ba sechaba sa Iseraele.+
Na ha se mosebetsi oa lona ho tseba hore na toka ke’ng?
2 Le hloile lintho tse ntle+ empa le rata tse mpe.+
Le ebola batho ba ka letlalo ebile le tlosa nama masapong a bona.+
3 Le boetse le ja nama ea batho ba ka+
Ebile le ba ebola letlalo,
Le roba masapo a bona+ le ho a silakanya
Joaloka masapo le nama tse phehiloeng ka pitseng.*
4 Ka nako eo, ba tla llela ho Jehova ba kopa thuso
Empa a ke ke a ba araba.
5 Jehova o re ho baprofeta ba khelosang batho ba hae,+
Ba reng ‘Khotso,’+ ha ba e-na le seo ba ka se hlafunang+
Empa ha motho a sa ba fe seo ba ka se hlafunang, baa mo loantša:
6 ‘Bosiu bo tla fihla+ empa le ke ke la ba le pono.+
Ho tla ba lefifi ’me le ke ke la khona ho sebelisa bonohe.
Letsatsi le tla likella baprofeta,
Ho be lefifi motšehare bakeng sa bona.+
Kaofela ha bona ba tla ikoahela melomo*
Kaha Molimo ha a ba arabe.’”
8 Ha e le ’na, ke na le matla ka lebaka la moea oa Jehova.
O nthusa hore ke sebetse lintho ka toka ebile o mpha sebete
E le hore nka bolella Jakobo ka borabele ba hae le Iseraele ka sebe sa hae.
9 Ke kopa le mamele sena, lona lihlooho tsa litloholo tsa Jakobo
Le lona baeta-pele ba sechaba sa Iseraele,+
Ba hloileng toka le ba fetolang lintho tse ntle hore e be tse mpe,+
10 Ba hahang Sione ka ho bolaea batho le ba hahang Jerusalema ka ho etsa lintho tse sa lokang.+
11 Baeta-pele* ba hae ba batla ho fuoa tjotjo hore ba ahlole,+
Baprista ba hae ba batla chelete hore ba rute,+
Baprofeta ba hae bona ba sebelisa bonohe hore ba fumane chelete.*+
Leha ho le joalo, ba tšepile Jehova* ba re:
“Jehova o na le rona.+
Ha ho na tlokotsi e tla re hlahela.”+
12 Ka lebaka la hao,
Sione e tla lengoa joaloka tšimo,
Jerusalema e fetohe qubu ea majoe+
’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.*+
Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona+
E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,
E phahamele maralla.
Batho ba tla phallela ho eona.+
2 Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova
Le ntlong ea Molimo oa Jakobo.+
O tla re ruta litsela tsa hae
Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”
Molao* o tla tsoa Sione
Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.
Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,
Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+
Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,
Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
4 E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie.*+
Ha ho na motho ea tla ba tšosa+
Kaha Jehova oa mabotho o se a buile.
5 Sechaba se seng le se seng se tla sebeletsa molimo* oa sona
Empa rona re tla sebeletsa* Jehova Molimo+ oa rona ka ho sa feleng.
6 Jehova o re, “Letsatsing leo,
Ke tla bokella ea neng a hlotsa,
Ke phuthe ea neng a hasantsoe+
Ke be ke phuthe le bao ke ileng ka ba tšoara hampe.
7 Ke tla etsa hore ba neng ba hlotsa ba sale,+
Ea neng a suthiselitsoe hole ke mo etse sechaba se matla.+
Jehova o tla busa e le morena oa bona Thabeng ea Sione
Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
8 Ha e le uena tora e lebelang mohlape,
Qubu ea morali oa Sione,+
Puso ea hao ea pele* e tla khutlela ho uena+
E leng ’muso oa morali oa Jerusalema.+
9 Ke hobane’ng ha u hoelelitse hakaale?
Na ha u na morena
Kapa na moeletsi oa hao o shoele?
Na ke lona lebaka le etsang hore u utloe bohloko bo tšoanang le ba mosali ea belehang?+
10 Uena morali oa Sione, utloa bohloko u be u lle
Joaloka mosali ea belehang
Hobane u tla tloha motseng u e’o lula naheng.
Jehova o tla u reka moo ho lira tsa hao, a u khutlise.+
11 Lichaba tse ngata li tla bokana hore li u hlasele.
Li tla re, ‘Sione e ke e silafatsoe.
E se eka re ka bona ha ntho ena e etsahala.’
12 Empa ha li tsebe menahano ea Jehova,
Ha li utloisise morero oa hae.
O tla li bokella joaloka mangata a koro e sa tsoa kotuloa e isoang seotlong.
13 Ema u pole, uena morali oa Sione.+
Ke tla etsa hore manaka a hao e be tšepe
Ebile ke tla etsa hore litlhako tsa hao e be koporo.
U tla silakanya lichaba tse ngata.+
U tla fa Jehova lintho tseo li li hapileng ka bolotsana,
U fe Morena oa ’nete oa lefatše lohle maruo a tsona.”+
5 “Lea itšeha,
Lona baahi ba motse o hlaseloang.
Re thibeletsoe.+
Ba otla moahloli oa Iseraele lerameng ka molamu.+
Uena motse o monyenyane haholo har’a metse* ea Juda,
Ho uena ho tla hlaha ’musi oa Iseraele+
Ea tla etsa thato ea ka, eo esale a le teng ho tloha mehleng ea boholo-holo.
3 Molimo o tla ba lahla
Ho fihlela mosali ea lokelang ho beleha a beleha.
Bana babo kaofela ba tla khutlela ho sechaba sa Iseraele.
5 O tla etsa hore ho be le khotso.+
Ha Moasiria a hlasela naha ea rona a bile a hatakela litora tsa rona tse sirelelitsoeng ka thata,+
Re tla khetha balisa ba supileng, re khethe likhosana* tse robeli har’a batho hore li mo loantše.
O tla re pholosa ho Moasiria+
Ha a hlasela naha ea rona ’me a hatakela sebaka sa rona.
7 Ba setseng ba Jakobo ba tla ba har’a lichaba tse ngata
Joaloka phoka e tsoang ho Jehova
Le joaloka marotholi a pula holim’a limela
Tse sa tšepeleng ho batho
Le tse sa ba emeleng.
8 Ba setseng ba Jakobo ba tla ba har’a lichaba
Le har’a batho ba bangata
Joaloka tau har’a libata tsa moru
Le joaloka taoana har’a mehlape ea linku,
E hlaselang le ho robakanya ha e feta
Ebile ha ho na ea ka li pholosang.
9 Le tla hlola lira tsa lona,
Kaofela ha tsona li tla felisoa.”
10 Jehova o re, “Letsatsing leo,
Ke tla felisa lipere tsa lona le likariki tsa lona tsa ntoa.
11 Ke tla felisa metse ea naha ea lona,
Ke heletse libaka tsohle tsa lona tse sirelelitsoeng ka thata.
12 Ke tla felisa boloi boo le bo etsang.*
Ha ho sa tla ba le ea etsang boselamose har’a lona.+
13 Ke tla felisa litšoantšo tsa lona tse rapeloang le lipilara tsa lona.
Le ke ke la hlola le inamela lintho tseo le li entseng ka matsoho a lona.+
15 Ke tla be ke halefile haholo ha ke iphetetsa
Ho lichaba tse sa kang tsa ’mamela.”
6 Ke kopa le mamele seo Jehova a se buang.
Emang, le ise nyeoe ea lona ka pel’a lithaba.
Maralla a ke a utloe mantsoe a lona.+
2 Mamelang nyeoe ea Jehova lona lithaba,
Lona metheo e tiileng ea lefatše+
Hobane Jehova o na le nyeoe le sechaba sa hae.
O tla qosa Baiseraele a re:+
3 “Sechaba sa ka, ke le entse’ng?
Ke le entse’ng e le khathalitseng?+
Buang hore na le nqosa ka eng.
4 Ke le ntšitse naheng ea Egepeta.+
Ka le lopolla naheng eo le neng le le makhoba ho eona.+
Ka romela Moshe, Arone le Miriame hore ba le tataise.+
5 Sechaba sa ka, ke kopa le hopole seo Morena Balake oa Moabe a neng a se rerile+
Le hore na Balame mora oa Beore o ile a re’ng ho eena.+
Hopolang se etsahetseng ho tloha Shitime+ ho ea fihla Gilgale+
E le hore le ka hlokomela hore Jehova o le etselitse lintho tse ntle.”
6 Ke tla tla ka eng ka pel’a Jehova?
Ke tla inamela Molimo ea lulang sebakeng se phahameng ka eng?
Na ke tla tla ho eena ka linyehelo tse feletseng tsa secheso
Le ka manamane a nang le selemo?+
7 Na Jehova o tla khahlisoa ke liramo tse likete?
Na o tla khahlisoa ke oli e ngata haholo?+
Na ke tla fana ka mora oa ka oa letsibolo ka lebaka la borabele ba ka,
Ke fane ka ngoana oa ka ka lebaka la sebe sa ka?+
8 Uena motho, Molimo o u boleletse se molemo.
Jehova o lebeletse eng ho uena?
O lebeletse hore u etse lintho ka toka,+ u rate ho tšepahala*+
Le hore u tsamaee le Molimo oa hao u ikokobelitse.+
9 Jehova o bua le motse a hoelelitse.
Ba bohlale ba tla tšaba lebitso la hae.*
Elang hloko kotlo e tlang le be le ele hloko ea e tlisang.*+
10 Na ho sa na le matlotlo a fumanoeng ka bolotsana matlong a ba khopo
Le tekanyo* e sa fellang eo Molimo a e nyonyang?
11 Na ke tla be ke nepile* ha nka sebelisa likala tse sa tšepahaleng
Leha nka sebelisa mokotla oa majoe a ho bekha a thetsang?+
Ba qhekella ka maleme a bona.+
14 Le tla ja empa le ke ke la khora.
Le tla lula le lapile.+
Le tla nka lintho le re lea li boloka empa li ke ke tsa lula li sireletsehile.
Tseo le li nkang, ke tla li fa lira tsa lona.
15 Le tla jala peo empa le ke ke la kotula.
Le tla hatakela mehloaare empa le ke ke la sebelisa oli ea eona.
Le tla etsa veine e ncha empa le ke ke la noa veine.+
16 Le mamela melao ea Omri ebile le etsa lintho tseo litloholo tsa Akabe li li etsang.+
Le latela likeletso tsa bona.
Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore ha batho ba le bona ba tšohe
Ke be ke etse hore batho ba le some.+
Lichaba tse ling li tla le nyefola.”+
7 Ke hlomola pelo. Ke tšoana le motho
Eo ka mor’a hore ho bokelloe litholoana tsa lehlabula
Le eo ka mor’a hore ho thonakoe morara o setseng ka mor’a hore ho kotuloe,
A sa fumaneng morara oo a ka o jang
Ebile a sa fumane le feie* e monate eo a e lakatsang.
2 Ea tšepahalang o felisitsoe lefatšeng.
Ha ho na ea etsang lintho tse nepahetseng har’a batho.+
Kaofela ha bona baa ipata hore ba khaoletse batho, ba ba bolaee.+
E mong le e mong o tsoma ngoan’abo ka letlooa le huloang.
3 Ba tseba ho etsa lintho tse mpe.+
Khosana e batla ho fuoa limpho,
Moahloli o kopa moputso,+
Motho ea tummeng oa bua hore na o batla’ng+
Ebe ba tla ka maqheka ba le ’moho.
4 Ea molemo ho ba feta o joaloka meutloa,
Ea lokileng ka ho fetisisa har’a bona o kotsi ho feta lihlahla tse meutloa.
Letsatsi leo molebeli oa hao a buileng ka lona le letsatsi la hao la kahlolo
U ele hloko seo u se buang ho molekane oa hao.
Motho o hlouoa ke ba lelapa la hae.+
7 Empa ha e le ’na, ke tla lula ke letetse Jehova.+
Ke tla ba le mamello,* ke letele Molimo oa ka ea mpholosang.+
Molimo oa ka o tla nkutloa.+
8 Sera sa ka, u se ke oa ntšeha.
Le hoja ke oele, ke tla ema.
Le hoja ke lula lefifing, Jehova e tla ba leseli la ka.
Ke tla bo mamella ho fihlela a buella nyeoe ea ka ’me ke ahloloa ka toka.
O tla ntlisa leseling.
Ke tla bona kamoo a lokileng kateng.
10 Sera sa ka le sona se tla bona seo.
Ea ileng a re ho ’na: “O kae Jehova Molimo oa hao?”+
O tla hlajoa ke lihlong.
Ke tla sheba sera sa ka.
Se tla hatakeloa joaloka seretse seterateng.
11 E tla ba letsatsi la hore le hahe marako a lona a majoe.
Letsatsing leo, moeli oa naha ea lona o tla eketsoa.*
12 Letsatsing leo, ba tla tla ho lona
Ho tsoa Asiria le metseng ea Egepeta,
Ho tsoa Egepeta ho ea fihla Nokeng.*
Ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng le ho tloha thabeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.+
13 Naha e tla sala e se na baahi ka lebaka la batho ba lulang ho eona,
Ka lebaka la seo ba se entseng.*
14 Molimo, lisa batho ba hao ka lere la hao e leng mohlape oa hao,*+
O neng o lula o le moo morung har’a lifate tsa litholoana.
O ke o fule Bashane le Gileade+ joaloka mehleng ea khale.
16 Lichaba li tla bona ’me li hlajoe ke lihlong le hoja li le matla.+
Li tla beha matsoho melomong.
Litsebe tsa tsona li tla thibana.
17 Li tla nyeka lerole joaloka linoha,*+
Li tsoe libakeng tsa tsona tse sireletsehileng li thothomela joaloka lihahabi.
Li tla tla ho Jehova Molimo oa rona li tšohile
Ebile li mo tšaba.”+
18 Na o teng Molimo ea tšoanang le uena,
Ea tšoarelang liphoso le ea lebalang melato+ ea ba setseng ba sechaba sa Iseraele?+
19 O tla boela a re hauhele+ ’me a hlole* liphoso tsa rona joaloka lira.
U tla lahlela libe tsohle tsa bona botebong ba leoatle.+
20 U tla tšepahalla Jakobo,
U rate* Abrahama
Joalokaha u ikanne ho baholo-holo ba rona mehleng ea khale.+
Ke khutsufatso ea Mikaele (e bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”) kapa Mikaia (e bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Jehova?”).
Kapa: “liphula.”
Ka Seheberu: “tšollela.”
Kapa: “Meputso eohle ea hae ea botekatse.”
Kapa: “Ka tlung ea Afera.”
Ka Seheberu: “Matlo.”
Kapa mohlomong: “o seaparong.”
Kapa: “pitseng e kholo.”
Kapa: “litelu.”
Ka Seheberu: “Lihlooho.”
Kapa: “silevera.”
Kapa: “ba re ba tšepile Jehova.”
Ka Seheberu: “thaba ea Ntlo.”
Kapa: “libaka tse phahameng tse morung.”
Kapa: “Karolong e qetellang ea matsatsi.”
Kapa: “taelo.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “tsamaea ka lebitso la molimo oa sona.”
Ka Seheberu: “tsamaea ka lebitso la.”
Kapa: “nakong e fetileng.”
Kapa: “maloko.”
Kapa: “baeta-pele.”
Ka Seheberu: “bo letsohong la hao.”
Kapa: “ho ba mosa le ho rata motho ka ho sa feleng.” Ka Seheberu: “ho rata lerato le tšepahalang.”
Ka Seheberu: “la hao.”
Kapa: “Elang hloko molamu le ea o khethileng.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “hloekile.” Kapa: “ke se na molato.”
Kapa: “feiga.”
Kapa: “Ke tla leta ka mamello.”
Kapa mohlomong: “taelo e tla ba hole.”
E leng ea Eufrate.
Ka Seheberu: “Ka lebaka la litholoana tsa mesebetsi ea bona.”
Kapa: “lefa la hao.”
Kapa: “Li tla hloloa.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “hatakele.”
Kapa: “bontše lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.