HAGAI
1 Selemong sa bobeli Morena Dariuse* a le pusong, letsatsing la pele la khoeli ea botšelela, Jehova a fa moprofeta Hagai*+ molaetsa o eang ho ’musi oa Juda e leng Zorobabele+ mora oa Shalatiele le ho moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake, o reng:
2 “Jehova oa mabotho o itse: ‘Batho bana ba re: “Nako ea hore ntlo* ea Jehova e hahuoe* ha e e-s’o fihle.”’”+
3 Jehova a boela a fa moprofeta Hagai+ molaetsa o reng: 4 “Na ke nako ea hore le lule matlong a lona a khabisitsoeng ka mapolanka a matle, ha ntlo ea ka e le lithako?+ 5 Jehova oa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng. 6 Le jetse peo e ngata empa le kotula hanyenyane.+ Lea ja empa eseng ho fihlela le khotše. Le noa veine empa ha le na e lekaneng. Le apara liaparo empa ha ho ea futhumalang. Ea hiriloeng o tšela mokholo ka sepacheng se masoba.’
7 Jehova oa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng.’
8 ‘Nyolohelang thabeng ’me le tlise lifate tse renngoeng.+ Le hahe ntlo+ ea ka e tla nkhotsofatsa ’me ke tlotlisoe,’+ ke Jehova ea chong.
9 Jehova oa mabotho o re: ‘Le ne le lebeletse chai e ngata empa le kotutse hanyenyane. Ha le e tlisa ka tlung, ke ile ka e butsoella koana.+ Ka lebaka lefe? Hobane ntlo ea ka ke lithako empa e mong le e mong oa lona o ntse a ea holimo le tlase a hlokomela ntlo ea hae.+ 10 Kahoo, maholimo ha aa ka a fana ka phoka ea ’ona ’me lefatše ha lea ka la melisa letho. 11 Ka ’na ka etsa hore ho be le komello lefatšeng le lithabeng ’me ha e-ba le khaello ea lijo,* veine, oli le lijalo. Lona le liphoofolo tsa lona lea sotleha ’me le sehlela lefeela.’”
12 Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake+ le batho bohle ba mamela lentsoe la Jehova Molimo oa bona. Ba mamela le mantsoe a moprofeta Hagai hobane Jehova Molimo oa bona o ne a mo romme ’me ba tšosoa ke molaetsa oa Jehova.
13 Eaba Hagai moromuoa oa Jehova o bolella batho litaba ho ea kamoo Jehova a mo laetseng o re: “‘Ke na le lona,’+ ke Jehova ea chong.”
14 Eaba Jehova o susumetsa+ ’musi oa Juda+ e leng Zorobabele mora oa Shalatiele le moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake hammoho le batho bohle hore ba qale ho tsosolosa ntlo ea Jehova oa mabotho, Molimo oa bona.+ 15 Ba qalile ka letsatsi la bo24 la khoeli ea botšelela selemong sa bobeli sa puso ea Morena Dariuse.+
2 Ka letsatsi la bo21 khoeling ea bosupa, Jehova a re ho moprofeta Hagai:+ 2 “Ke kopa u botse Zorobabele+ ’musi oa Juda+ mora oa Shalatiele le moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake+ le sechaba kaofela u re: 3 ‘Ke mang har’a lona ea hopolang kamoo ntlo* ee e neng e le ntle kateng pele?+ Le bona e le joang hona joale? Na ee ha se letho ha e bapisoa le eo?’+
4 Jehova o re: ‘Empa joale e-ba sebete Zorobabele le uena moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake, u be sebete.
Le lona le be sebete batho ba ka+ ’me le sebetse,’ ke Jehova ea chong.
‘Hobane ke na le lona,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong. 5 ‘Hopolang ntho eo ke ileng ka le tšepisa eona ha le ne le tsoa Egepeta.+ Le hona joale ke ntse ke le tataisa ka moea oa ka,*+ le se ke la tšoha.’+
6 Jehova oa mabotho o re: ‘Haufinyane ke tla boela ke sisinye maholimo, lefatše, leoatle le moo ho ommeng.+
7 Ke tla sisinya lichaba tsohle ’me matlotlo* a lichaba tsohle a tla kena ka tlung ena.+ Ke tla etsa hore e hlomphehe, e be le seriti,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
8 ‘Silevera ke ea ka le khauta ke ea ka,’ ke Jehova oa mabotho ea chong.
9 ‘Ntlo ena e ncha e tla hlompheha ho feta ea pele,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
‘Ke tla le fa khotso ntlong ena,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong.”
10 Selemong sa bobeli sa puso ea Dariuse, ka letsatsi la bo24 la khoeli ea borobong, Jehova a bua le moprofeta Hagai+ a re: 11 “Jehova oa mabotho o re: ‘Ke kopa u botse baprista hore na Molao o re’ng tabeng ena:+ 12 “Haeba motho a beha nama e halalelang* lemenong la seaparo sa hae ’me lemeno la seaparo sa hae le thetsa bohobe, sechu, veine, oli kapa lijo tsa mofuta leha e le ofe, na li tla halalela?”’”
Baprista ba re: “Che!”
13 Joale Hagai a re: “Haeba motho ea sa hloekang ka lebaka la ho thetsa setopo, a thetsa e ’ngoe ea lintho tsena, na e tla silafala?”+
Eaba baprista ba re: “E tla silafala.”
14 Kahoo Hagai a re: “‘Sechaba sena le batho bana ba joalo,’ ke Jehova ea chong. ‘Mesebetsi eohle ea matsoho a bona e joalo ’me eng kapa eng eo ba e tlisang ka pel’a ka ha ea hloeka.
15 Empa kea le kopa, ho tloha letsatsing lena ho ea pele, nahanisisang ka se ileng sa etsahala pele ho qaloa ho tsosolosoa tempele ea Jehova.+ 16 Ho ne ho le joang? Ha motho a fihla qubung ea lijo* a lebeletse ho fumana mekotla e 20, o ne a fumana e leshome feela. Ha e mong a tla moo ho tlhotletsoeng veine ho tlatsa linkho tse 50, o ne a tlatsa tse 20 feela.+ 17 Ke ile ka senya lijalo e leng mesebetsi eohle ea matsoho a lona. Ka li otla ka komello, phori*+ le ka sefako empa ha ho le ea mong oa lona ea ileng a khutlela ho ’na,’ ke Jehova ea chong.
18 ‘Ke kopa le tle le hlokomele hore na ho tla etsahala’ng ho tloha letsatsing lena ho ea pele, letsatsing la bo24 la khoeli ea borobong ha ho behoa motheo oa tempele ea Jehova.+ Le hlokomele taba ena: 19 Ha ho sa na peo ka setorong.*+ Sefate sa morara, sa feie,* sa likharenate le sa mohloaare ha li e-s’o behe. Empa ho tloha letsatsing lena ke tla le hlohonolofatsa.’”+
20 Ka letsatsi la bo24 la khoeli, Jehova a bua le Hagai ka lekhetlo la bobeli a re:+ 21 “E-re ho Zorobabele ’musi oa Juda: ‘Ke tla sisinya maholimo le lefatše.+ 22 Ke tla liha terone ea mebuso le ho felisa matla a mebuso ea lichaba.+ Ke tla phethola kariki le bapalami ba eona ’me lipere tsohle li tla shoa le bapalami ba tsona kaofela ba tla bolaeana ka lisabole.’”+
23 “Jehova oa mabotho o re: ‘Ka letsatsi leo, ke tla u bitsa, uena mohlanka oa ka Zorobabele+ mora oa Shalatiele,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla etsa hore u be joaloka reng e tempang* hobane ke uena eo ke mo khethileng,’ ke Jehova oa mabotho ea chong.”
Dariuse I kapa Dariuse e Moholo
E bolelang “Ea Hlahileng Nakong ea Mokete.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “hahuoe hape.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “tempele.”
Kapa mohlomong: “leha moea oa ka o ne o le har’a lona.”
Kapa: “lintho tse lakatsehang tsa.”
Nama e halalelang e ne e le nama eo motho a fanang ka eona e le sehlabelo.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sekoting se tšelang lijo-thollo.”
Kapa: “feiga.”
Ho bolela hore Jehova o tla ’ne a sebelise Zorobabele ho phetha morero oa Hae.