ZAKARIA
1 Ka khoeli ea borobeli selemong sa bobeli sa puso ea Dariuse,+ Jehova o ile a bua le moprofeta Zakaria*+ mora oa Berekia mora oa Ido a re: 2 “ ’Na Jehova, ke ile ka halefela bo-ntate ba lona haholo.+
3 E-re ho sechaba, ‘Jehova oa mabotho o re: “‘Khutlelang ho ’na,’ ke Jehova oa mabotho ea chong, ‘ke tla khutlela ho lona,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong.”’
4 ‘Le se ke la tšoana le bo-ntate ba lona, bao baprofeta ba pele ba ileng ba re ho bona: “Jehova oa mabotho o re, ‘Ke kopa le tlohele lintho tse mpe tseo le li etsang le liketso tsa lona tse khopo.’”’+
‘Empa ha baa ka ba ’mamela ebile ha baa ka ba utloa mantsoe a ka,’+ ke Jehova ea chong.
5 ‘Joale ba hokae bo-ntate ba lona? Na baprofeta bao ba ntse ba phela? 6 Ke ile ka fa bo-ntate ba lona melao hore ba e mamele, ka romela bahlanka ba ka e leng baprofeta hore ba ba bolelle se tl’o etsahala haeba ba sa mamele melao eo. Na lintho tseo tsohle ha lia ka tsa fela tsa ba etsahalla?’+ Kahoo, ba ile ba khutlela ho ’na ’me ba re: ‘Jehova oa mabotho o entse seo a neng a se rerile ka rona ka lebaka la lintho tseo re li entseng.’”+
7 Ka letsatsi la bo24 la khoeli ea bo11 e leng khoeli ea Shebate,* selemong sa bobeli sa puso ea Dariuse,+ Jehova a etsa hore* moprofeta Zakaria mora oa Berekia mora oa Ido a bone pono eaba Zakaria o re: 8 “Ke ile ka bona pono bosiu. Ho ne ho e-na le monna ea palameng pere e khubelu a eme a sa sisinyehe har’a lifate tsa mirte ka har’a khohlo. Ka mor’a hae ho ne ho e-na le lipere tse khubelu, tse bosootho bo bofubelu le tse tšoeu.”
9 Ka re ho lengeloi le neng le bua le ’na: “Ke bo-mang baa moren’a ka?”
La re: “Ke tla u bontša hore na ke bo-mang.”
10 Monna ea neng a eme a sa sisinyehe har’a lifate tsa mirte a re: “Bana ke bao Jehova a ba rometseng hore ba tsamaee hohle lefatšeng.” 11 Ba re ho lengeloi la Jehova le neng le eme har’a lifate tsa mirte: “Re tsamaile hohle lefatšeng. Lefatše lohle le khutsitse ebile le na le khotso.”+
12 Lengeloi la Jehova la re: “Jehova oa mabotho, u tla nka nako e kae u sa hauhele Jerusalema le metse ea Juda,+ eo u e halefetseng ka lilemo tsee tse 70?”+
13 Jehova a araba lengeloi le neng le bua le ’na ka mosa le ka mantsoe a tšelisang. 14 Lengeloi le neng le bua le ’na la re ho ’na: “Hoeletsa o re, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke tla loanela Jerusalema le Sione. Ke tla li loanela ka pelo eohle ea ka.+ 15 Lichaba tse nahanang hore li sireletsehile ke li halefetse haholo+ hobane ke ne ke halefetse batho ba ka hanyenyane+ empa lichaba tseo tsona li ba utloisitse bohloko haholo.”’+
16 Ka lebaka leo, Jehova o re: ‘“Ke tla hauhela Jerusalema hape+ ’me ntlo ea ka e tla hahoa teng.+ Jerusalema e tla lekanngoa ka khoele e lekanyang,” ke Jehova oa mabotho ea chong.’+
17 Hoeletsa hape o re, ‘Jehova oa mabotho o re: “Metse ea ka e tla boela e be le lintho tse ngata tse molemo. Jehova o tla tšelisa Sione+ hape a be a khethe Jerusalema hape.”’”+
18 Ka sheba holimo eaba ke bona manaka a mane.+ 19 Ka botsa lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Lintho tsee ke’ng?” La re: “Ana ke manaka a qhalakantseng Juda,+ Iseraele+ le Jerusalema.”+
20 Ka mor’a moo, Jehova a mpontša batho ba bane ba tsebang mosebetsi oa matsoho. 21 Ka botsa ka re: “Ba tlil’o etsa’ng?”
A re: “Ana ke manaka a qhalakantseng Juda hoo ho sa kang ha e-ba le motho ea khonang ho phahamisa hlooho ea hae. Bana ba bang ba tla tla ba tl’o a tšosa, ba tl’o lahlela fatše manaka a lichaba tse ileng tsa phahamisa manaka a tsona ho hlasela naha ea Juda le ho e qhalakanya.”
2 Ka sheba holimo ’me ka bona monna ea tšoereng khoele e methang.+ 2 Ka mo botsa ka re: “U ea kae?”
A re ho ’na: “Ke e’o metha Jerusalema hore ke bone bophara le bolelele ba eona.”+
3 Lengeloi le neng le bua le ’na la tsamaea eaba lengeloi le leng lea tla ho tla kopana le lona. 4 La re ho lona: “Mathela ho mohlankana eane u re ho eena, ‘“Kaha ho tla ba le batho le liphoofolo tse ngata Jerusalema,+ batho ba tla lula ho eona+ e le motse o se nang marako. 5 Ke tla ba joaloka lebota la mollo le e pota-potileng.+ Khanya ea ka e tla tlala motseng oo,” ke Jehova ea chong.’”+
6 “Tloong! Potlakang! Balehang naheng ea leboea,”+ ke Jehova ea chong.
“Kaha ke le hasantse hohle lefatšeng,”+ ke Jehova ea chong.
7 “Tloong lona batho ba Sione. Balehang, lona ba lulang Babilona.*+ 8 Jehova oa mabotho, eo ka mor’a hore a tlotlisoe a ileng a nthomela ho lichaba tse neng li le nkela thepa ea lona,+ o re: ‘Mang kapa mang ea le thetsang o thetsa thaka ea leihlo la ka.*+ 9 Ke tla ba phahamisetsa letsoho ebile makhoba a bona a tla ba nkela thepa.’+ Le tla tseba hore Jehova oa mabotho ke eena ea nthomileng.
10 Jehova o re, “Hoeletsang le thabile lona batho ba Sione*+ hobane kea tla+ ’me ke tl’o lula le lona.+ 11 Letsatsing leo, lichaba tse ngata li tla ba ka lehlakoreng la ka,+ e be batho ba ka. ’Na Jehova ke tla lula le lona batho ba Sione.” Le tla tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lona. 12 Jehova o tla nka naha ea Juda hore ebe lefa la hae sebakeng se halalelang ’me o tla khetha Jerusalema hape.+ 13 Khutsang ka pel’a Jehova lona batho bohle hobane o tla a tsoa sebakeng seo a lulang ho sona se halalelang ho tla phetha seo a se rerileng.
3 A mpontša Joshua+ moprista ea phahameng a eme ka pel’a lengeloi la Jehova ’me Satane+ a eme ka letsohong la hae le letona hore a mo hanyetse. 2 Lengeloi la Jehova la re ho Satane: “Satane, e se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.+ E se eka Jehova ea khethileng Jerusalema+ a ka u khalemela ka matla. Na Joshua ha se palo* e tukang e tlositsoeng mollong?”
3 Joshua o ne a apere liaparo tse litšila, a eme ka pel’a lengeloi. 4 Lengeloi la re ho ba emeng ka pel’a lona, “Mo hloboliseng liaparo tseo tse litšila.” Ka mor’a moo, la re ho eena, “Ke tlositse phoso* ea hao ’me u tla apesoa liaparo tse ntle.”*+
5 Ka re: “Ha a roesoe tuku e hloekileng hloohong.”+ Ba mo roesa tuku e hloekileng ’me ba mo apesa liaparo. Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi. 6 Ka mor’a moo, lengeloi la Jehova la re ho Joshua: 7 “Jehova oa mabotho o re, ‘Haeba o tla tsamaea litseleng tsa ka le ho etsa mesebetsi eo ke u fileng eona, u tla ba moahloli ntlong ea ka+ ’me u tla hlokomela* mabala a ka. Ke tla u lumella hore u nkatamele ka bolokolohi joaloka bana ba emeng mona.’
8 ‘Moprista ea phahameng Joshua, ke kopa u mamele, uena le baprista ba lulang ka pel’a hao hobane le pontšo ea se tl’o etsahala. Ke tlisa mohlanka oa ka ea+ bitsoang Lehlomela.+ 9 Bona lejoe leo ke le behileng ka pel’a Joshua. Holim’a lejoe le leng ho na le mahlo a supileng. Ke fata mongolo holim’a lona ’me ke tla tlosa molato oa naha eo ka letsatsi le le leng,’ ke Jehova oa mabotho ea chong.+
10 Jehova oa mabotho o re, ‘Letsatsing leo, e mong le e mong oa lona o tla bitsa moahisani oa hae hore a tl’o lula ka tlas’a sefate sa hae sa morara le sa lifeie.’”+
4 Lengeloi le neng le ntse le bua le ’na la khutla ’me la ntsosa joalokaha eka ke ne ke robetse. 2 La re ho ’na: “U bona’ng?”
Ka re: “Ke bona seluloana sa lebone se entsoeng ka khauta,+ holim’a sona ho na le sekotlolo le mabone a supileng+ ’me mabone ao a holim’a sona a na le liphaephe tse supileng. 3 Pel’a sona ho na le lifate tse peli tsa mohloaare,+ se seng se ka lehlakoreng le letona la sekotlolo ’me se seng se ka lehlakoreng le letšehali.”
4 Ka botsa lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Lintho tsee li emela’ng moren’a ka?” 5 Lengeloi leo la re: “Na ha u tsebe hore na lintho tsee li emela’ng?”
Ka re: “Ha ke tsebe moren’a ka.”
6 La re ho ’na: “Jehova o re ho Zorobabele: ‘“Lintho tsena tsohle li ke ke tsa etsahala ka lebotho la sesole kapa ka matla a batho+ empa li tla etsahala ka moea oa ka,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong. 7 U mang uena thaba e kholo? Zorobabele+ o tl’o etsa hore u be thota feela.+ O tla tlisa lejoe le holimo har’a batho ba ntseng ba hoeletsa ba re: “Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!”’”
8 Jehova a boela a re ho ’na: 9 “Zorobabele o entse motheo oa ntlo ena+ ’me ke eena ea tla e qetella.+ Le tla tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lona. 10 Ke mang ea khellang fatše letsatsi leo ka lona lintho li qalileng li le nyenyane?+ Batho ba tla thaba ha ba bona Zorobabele a tšoere khoele e methang.* Mahlo ana a supileng a shebileng lefatšeng lohle, ke a Jehova.”+
11 Ka mor’a moo ka re: “Lifate tsee tse peli tsa mohloaare tse ka lehlakoreng le letona le le letšehali la seluloana sa lebone, li emela’ng?”+ 12 Ka mo botsa ka lekhetlo la bobeli ka re: “Makala* aa a mabeli a lifate tsa mohloaare a ntšang oli ea khauta ka liphaephe tsa khauta tse peli, a emela’ng?”
13 La mpotsa la re: “Na ha u tsebe hore na lintho tsee li emela’ng?”
Ka re: “Ha ke tsebe moren’a ka.”
14 Eaba le re: “Lintho tsena li emela batlotsuoa ba babeli ba emeng pel’a Morena oa lefatše lohle.”+
5 Ka boela ka sheba holimo ’me ka bona moqolo o fofang. 2 Lengeloi la mpotsa la re: “U bona’ng?”
Ka re: “Ke bona moqolo o fofang, o bolelele ba limithara tse ka bang robong* le bophara ba limithara tse ka bang ’nè le halofo.”
3 La re ho ’na: “Ena ke thohako e eang lefatšeng lohle hobane ka lehlakoreng le leng la moqolo oo ho ngotsoe batho bohle ba utsoang+ empa ba sa fuoa kotlo. Ka lehlakoreng le leng ho ngotsoe batho bohle ba etsang likano+ empa ba sa fuoa kotlo. 4 Jehova oa mabotho o re, ‘Ke u rometse ’me u tla kena ntlong ea lesholu le ntlong ea motho ea etsang kano ea leshano ka lebitso la ka. U tla lula ntlong eo, u e felise u be u felise mapolanka le majoe a eona.’”
5 Lengeloi le neng le bua le ’na la tla ho ’na la re: “Ke kopa u shebe holimo u bone hore na ho tsoa’ng.”
6 Ka le botsa ka re: “Ke eng?”
Eaba le re: “Ntho eo e tsoang ke nkho e lekanyang.”* La boela la re: “Ena ke tsela eo batho bohle ba khopo lefatšeng ba shebahalang ka eona.” 7 Ke ile ka bona sekoahelo se selika-likoe sa loto se phahamisoa ’me ho ne ho e-na le mosali ea lutseng ka har’a nkho eo. 8 La re: “Mosali enoa o bitsoa Bokhopo.” Eaba o mo khutlisetsa ka har’a nkho e lekanyang. Ka mor’a moo, a e koahela ka sekoahelo se boima sa loto.
9 Ka sheba holimo eaba ke bona ho tla basali ba babeli, ba fofa moeeng. Ba ne ba e-na le mapheo a kang a mokotatsie eaba ba nyollela nkho eo sepaka-pakeng. 10 Ka botsa lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Ba isa nkho eo hokae?”
11 La re: “Ba e isa naheng ea Shinare*+ hore ba e’o mo hahela ntlo. Ha e se e lokisitsoe, o tla behoa moo sebakeng sa hae se mo loketseng.”
6 Ka sheba holimo hape eaba ke bona likariki tsa ntoa tse ’nè li hlaha pakeng tsa lithaba tse peli. Lithaba tseo e ne e le tsa koporo. 2 Kariki ea pele e ne e huloa ke lipere tse khubelu, ea bobeli e huloa ke tse ntšo.+ 3 Kariki ea boraro e ne e huloa ke lipere tse tšoeu ’me kariki ea bone e huloa ke tse matheba le tse mebala-bala.+
4 Ka botsa lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Lintho tsee li emela’ng moren’a ka?”
5 La nkaraba la re: “Li emela libopuoa tse ’nè+ tsa leholimo tse tsoang ka mor’a hore li eme ka pel’a Morena oa lefatše lohle.+ 6 Kariki e huloang ke lipere tse ntšo e ea naheng ea leboea.+ Tse tšoeu li ea ka nģ’ane ho leoatle ’me tse matheba li ea naheng ea boroa. 7 Tse mebala-bala li ne li batla ho tsoa li e’o tsamaea hohle lefatšeng.” Eaba le re: “E-eang, le tsamaee hohle lefatšeng.” Kahoo, tsa tsamaea hohle lefatšeng.
8 La mpitsa la re: “Lipere tse eang naheng ea leboea li entse hore Jehova a se ke a halefela naha eo.”*
9 Jehova a boela a bua le ’na a re: 10 “Nkela Heldai, Tobija le Jedaia lintho tseo ba tlileng le tsona ho tsoa ho batho ba botlamuoeng. Letsatsing leo, u ee ntlong ea Josiase mora oa Sofonia le batho bana ba tsoang Babilona. 11 U nke silevera le khauta, u etse korone* ’me u e roese moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake. 12 U re ho eena,
‘Jehova oa mabotho o re: “Monna ea bitsoang Lehlomela ke enoa.+ O tla hlaha sebakeng sa hae ’me a hahe tempele ea Jehova.+ 13 Ke eena ea tla haha tempele ea Jehova ebile ke eena ea tla hlompheha. O tla lula teroneng ea hae a buse, hape e tla ba moprista.+ O tla etsa mesebetsi eo e ’meli* ka tsela e tla etsa hore ho be le khotso. 14 Korone* eo e tla lula tempeleng ea Jehova e le sehopotso sa Heleme, Tobija, Jedaia+ le Hene mora oa Sofonia. 15 Batho ba tla tloha hole ba tl’o thusa ho haha tempele ea Jehova.” Le tla tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lona. Lintho tsena li tla etsahala haeba le ka mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona.’”
7 Ka selemo sa bone sa puso ea Morena Dariuse, Jehova a bua le Zakaria+ ka letsatsi la bone la khoeli ea borobong e leng khoeli ea Kisleve.* 2 Batho ba Bethele ba roma Sharezere, Regeme-meleke le banna ba hae hore ba e’o kopa Jehova hore a ba hauhele, 3 eaba ba re ho baprista ba ntlo* ea Jehova oa mabotho le ho baprofeta: “Na re lle ka khoeli ea bohlano+ re be re itime lijo joalokaha re entse ka lilemo tse ngata?”
4 Jehova oa mabotho a boela a bua le ’na a re: 5 “Bua le batho bohle naheng le baprista o re, ‘Ha le ne le itima lijo ebile le lla ka khoeli ea bohlano le ka khoeli ea bosupa+ ka lilemo tse 70,+ na le ne le hlile le etsetsa ’na? 6 Ha le ne le ja ebile le noa, na le ne le sa etsetse ho ithabisa? 7 Na ha lea lokela ho mamela mantsoe a Jehova ao a a buileng a sebelisa baprofeta ba pele,+ ha Jerusalema le metse e haufi le eona e ne e e-na le baahi ebile e e-na le khotso le ha Negebe le Shefela li ne li e-na le baahi?’”
8 Jehova a boela a bua le ’na Zakaria a re: 9 “Jehova oa mabotho o re, ‘Ahlolang ka toka,+ le ratane+ le be le hauhelane. 10 Le se ke la etsetsa mohlolohali bolotsana kapa khutsana,*+ molichaba+ kapa mofutsana.+ Le se ke la rerelana bokhopo.’+ 11 Empa ba ’na ba hana ho mamela,+ ba ba manganga+ ’me ba ithiba litsebe hore ba se ke ba utloa.+ 12 Ba ile ba etsa hore lipelo tsa bona li be thata joaloka taemane*+ ’me ba hana ho mamela molao* le mantsoe ao Jehova oa mabotho a ileng a a romela ka moea oa hae a sebelisa baprofeta ba pele.+ Kahoo, Jehova oa mabotho a halefa haholo.”+
13 “Jehova oa mabotho o re, ‘Joalokaha ba ne ba sa ’mamele ha ke ba bitsa,+ le ’na ke ne ke sa ba mamele ha ba mpitsa.+ 14 Ke ile ka ba hasanyetsa lichabeng tsohle tseo ba neng ba sa li tsebe ka moea oa sefefo+ eaba naha e sala e se na baahi, ho se na motho ea fetang kapa ea khutlang.+ Ba ne ba fetotse naha e ntle ntho e tšosang.’”
8 Jehova oa mabotho a boela a bua le ’na a re: 2 “Jehova oa mabotho o re, ‘Ke ikemiselitse ho loanela Sione,+ ke ikemiselitse ho e loanela ke halefile haholo.’”
3 “Jehova o re, ‘Ke tla khutlela Sione+ ’me ke lule Jerusalema.+ Jerusalema e tla bitsoa motse oa ’nete*+ le thaba ea Jehova oa mabotho e tla bitsoa thaba e halalelang.’”+
4 “Jehova oa mabotho o re, ‘Banna-baholo le basali-baholo ba tla lula mabaleng a Jerusalema hape, kaofela ba tšoere melamu ea bona hobane ba se ba tsofetse.+ 5 Bashanyana le banana ba tla tlala mabaleng a motse, ba bapalle ho ’ona.’”+
6 “Jehova oa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, le hoja ho batho ba setseng ba sechaba sena ho ka bonahala eka ho ke ke ha khoneha, na le ho ’na ho tla bonahala eka ho ke ke ha khoneha?’ ke Jehova oa mabotho ea chong.”
7 “Jehova oa mabotho o re, ‘Ke pholosa batho ba ka linaheng tse ka bochabela le tse ka bophirimela.*+ 8 Ke tla ba tlisa Jerusalema ’me ba tla lula teng.+ E tla ba batho ba ka ’me ’na ke tla ba Molimo oa bona+ ea tšepahalang* le ea lokileng.’”
9 “Jehova oa mabotho o re, ‘Le be sebete ’me le be matla,+ lona ba utloang mantsoe ana ho tsoa ho baprofeta+ e leng mantsoe a ileng a buuoa letsatsing leo motheo oa ntlo ea Jehova oa mabotho o neng o behoa hore ho hahoe tempele. 10 Pele ho nako eo, liphoofolo le batho ba ne ba sebetsa empa ba ne ba sa fumane moputso.+ Ho ne ho le kotsi ho tsamaea ka lebaka la lira hobane ke ne ke entse hore batho bohle ba loantšane.’
11 Jehova oa mabotho o re, ‘Leha ho le joalo, batho ba setseng ba sechaba sena nke ke ka ba tšoara joaloka nakong e fetileng.+ 12 Ba tla jala peo ea khotso. Sefate sa morara se tla hlahisa litholoana tsa sona, lefatše le hlahise lijalo+ le maholimo a fane ka phoka. Ke tla etsa hore batho ba setseng ba sechaba sena ba fumane lintho tsena tsohle e le lefa la bona.+ 13 Lona batho ba Juda le batho ba Iseraele joalokaha lichaba li ne li sebelisa lebitso la lona ha li rohaka ntho e itseng,+ ke tla le pholosa ’me li tla sebelisa lebitso la lona ha li hlohonolofatsa ntho e itseng.+ Le se ke la tšoha.+ Le be sebete ’me le be matla.’+
14 Jehova oa mabotho o re, ‘“Qalong ke ne ke ikemiselitse ho le tlisetsa tlokotsi hobane baholo-holo ba lona ba ne ba nkhalefisitse ebile ke ne ke sa ikoahlaee ka seo,” ke Jehova oa mabotho ea chong.+ 15 “Lekhetlong lena ke ikemiselitse ho etsetsa Jerusalema le batho ba Juda lintho tse molemo.+ Le se ke la tšoha.”’+
16 ‘Le lokela ho etsa lintho tsena: Le bolellane ’nete.+ Le ahlole ka toka likeiting tsa lona ’me le etse hore ho be le khotso.+ 17 Le se ke la rerelana bolotsana ka lipelong tsa lona+ le be le tlohele* ho etsa likano tsa leshano+ hobane lintho tsena tsohle ke li hloile,’+ ke Jehova ea chong.”
18 Jehova oa mabotho a boela a bua le ’na a re: 19 “Jehova oa mabotho o re, ‘Linako tsa ho itima lijo tseo le bang le tsona ka khoeli ea bone,+ ka khoeli ea bohlano,+ ka khoeli ea bosupa+ le ka khoeli ea leshome+ e tla ba linako tse monate le tsa ho thaba ho batho ba Juda, e tla ba mekete e thabisang.+ Kahoo le rate ’nete le khotso.’
20 Jehova oa mabotho o re, ‘Ho tla fihla nako eo ka eona batho le baahi ba metse e mengata ba tla tla sebakeng sena. 21 Baahi ba motse o mong ba tla ea ho ba motse o mong ba re: “A re eeng re e’o kopa hore Jehova a re hauhele ’me re sebeletse Jehova oa mabotho. Le rona rea ea.”+ 22 Batho ba bangata le lichaba tse matla li tla tla Jerusalema li tl’o sebeletsa Jehova oa mabotho+ le ho tla kopa hore Jehova a li hauhele.’
23 Jehova oa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba+ ba tla tšoara seaparo* se selelele sa Mojuda,* ba tla etsa bonnete ba hore baa se tšoara ’me ba re: “Re batla ho tsamaea le lona+ hobane re utloile hore Molimo o na le lona.”’”+
9 Phatlalatso e tsoang ho Molimo:
“Ona ke molaetsa oa Jehova o ahlolang naha ea Hadrake
Hape o lebisitsoe ho Damaseka+
Hobane Jehova o sheba batho bohle+
Le meloko eohle ea Iseraele
3 Tire e ikahetse lerako* hore e itšireletse.
E bokeletse silevera joaloka lerole
Le khauta joalo ka matlakala a literateng.+
4 Jehova o tla e nkela thepa ea eona,
O tla lahlela masole a eona leoatleng+
’Me e tla chesoa ke mollo.+
5 Ashkelone e tla bona seo ’me e tšohe.
Gaza e tla utloa bohloko haholo,
Ekrone le eona e tla utloa bohloko hobane seo e se tšepileng se hlabisitsoe lihlong.
Morena o tla felisoa Gaza
’Me Ashkelone e ke ke ea e-ba le baahi.+
6 Molichaba* o tla lula Ashdode.
Ke tla etsa hore Mofilista a se ke a hlola a ikhohomosa.+
7 Ke tla ntša lintho tse nang le mali molomong oa Mofilista
Le lintho tse nyonyehang pakeng tsa meno a hae
’Me ea salang e tla ba oa Molimo oa rona.
8 Ke tla ema* ka ntle ho ntlo ea ka+
Hore ke e lebele e le hore ho se ke ha e-ba le ea kenang kapa ea tsoang.
9 Thaba haholo uena morali oa Sione.
Hoeletsa u thabile hobane u hlotse uena morali oa Jerusalema.
Morena oa hao o tla ho uena.+
10 Ke tla nkela Efraime kariki ea hae ea ntoa,
Ke nkele Jerusalema pere ea hae.
Ho ke ke ha hlola ho e-ba le seqha sa ntoa.
Morena oa hao o tla phatlalatsa khotso lichabeng.+
O tla busa ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng
11 Ha e le uena mosali,* ke tla ntša batšoaruoa ba hao ka sekoting se se nang metsi+
Ka lebaka la mali a selekane sa hao.
12 Khutlelang sebakeng se sirelelitsoeng ka thata, lona batšoaruoa ba nang le tšepo.+
Kajeno kea u bolella Sione,
‘Ke tla u fa tlhohonolofatso e imenneng habeli.+
Sione, ke tla tsosa bara ba hao
Hore ba hlasele bara ba Greece
Ebile ke tla etsa hore u be joaloka sabole ea monna ea matla.’
14 Jehova o tla bontša ka ho hlaka hore o na le batho ba hae.
Motsu oa hae o tla tsoa joalo ka lehalima.
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla letsa lenaka+
Ebile o tla tsamaea ka sefefo sa boroa.
15 Jehova oa mabotho o tla ba loanela.
Lira li tla ba hlasela ka majoe a letjeketjane empa ba tla li hlola.+
Ba tla noa, ba be lerata joalokaha eka ba noa veine.
Ba tla tlala joaloka sekotlolo
Le joaloka lik’hona tsa aletare.+
Ba tla ba joaloka majoe a bohlokoa a korone a phatsimang holim’a mobu oa hae.+
Lijo le veine e ncha
Li tla etsa hore bahlankana le baroetsana ba be matla.”+
10 “Kopang Jehova hore a le fe pula nakong ea lipula tsa selemo.
2 Litšoantšo tsa terafime* li buile leshano.
Linohe li bone pono ea leshano.*
Li bua ka litoro tse se nang thuso
Le likhothatso tsa tsona ha li na molemo.
Ke ka lebaka leo sechaba se tla lelera joaloka linku.
Se tla sotleha hobane ha ho na molisa.
3 Ke halefetse balisa haholo
Ebile ke tla etsa hore baeta-pele* ba hatellang batho ba bang ba ikarabelle.
Jehova oa mabotho o hopotse mohlape oa hae+ e leng batho ba Juda.
O entse hore ba be joaloka pere ea hae e hlomphehang ntoeng.
4 Ho bona ho tsoa monna oa bohlokoa.*
’Musi* o tsoa ho bona,
Seqha sa ntoa se tsoa ho bona.
Molebeli* e mong le e mong o tsoa ho bona, kaofela ba tsoa ho bona.
5 Ba tla ba joaloka banna ba matla,
Ba hatakelang seretse sa literata ntoeng.
Ba tla ea ntoeng hobane Jehova o na le bona.+
Bapalami ba lipere ba tla hlajoa ke lihlong.+
Ke tla ba khutlisetsa naheng ea bona
Hobane ke tla ba hauhela.+
E tla ba joalokaha eka ha kea ka ka ba lahla.+
Ke ’na Jehova Molimo oa bona ’me ke tla ba araba.
7 Batho ba Efraime ba tla ba joaloka monna ea matla,
Ba tla thaba joalokaha eka ba thabisoa ke ho noa veine.+
Bana ba bona ba tla bona sena ’me ba thabe.
Lipelo tsa bona li tla thaba ka lebaka la seo ’na Jehova ke se entseng.+
8 ‘Ke tla ba letsetsa mololi ’me ke ba phuthe.
Ke tla ba lopolla+ ’me ba tla ba bangata
Ebile ba tla lula ba eketseha.
9 Le hoja ke ba hasanya joaloka peo har’a lichaba,
Ba tla nkhopola ba le libakeng tse hole.
Bona le bara ba bona ba tla boela ba be le matla ’me ba khutle.
10 Ke tla ba khutlisa naheng ea Egepeta
Ebile ke tla ba phutha ho tsoa Asiria,+
Ke ba tlise naheng ea Gileade+ le ea Lebanone.
Sebaka seo le sona se ke ke sa ba lekana.+
Metsi ’ohle a Nile a tla psha.
Ke tla kokobetsa Asiria e ikhohomosang.
Matla* a Egepeta a ho busa a tla fela.+
12 ’Na Jehova ke tla etsa hore ba be matla.+
Ba tla phela ka tsela e tlotlisang lebitso la ka,’+ ke Jehova ea chong.”
11 “Bula mamati a hao, uena Lebanone
E le hore mollo o ka chesa lifate tsa hao tsa kedare.
2 Llang lona lifate tsa junipere hobane lifate tsa kedare li oele.
Lifate tse hlomphehang li sentsoe.
Llang lona lifate tsa ouku* tsa Bashane
Hobane moru o teteaneng o oele.
3 Utloang sello sa balisa
Hobane khanya ea bona e felile.
Utloang ha litaoana li puruma
Hobane mahlaka a teteaneng a haufi le Jordane a sentsoe.
4 Jehova Molimo oa ka o re, ‘Lisa mohlape o tl’o bolaoa,+ 5 oo batho ba o rekang ba o bolaeang+ empa ba sa nkoe ba le molato. Ba o rekisang+ ba re, “Jehova a ke a rorisoe hobane ke tla ba morui.” Balisa ba oona ha ba o qenehele ho hang.’+
6 Jehova o re, ‘Nke ke ka hlola ke qenehela baahi ba naha ena. Ke tla etsa hore e mong le e mong a hatelloe ke moahisani oa hae le morena oa hae. Ba tla felisa naha ena ’me nke ke ka ba pholosa ho bona.’”
7 Ke ile ka lisa mohlape o neng o tl’o bolaoa, molemong oa lona,+ lona ba utloileng bohloko har’a mohlape. Kahoo, ka nka melamu e ’meli, o mong ka o bitsa Mohau ’me o mong ka o bitsa Kopano+ eaba ke lisa mohlape oo. 8 Ka leleka balisa ba bararo ka khoeli e le ’ngoe hobane ke ile ka ba fella pelo ’me le bona ba ne ba ntlhoile. 9 Ka re: “Nke ke ka lula ke le lisitse. Ea shoang a ke a shoe. Ea bolaoang a ke a bolaoe. Ba setseng ba ke ba harolane.” 10 Ka nka molamu oa ka o bitsoang Mohau+ ka o roba e le ha ke roba selekane seo ke se entseng le batho bohle ba ka. 11 Sa robeha letsatsing lona leo. Ba utloileng bohloko har’a mohlape ba neng ba nchebile, ba tseba hore ke molaetsa o tsoang ho Jehova.
12 Ka re ho bona: “Mpheng moputso oa ka haeba le bona ho etsa joalo ho le molemo. Empa haeba ho se joalo, le se ke la mpha oona.” Ba mpatala* moputso oa ka oa likotoana tse 30 tsa silevera.+
13 Jehova a re ho ’na: “Chelete eo e nyenyane eo ba bonang e ntšoanetse,+ e lahlele ka har’a polokelo ea matlotlo.” Ka nka likotoana tseo tse 30 tsa silevera eaba ke li lahlela polokelong ea matlotlo ka tlung ea Jehova.+
14 Ka roba molamu oa ka oa bobeli o bitsoang Kopano+ e le ha ke felisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.+
15 Jehova a re ho ’na: “Nka lintho tse sebelisoang ke molisa ea se nang thuso.+ 16 Ke etsa hore ho hlahe molisa naheng ena. A ke ke a hlokomela linku tse shoang.+ A ke ke a batlana le likonyana tse lahlehileng kapa a folisa tse lemetseng+ kapa a fepa tse phetseng hantle. Ho e-na le hoo, o tla ja nama ea tse nonneng+ ebile o ntša litlhako tsa linku.+
O tla otloa ka sabole letsohong le leihlong la hae le letona.
Letsoho la hae le tla omella le leihlo la hae le letona le tla foufala.”*
12 Phatlalatso e tsoang ho Molimo:
“Ona ke molaetsa oa Jehova mabapi le Iseraele,” ke Jehova ea chong,
Ea otlolotseng maholimo,+
Ea ralileng motheo oa lefatše+
Le ea etselitseng motho phefumoloho.
2 “Ke etsa hore Jerusalema e be kopi* e etsang hore lichaba tsohle tse e potolohileng li thekesele. Motse oa Juda le oa Jerusalema o tla thibelloa.+ 3 Letsatsing leo, ke tla etsa hore Jerusalema e be lejoe le boima ho lichaba tsohle. Bohle ba le phahamisang ba tla lemala haholo.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla bokelloa hore li mo hlasele.”+ 4 Jehova o re, “Letsatsing leo, ke tla etsa hore pere e ’ngoe le e ’ngoe e tšohe le hore mopalami oa eona a hlanye. Ke tla lula ke shebile batho ba Juda empa ke tla etsa hore pere e ’ngoe le e ’ngoe ea lira tsa bona e foufale. 5 Baeta-pele ba Juda ba tla re ka lipelong tsa bona, ‘Baahi ba Jerusalema ba mpha matla ka lebaka la Jehova oa mabotho Molimo oa bona.’+ 6 Letsatsing leo, ke tla etsa hore baeta-pele ba Juda ba be joaloka mashala a tukang har’a patsi le joaloka lelakabe la mollo har’a mangata a koro.+ Ba tla chesa lichaba tsohle tse ba potolohileng ka lehlakoreng le letona le ka ho le letšehali.+ Baahi ba Jerusalema ba tla boela ba lule sebakeng sa bona e leng Jerusalema.+
7 Jehova o tla pholosa litente tsa Juda pele e le hore botle ba litloholo* tsa Davida le ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba e-ba boholo haholo ho feta ba Juda. 8 Letsatsing leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema.+ Letsatsing leo, ea khoptjoang* har’a bona o tla ba joaloka Davida ’me litloholo* tsa Davida li tla ba joaloka lengeloi la Jehova le ba tataisang.+ 9 Letsatsing leo, ke tla felisa lichaba tsohle tse hlaselang Jerusalema.+
10 Ke tla tšollela moea oa ka ho litloholo tsa Davida le ho baahi ba Jerusalema. Ke tla ba amohela ’me ba tla nketsetsa thapeli. Ba tla sheba eo ba mo hlabileng+ ’me ba mo llele joalokaha eka ba llela mora a le mong feela oa bona. Ba tla utloa bohloko haholo ka lebaka la hae joalokaha eka ba utloile bohloko ka lebaka la mora oa bona oa letsibolo. 11 Letsatsing leo, ho tla ba le sello se seholo Jerusalema, se joaloka sello sa Hadadrimone Thoteng ea Megido.+ 12 Naha e tla lla, lelapa le leng le le leng le tla lla le le leng. Lelapa la Davida le tla lla le le leng le basali ba lona ba lle ba le bang. Lelapa la Nathane+ le tla lla le le leng le basali ba lona ba lle ba le bang. 13 Lelapa la Levi+ le tla lla le le leng le basali ba lona ba lle ba le bang. Lelapa la Bashimei+ le tla lla le le leng le basali ba lona ba lle ba le bang. 14 Lelapa le leng le le leng ho malapa ’ohle a setseng le tla lla le le leng le basali ba ’ona ba tla lla ba le bang.
13 “Letsatsing leo, litloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla chekeloa seliba hore ba hloekisoe sebeng le liketsong tsa bona tse litšila.”+
2 Jehova oa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng ena+ ’me li ke ke tsa hlola li hopoloa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse lintho tse sa hloekang. 3 Haeba motho a ka boela a profeta, ntate oa hae le ’mè oa hae ba mo tsoetseng ba tla re ho eena, ‘U tla shoa hobane u buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntate oa hae le ’mè oa hae ba mo tsoetseng ba tla mo hlaba hobane a ile a profeta.+
4 Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla soabela lipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara liaparo tsa boea tse khethehileng+ e le hore ba thetse batho. 5 E mong le e mong oa bona o tla re, ‘ ’Na ha ke moprofeta. Ke molemi feela. Ke ile ka rekoa ke monna e mong ke sa le mocha.’ 6 Ha motho e mong a ka mo botsa a re, ‘Maqeba aa a pakeng tsa mahetla a hao* ke a eng?’ O tla re, ‘Ke ile ka otloa ka tlung ea metsoalle ea ka.’”*
7 Jehova oa mabotho o re, “Uena sabole, hlasela molisa oa ka,+
O hlasele motho eo ke tloaelaneng le eena.
Otla molisa,+ linku* li qhalane.+
Ke tla khalemela ba nkoang e se ba bohlokoa.”
8 Jehova o re, “Naheng eohle,
Batho ba bangata ba tla bolaoa ’me ba felisoe.
Ke ba ’maloa feela ba tla sala ho eona.
9 Ba setseng, ke tla ba fetisa mollong,
Ke ba hloekise joalokaha ho hloekisoa silevera
Ke be ke ba hlahlobe joalokaha ho hlahlojoa khauta.+
Ba tla bitsa lebitso la ka
’Me ke tla ba araba.
Ke tla re, ‘Ke batho ba ka,’+
Bona ba tla re, ‘Jehova ke Molimo oa rona.’”
14 “Letsatsi la Jehova lea tla ’me thepa ea lona eo le e nketsoeng* e tla aroloa ka pel’a lona. 2 Ke tla bokella lichaba tsohle hore li loantše Jerusalema. Motse o tla haptjoa, ho nkoe thepa ka matlung ’me basali ba betoe. Halofo ea batho ba motse e tla ea botlamuoeng empa ba setseng ba ke ke ba tlosoa motseng.
3 Jehova o tla loantša lichaba+ tseo joalokaha a loana letsatsing la ntoa.+ 4 Letsatsing leo, maoto a hae a tla ema holim’a Thaba ea Mehloaare,+ e shebileng ka bochabela ho Jerusalema. Thaba eo ea Mehloaare e tla aroloa ka lehare, ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirimela* ’me e tla etsa khohlo e kholo haholo. Halofo e ’ngoe ea thaba e tla ea ka leboea, e ’ngoe e ee ka boroa. 5 Le tla balehela khohlong ea lithaba tsa ka hobane khohlo ea lithaba e tla ba kholo ho ea fihla Azele. Le tla baleha, joalokaha le ile la baleha ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše mehleng ea Morena Uzia oa Juda.+ Jehova Molimo oa ka o tla tla ’me bahalaleli bohle ba tla be ba e-na le eena.+
6 Letsatsing leo, ho ke ke ha e-ba le khanya e phatsimang.+ Lintho li tla be li hatsetse.* 7 E tla ba letsatsi le tsejoang e le la Jehova.+ Ho ke ke ha e-ba le motšehare kapa bosiu, le mantsiboea ho tla ba le khanya. 8 Letsatsing leo, metsi a phelisang+ a tla phalla a tsoa Jerusalema.+ Halofo e ’ngoe ea ’ona e tla ea leoatleng le ka bochabela*+ ’me halofo e ’ngoe e ee leoatleng le ka bophirimela.*+ Sena se tla etsahala hlabula le mariha. 9 Jehova e tla ba Morena oa lefatše lohle.+ Letsatsing leo, Jehova e tla ba eena feela Molimo ea rapeloang+ ebile ho tla tlotlisoa lebitso la hae feela.+
10 Naha eohle e tla ba joaloka Araba,+ ho tloha Geba+ ho ea Rimone+ ka boroa ho Jerusalema. Jerusalema e tla phahamisoa sebakeng sa eona ’me batho ba tla lula ho eona,+ ho tloha Keiting ea Benjamine+ ho ea fihla sebakeng sa Keiti ea Pele, ho ea fihla K’honeng ea Keiti le ho tloha Toreng ea Hananiele+ ho ea fihla lihatelong tsa veine tsa morena. 11 Batho ba tla lula ho eona. Jerusalema e ke ke ea hlola e rohakoa hore e felisoe+ ’me batho ba tla lula ho eona ba sireletsehile.+
12 Bona ke boloetse boo Jehova a tla otla lichaba tsohle tse loantšang Jerusalema ka bona:+ Nama ea bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto, mahlo a bona a bolle ka har’a mekoti ea ’ona le maleme a bona a bolle ka melomong ea bona.
13 Letsatsing leo, Jehova o tla etsa hore ho be le pherekano e kholo har’a bona. E mong le e mong o tla tšoara letsoho la motsoalle oa hae ’me ba hlaselane.+ 14 Juda le eona e tla loana ntoeng ea Jerusalema. Maruo a lichaba tsohle tse haufi a tla bokelloa ka bongata e leng khauta, silevera le liaparo.+
15 Boloetse bo tšoanang le boo bo tla tšoara le lipere, limmoulo, likamele, litonki le liphoofolo tsohle tse litenteng tsa lira.
16 Bohle ba tla sala ho lichaba tsohle tse hlaselang Jerusalema, ba tla nyolohela Jerusalema selemo le selemo+ hore ba e’o rapela* Morena e leng Jehova oa mabotho+ le ho keteka Mokete oa Maphephe.*+ 17 Haeba motho leha e le ofe har’a lichaba tse lefatšeng a sa nyolohele Jerusalema ho ea rapela Morena e leng Jehova oa mabotho, sechaba seo se ke ke sa fumana pula.+ 18 Haeba batho ba Egepeta ba sa nyolohe ’me ba sa kene motseng, ba ke ke ba fumana pula. Ho e-na le hoo, Jehova o tla etsa hore ba tšoaroe ke boloetse bo tšoanang le boo a otlang lichaba tse sa eeng ho ea keteka Mokete oa Maphephe ka bona. 19 Ena ke kotlo ea sebe sa Egepeta le ea sebe sa lichaba tsohle tse sa eeng ho ea keteka Mokete oa Maphephe.
20 Letsatsing leo, mantsoe a reng, ‘Khalalelo ke ea Jehova,’+ a tla ngoloa litlelokong tsa lipere. Lipitsa*+ tse ka tlung ea Jehova li tla halalela joaloka likotlolo+ tse ka pel’a aletare. 21 Pitsa* e ’ngoe le e ’ngoe e Jerusalema le e Juda e tla ba ntho e halalelang ebile e tla ba ea Jehova oa mabotho. Bohle ba etsang mahlabelo ba tla kena ’me ba phehe ka tse ling tsa tsona. Letsatsing leo, ho ke ke ha hlola ho e-ba le Mokanana* ka tlung ea Jehova oa mabotho.”+
E bolelang “Jehova o Hopotse.”
Sheba Ntlha ea B15.
Ka Seheberu: “lentsoe la Jehova la tla ho.”
Ka Seheberu: “morali oa Babilona.”
Kapa: “o thetsa leihlo la ka.”
Ka Seheberu: “morali oa Sione.”
Kapa: “lefatsa.”
Kapa: “molato.”
Kapa: “tsa maemo.”
Kapa: “okamela; lebela.”
Ka Seheberu: “lejoe, lekotikoti.”
E leng makala a sefate a nang le litholoana.
Ka Seheberu: “bolelele ba litsoe tse 20 le bophara ba litsoe tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “efa,” mona ho buuoa ka nkho kapa baskete e sebelisetsoang ho lekanya efa. Efa e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.
E leng Babilonia.
Ka Seheberu: “hore moea oa Jehova o lule naheng ea leboea.”
Kapa: “korone e kholo.”
E leng ho ba ’musi le ho ba moprista.
Kapa: “Korone e kholo.”
Sheba Ntlha ea B15.
Kapa: “tempele.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
Kapa mohlomong: “lejoe le thata,” joaloka lejoe la emeri.
Kapa: “taelo.”
Kapa: “o tšepahalang.”
Kapa: “naheng ea bochaba-tsatsi le naheng ea bophirima-tsatsi.”
Kapa: “oa ’nete.”
Kapa: “le se ke la rata.”
Kapa: “mophetho oa seaparo.”
Kapa: “monna oa Mojuda.”
Kapa: “sebaka se sirelelitsoeng ka thata.”
Kapa: “Mora oa matšeo.”
Kapa: “hloma tente.”
Kapa: “motho ea fanang ka mosebetsi.”
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka bohloko ba batho ba hae.
Kapa: “o hlotse.”
Kapa: “tonki e tona.”
E leng ea Eufrate.
E leng Sione kapa Jerusalema.
Ka Seheberu: “hatakela.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Kapa: “lintho tse sa tloaelehang; boselamose.”
Ka Seheberu: “lipoli tse tona.”
Ka Seheberu: “tora e k’honeng,” ntho e tšoantšetsang monna oa bohlokoa; khosana.
Ka Seheberu: “Sepekere,” ntho e tšoantšetsang motho ea tšehetsang.
Kapa: “Motho ea fanang ka mosebetsi.”
Ka Seheberu: “Lere.”
Kapa: “tsa eike.”
Ka Seheberu: “ntekanyetsa.”
Ka Seheberu: “ba lerootho.”
Kapa: “sekotlolo.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Kapa: “ea fokolang.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Ka Seheberu: “pakeng tsa matsoho a hao?” E leng sefubeng kapa ka mokokotlong.
Kapa: “ba nthatang.”
Kapa: “mohlape.”
E leng motse oo ho buuoang ka oona temaneng ea bobeli.
Ka Seheberu: “leoatle.”
Kapa: “hoamme.”
E leng Leoatle le Shoeleng.
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa: “inamela.”
Kapa: “Lipitsa tse kholo.”
Kapa: “Pitsa e kholo.”
Kapa mohlomong: “motho ea rekisang.”