MALAKIA
1 Phatlalatso e tsoang ho Molimo:
Ona ke molaetsa oo Jehova a o fang Baiseraele a sebelisa Malakia:*
2 Jehova o re: “Ke le bontšitse hore kea le rata.”+
Empa lona le re: “U re bontšitse joang hore oa re rata?”
Jehova a re: “Na Esau ha se ngoan’abo Jakobo?+ Empa ke ne ke rata Jakobo 3 ’me ke hloile Esau.+ Ke ile ka etsa hore lithaba tsa hae li se ke tsa e-ba le letho+ ka ba ka siea lefa la hae le liphokojoe naheng.”+
4 Baedomo ba re, ‘Le hoja re felisitsoe, re tla khutla re lokise lintho tse sentsoeng.’ Empa Jehova oa mabotho o re, ‘Ha ba haha ke tla heletsa ’me ba tla bitsoa “naha ea bokhopo” le “batho bao Jehova a ba ahlotseng ka ho sa feleng.”+ 5 Le tla bona ka mahlo a lona ’me le tla re: “E se eka Jehova a ka rorisoa naheng ea Iseraele.”’
6 Jehova oa mabotho o re ho lona baprista ba sa hlompheng lebitso la hae: ‘Mora o hlompha ntate oa hae+ le mohlanka o hlompha monghali oa hae. Kahoo, haeba ke ntate,+ ke hobane’ng ha le sa ntlhomphe?+ Haeba ke monghali,* ke hobane’ng ha le sa hlomphe lebitso la ka?’*
Empa le re: “Ha rea hlompha lebitso la hao joang?”+
7 “Ka ho tlisa lijo* tse silafetseng aletareng ea ka.”
Empa le re: “Re u silafalitse joang?”
Ka hore le re: “Tafole* ea Jehova+ ke ntho e nyonyehang.” 8 Ha le tlisa phoofolo e foufetseng e le sehlabelo le re: “Ha re etse ntho e mpe.” Leha le tlisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang le ntse le re: “Ha re etse ntho e mpe.”+
Jehova oa mabotho o re: “Lekang ho li isa ho letona la lona le tle le bone hore na le tla le amohela kapa le le hauhele.”
9 Jehova oa mabotho o re: “Kopang Molimo hore a le hauhele. Na o tla le amohela le mo etsetsa mahlabelo a mofuta oo?”
10 Jehova oa mabotho o re: “Ha ho le ea mong ho lona ea batlang ho koala mamati*+ kapa ho khantša aletare ea ka a sa pataloe.+ Ha le nthabise ebile ha ke thabele nyehelo eo le ntlisetsang eona e le mpho.”+
11 Jehova oa mabotho o re: “Lebitso la ka le tla hlomphuoa lichabeng ho tloha bochabela ho ea bophirimela.+ Ho tla etsoa hore mahlabelo a kubelle ho be ho etsoe le linyehelo e le hore ho rorisoe lebitso la ka, e le mpho e amohelehang hobane lebitso la ka le tla hlomphuoa* lichabeng.”+
12 Empa le le* silafatsa+ ka ho re, ‘Tafole ea Jehova ha ea hloeka ebile litholoana le lijo tsa eona lia nyonyeha.’+ 13 Jehova oa mabotho o re le boetse le re: ‘Mosebetsi ona oa tena!’ ebile le o soenyetsa linko. Hape Jehova o re: “Le ntlisetsa liphoofolo tse utsoitsoeng, tse holofetseng le tse kulang. Le ntlisetsa lintho tsa mofuta oo e le mpho. Na le lebeletse hore ke li amohele?”+
14 Jehova oa mabotho o re: “Ho malimabe motho ea etsetsang Jehova kano le mahlabelo ka phoofolo e holofetseng* empa a e-na le phoofolo e phetseng hantle mohlapeng oa hae. Ke ’na Morena e moholo+ ’me lebitso la ka le tla tšajoa le be le hlomphuoe har’a lichaba.”+
2 “Baprista, taelo ena e ea ho lona.+ 2 Haeba le sa e mamele e le hore le tlotlise lebitso la ka, ke tla le tlisetsa bomalimabe+ ’me ke etse hore litlhohonolofatso tsa lona e be lithohako.+ Kannete ke tla etsa hore litlhohonolofatso tsa lona li fetohe bomalimabe hobane ha le mamele litaelo tsa ka,” ke Jehova oa mabotho ea chong.
3 “Ke tla senya peo eo le e jetseng ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe.+ Hape ke tla le hasa ka bolokoe lifahlehong e leng bolokoe ba liphoofolo tseo le etsang mahlabelo ka tsona meketeng ea lona ’me le tla lahloa le bolokoe boo.* 4 Le tla tseba hore ke ’na ea le fileng taelo eo e le hore selekane sa ka le Levi se ka lula se le teng,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
5 Selekane seo ke ileng ka se etsa le eena e ne e le sa hore ke mo fe bophelo le khotso ke be ke etse hore a ntlhomphe.* O ile a fela a ntlhompha a ba a hlompha lebitso la ka. 6 O ne a ruta ’nete*+ ’me ha ho mohla a ileng a bua leshano. O ne a phela le ’na ka khotso a bile a lokile+ hape a thusa batho ba bangata hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe. 7 Moprista o lokela ho tseba* molao ’me batho ba tla tla ho eena ho tla mamela molao+ kaha ke moromuoa oa Jehova oa mabotho.
8 Jehova oa mabotho o re: “Empa lona ha lea mamela molao ebile le entse hore batho ba bangata ba se ke ba o mamela.*+ Le sentse selekane sa ka le Levi.+ 9 Ke tla etsa hore batho bohle ba le hloee ba be ba le khelle fatše hobane le ne le ahlola batho ka leeme.*+
10 Na kaofela ha rona ha re na ntate a le mong?+ Na kaofela ha rona ha rea boptjoa ke Molimo a le mong? Joale ke hobane’ng ha le etsetsana bolotsana+ ’me le silafatsa selekane sa baholo-holo ba rona? 11 Juda o entse bolotsana ebile ho entsoe ntho e nyonyehang Iseraele le Jerusalema. Juda o tlotlolotse Jehova ea ratang ho halalela*+ ’me o nyetse mosali ea rapelang melimo e meng.+ 12 Jehova o tla felisa batho bohle ba tsoang sechabeng sa Iseraele* ba etsang lintho tsena leha ba ka tlisetsa Jehova oa mabotho linyehelo.+
13 Ho na le ntho e ’ngoe hape* eo le e etsang, e etsang hore aletare ea Jehova e tlale likeleli tsa batho ba llang ka lebaka la ho utloa bohloko. Ntho ena e etsa hore Molimo a se ke a hlola a amohela linyehelo kapa lintho tseo le fanang ka tsona.+ 14 Le re, ‘Hobane’ng?’ Ke hobane Jehova o bone hore ha le tšepahalle basali ba bocheng ba lona le hoja e le balekane ba lona ebile e le basali bao le entseng selekane le bona.*+ 15 Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ba bang har’a lona ba neng ba ikemiselitse ho se etse joalo. Ke eng eo ba neng ba e nka e le ea bohlokoa? Ke hore ba be le bana* bao e tla ba karolo ea batho ba Molimo. Kahoo, le hlokomele lintho tseo le li nahanang le tseo le li etsang ’me le se ke la etsetsa basali ba bocheng ba lona bolotsana.” 16 Jehova Molimo oa Iseraele o re: “Ke hloile tlhalo+ ebile ke hloile motho ea ratang ntoa. Kahoo, le hlokomele lintho tseo le li nahanang le tseo le li etsang ’me le se ke la etsa bolotsana,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
17 “Le entse hore Jehova a khathale ke lintho tseo le li buang.+ Empa le re, ‘Ke joang re entseng hore a khathale?’ Ka hore le re, ‘Jehova o nka motho e mong le e mong ea etsang lintho tse mpe a lokile ebile oa mo rata,’+ le ka hore le re, ‘O kae Molimo ea nang le toka?’”
3 Jehova oa mabotho o re: “Ke romela moromuoa oa ka ’me o tla ntokisetsa* tsela.+ Morena oa ’nete eo le mo batlang, o tla tla tempeleng ea hae ka tšohanyetso.+ Moromuoa oa selekane eo le mo thabelang o tla tla. Kannete o tla tla.”
2 “Ke mang ea tla mamella letsatsi leo a tlang ka lona? Ke mang ea tla ema haa hlaha? O tla ba joaloka mollo oa mohloekisi le joaloka sesepa+ sa batho ba hlatsoang. 3 O tla lula fatše joaloka motho ea hloekisang le ea hlatsoang silevera+ ’me a hloekise bara ba Levi. O tla ba hloekisa joaloka khauta le silevera. Ho Jehova e tla ba batho ba nyehelang mpho ba se na molato. 4 Nyehelo ea mpho ea Juda le Jerusalema e tla khahlisa* Jehova joaloka mehleng ea khale le lilemong tsa khale-khale.+
5 Jehova oa mabotho o re: “Ke tla tla ke tl’o le ahlola ’me ka potlako ke tla ahlola baloi,+ bafebi, ba etsang likano tsa leshano,+ ba qhekellang motho ea hiriloeng,+ mohlolohali le khutsana*+ le ba hanang ho thusa* molichaba.+ Batho bana ha baa ka ba ntšaba.”
6 “Ke ’na Jehova, ha ke fetohe.*+ Le bana ba Jakobo, ke ka lebaka leo le e-s’o ka le felisoa. 7 Haesale le kheloha melao ea ka ebile le sa e mamele ho tloha mehleng ea baholo-holo ba lona.+ Khutlelang ho ’na ’me ke tla khutlela ho lona,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
Empa le re: “Re tla khutla joang?”
8 “Na motho a ka utsoetsa Molimo? Empa lona lea nkutsoetsa.”
Le re: “Re u utsoelitse joang?”
“Ka ho se tlise karolo ea leshome* le menehelo. 9 Le rohakiloe* hobane lea nkutsoetsa. Sechaba sohle sea nkutsoetsa. 10 Tlisang karolo eohle ea leshome* ka tlung ea polokelo+ e le hore ho be le lijo ka tlung ea ka.+ Ke kopa le nteke, le bone hore na nke ke ka le bulela likhoro tsa maholimo+ ke be ke le tšollele litlhohonolofatso ho fihlela le se le sa hloke letho,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
11 Jehova oa mabotho o re: “Ke tla thibela litsie* hore li se ke tsa le senyetsa lijalo tsa naha ea lona+ ebile lifate tsa lona tsa morara li tla lula li beha litholoana.”
12 Jehova oa mabotho o re: “Lichaba tsohle li tla phatlalatsa hore le thabile+ hobane le tla ba naha ea thabo.”
13 Jehova o re: “Mantsoe ao lea buileng ka ’na a ntlhabile.”
Lona le re: “Re itse’ng ka uena e u hlabileng?”+
14 “Le re, ‘Ho sebeletsa Molimo ha ho na thuso.+ Re fumane melemo efe ka ho bontša Jehova oa mabotho hore re soabetse libe tsa rona le ka ho phetha seo re itlammeng hore re tla mo etsetsa sona? 15 Hona joale re bona batho ba ikhohomosang ba thabile le ba etsang lintho tse mpe ba atleha.+ Ha ba tšabe ho leka Molimo ebile ha ho letho le ba etsahallang.’”
16 Ka nako eo, ba tšabang Jehova ba buisana, e mong le e mong a buisana le motsoalle oa hae. Jehova a ’na a ba mamela ’me a utloa seo ba se buang. Jehova a re ho ngoloe+ bukeng mabitso a batho bao a neng a tla ba hopola, batho ba mo hlomphang* le ba nahanisisang ka lebitso la hae.+
17 Jehova oa mabotho o re: “E tla ba batho ba ka+ mohla ke ba etsang sechaba se khethehileng.*+ Ke tla ba qenehela joalokaha motho a qenehela mora oa hae ea mo sebeletsang.+ 18 Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea khopo+ le pakeng tsa motho ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng.”
4 Jehova oa mabotho o re: “Ho tla letsatsi le chesang joaloka mollo,+ ha bohle ba ikhohomosang le ba etsang lintho tse mpe ba tla tšoana le litlhaka. Letsatsi leo le tla ba felisa, le ba siee ba se na motso kapa lekala. 2 Empa lona ba hlomphang* lebitso la ka, le tla chabeloa ke letsatsi la ho loka leo mahlaseli* a lona a folisang. Le tla tlola-tlola joaloka manamane a nonneng.”
3 Jehova oa mabotho o re: “Letsatsing leo ke hlaselang ba khopo, le tla ba hatakela hobane ba tla ba joaloka lerole tlas’a maoto a lona.
4 Hopolang Molao oo ke o fileng mohlanka oa ka Moshe. Le hopole likahlolo le litaelo tseo ke ileng ka li fa Baiseraele bohle Horebe hore ba li mamele.+
5 Ke le romela moprofeta Elia+ pele letsatsi la Jehova le leholo le le tšosang le fihla.+ 6 O tla etsa hore lipelo tsa bo-ntate li tšoane le tsa bana ba bona+ le hore lipelo tsa bana li tšoane le tsa bo-ntate ba bona e le hore ke se ke ka tla otla lefatše, ka le felisa.”
(Phetolelo ea Mangolo a Seheberu le a Searame e fella mona. E tla lateloa ke ea Mangolo a Segerike a Bakreste)
E bolelang “Morumuoa oa Ka.”
Kapa: “monghali e moholo.”
Kapa: “ntšabe.”
Ka Seheberu: “bohobe.”
Kapa: “Aletare.”
Ho buuoa ka mosebetsi oa ho koala mamati a tempele.
Kapa: “le tla ba leholo.”
Kapa mohlomong: “le ntšilafatsa.”
Kapa: “e sa phelang hantle.”
E leng sebaka seo bolokoe ba liphoofolo tse entsoeng mahlabelo bo neng bo lahleloa ho sona.
Kapa: “ntšabe.”
Kapa: “ruta molao.”
Kapa: “ho ithuta.”
Kapa mohlomong: “ka thuto ea lona.”
Kapa: “ka ho hloka toka.”
Kapa mohlomong: “sehalalelo.”
Kapa: “litenteng tsa Jakobo.”
Ka Seheberu: “ntho ea bobeli.”
Kapa: “bao le ba nyetseng ka molao.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “ntlhekela.”
Kapa: “khotsofatsa.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
Kapa: “ba hatellang litokelo tsa.”
Kapa: “ha kea fetoha.”
Kapa: “boshome.”
Kapa mohlomong: “Le nthohakile ka thohako.”
Kapa: “boshome.”
E ka ’na eaba ho buuoa ka kotlo ea litsie.
Ka Seheberu: “ba mo tšabang.”
Kapa: “thepa e khethehileng.”
Ka Seheberu: “tšabang.”
Ka Seheberu: “mapheo.”