KOSEPELE EA LUKA
1 Batho ba bangata ba lekile ho batlisisa lintho tsohle tse etsahetseng le ho li ngola fatše e leng lintho tseo le rona re li lumelang.+ 2 Ba bang bao e neng e le lipaki tse boneng ka mahlo+ ba bile ba phatlalatsa molaetsa oa Molimo, ba re boleletse tsona.+ 3 Joale mohlomphehi Theofilase,+ ke hlahlobisisitse lintho tsena tsohle ’me le ’na ka etsa qeto ea ho u ngolla tsona ka tatellano ea tsona. 4 Ke entse tjena e le hore u kholisehe hore lintho tseo u li rutiloeng ke ’nete.+
5 Mehleng ea Morena Heroda*+ oa Judea, ho ne ho e-na le moprista e mong ea bitsoang Zakaria oa sehlopha sa Abija.+ Mohatsa oa hae o ne a tsoa lelapeng la Arone, lebitso la hae e le Elizabetha. 6 Jehova* o ne a ba nka ba lokile, ba se na molato hobane ba ne ba phela ka melao eohle ea hae. 7 Ba ne ba se na bana hobane Elizabetha o ne a sa khone ho ba le bana ebile ba ne ba se ba holile haholo.
8 Zakaria o ne a etsa mosebetsi oa boprista ka pel’a Molimo kaha e ne e le nako ea hore sehlopha seo a oelang ho sona+ se sebeletse Molimo tempeleng. 9 Ho ea ka tloaelo* ea boprista, nako ea hae ea ho nyehela libano+ ea fihla eaba o kena ka sehalalelong sa Jehova.*+ 10 Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba ntse ba rapela ka ntle. 11 Eaba lengeloi la Jehova* le ema ka lehlakoreng le letona la aletare ea libano moo Zakaria a le bonang. 12 Empa ha a le bona a ferekana, a tšoha. 13 Leha ho le joalo, lengeloi la re ho eena: “Zakaria, u se ke oa tšoha hobane Molimo o utloile thapelo ea hao. Kahoo, mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora ’me u tla mo reha Johanne.+ 14 U tla thaba haholo le batho ba bangata ba tla thabela hore ebe o tsoetsoe+ 15 hobane Jehova* o tla mo nka e le motho oa bohlokoa.+ Empa ha aa lokela ho noa veine kapa joala ho hang.+ O tla tlala moea o halalelang le pele a hlaha,*+ 16 a thuse Baiseraele ba bangata ho khutlela ho Jehova* Molimo oa bona.+ 17 Hape Molimo o tla mo roma hore a mo etelle pele ka moea le matla a tšoanang le a Elia.+ O tla etsa hore lipelo tsa bo-ntate li tšoane le tsa bana,+ a thuse ba sa mameleng hore ba be bohlale ’me ba etse lintho tse nepahetseng, e le hore a lokisetse Jehova* sechaba.”+
18 Eaba Zakaria o re ho lengeloi: “Ke e kholoe joang taba ee empa ’na le mosali oa ka re se re tsofetse tjee?” 19 Lengeloi la re: “Ke ’na Gabariele+ ea lulang a le haufi le Molimo+ ’me ke rometsoe ho tla bua le uena le ho u bolella litaba tsena tse monate. 20 Empa kaha ha u kholoe litaba tsa ka tse tla phethahala ka nako ea teng, u ke ke oa khona ho bua ho fihlela lintho tsena li etsahala.” 21 Ka nako eo batho ba ne ba emetse hore Zakaria a tsoe ka sehalalelong, ba mpa ba makatsoa ke ho bona a lieha. 22 Ha a tsoa o ne a sa khone ho bua, a bua le bona ka matsoho. Eaba ba nka hore o sa tsoa bona pono ka sehalalelong. 23 Ha nako ea hae ea hore a etse mosebetsi o halalelang* e felile, a ea ha hae.
24 Ka mor’a matsatsinyana mosali oa hae Elizabetha a ima eaba o ikoalla ka tlung ka likhoeli tse hlano hobane a re: 25 “Jehova* o nketselitse sena, o nkhopotse e le hore a tlose sekhobo sa ka.”+
26 Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng e le moimana, Molimo a romela lengeloi Gabariele+ motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha 27 ho etela Maria,+ e leng moroetsana+ ea neng a lebelelitsoe ke Josefa oa leloko la Davida. 28 Ha le fihla ho eena la re: “Lumela uena ea hlohonolofetseng, Jehova* o na le uena.” 29 Mantsoe ao a mo makatsa haholo eaba oa ipotsa hore na tumeliso eo ke ea mofuta ofe. 30 Lengeloi leo la re ho eena: “Maria, u se ke oa tšoha hobane Molimo o u hauhetse. 31 U tla ima, u tsoale mora+ ebe u mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”
34 Empa Maria a re ho lengeloi leo: “Ke tla ba le ngoana joang ke e-s’o robale le monna?”+ 35 Lengeloi leo la mo araba la re: “Moea o halalelang o tla ba holim’a hao,+ matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a u sireletse. Kahoo, ngoana eo e tla ba ea halalelang,+ a bitsoe Mora oa Molimo.+ 36 Elizabetha mong ka uena le eena ke moimana oa likhoeli tse tšeletseng, o lebeletse mora le hoja a tsofetse ebile batho ba re ha a khone ho ba le bana 37 empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea khoneha ho Molimo.”+ 38 Joale Maria a re: “’Na ke lekhoba la Jehova,* e se eka mantsoe ao a ka phethahala ho ’na.” Eaba lengeloi leo lea tsamaea.
39 Ka mor’a moo Maria a tsamaea a potlakile ho ea motseng oa Juda e leng sebaka se lithaba. 40 A kena ka tlung ha Zakaria eaba o lumelisa Elizabetha. 41 Eare ha Elizabetha a utloa Maria a mo lumelisa, lesea le ka mpeng ea hae la raha, Elizabetha a tlala moea o halalelang 42 eaba oa hoeletsa o re: “U hlohonolofetse har’a basali, le ngoana eo u tl’o ba le eena o hlohonolofetse. 43 Ke utloa e le tlotla hore ebe ke chaketsoe ke ’mè oa Moren’a ka. 44 Hang ha ke utloa u ntumelisa lesea le ka mpeng ea ka le ile la raha-raha hobane le thabile. 45 Ho lehlohonolo mosali ea ileng a kholoa lintho tseo Jehova* a li tšepisitseng hobane li tla phethahala kaofela.”
46 Eaba Maria o re: “Ke tlotlisa Jehova,*+ 47 nke ke ka khaotsa ho rorisa Molimo Mopholosi oa ka+ ke thabile 48 hobane o hlohonolofalitse ’na lekhoba la hae le hoja ke le motho oa boemo bo tlase.+ Ho tloha hona joale ho ea pele meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile+ 49 hobane Ea Matla ’Ohle o nketselitse lintho tse kholo, le lebitso la hae lea halalela,+ 50 kamehla o hauhela ba mo tšabang.+ 51 O entse lintho tse kholo ka letsoho la hae le matla, a qhalakanya bohle bao lipelo tsa bona li tletseng boikhohomoso,+ 52 a theola banna ba matla literoneng,+ a phahamisa ba maemong a tlase.+ 53 O khotsofalitse bafutsana ka lintho tse ntle+ empa barui o ba tlohetse ba se na letho. 54 O thusa mohlanka oa hae Iseraele ho bontša hore o hopola tšepiso ea hae ea ho ba mohau ka ho sa feleng,+ 55 feela joalokaha a ile a bolella baholo-holo ba rona e leng Abrahama le litloholo*+ tsa hae.” 56 Maria a lula le eena likhoeli tse ka bang tharo eaba o khutlela hae.
57 Nako ea hore Elizabetha a pepe ea fihla eaba o ba le ngoan’a moshanyana. 58 Baahisani le beng ka eena ba utloa hore Jehova* o mo hauhetse haholo eaba ba thaba le eena.+ 59 Ka letsatsi la borobeli ba tla ho tla bolotsa ngoana.+ Ba ne ba rerile ho mo rehella ka ntate oa hae Zakaria. 60 Empa ’mè oa hae a re: “Che! Lebitso la hae ke Johanne.” 61 Eaba ba re ho eena: “Empa ha ho le ea mong oa beng ka uena ea rehiloeng lebitso lena.” 62 Joale ba buisana le ntate oa ngoana ka puo ea matsoho ba mo botsa hore na o batla hore ngoana a rehoe mang. 63 A kopa hore ba mo fe lepolanka le sephara ’me a ngola mantsoe ana: “Lebitso la hae ke Johanne.”+ Eaba kaofela baa makala. 64 Hang-hang molomo oa hae oa buleha, leleme la raroloha eaba oa bua+ o rorisa Molimo. 65 Batho bohle ba phelang tikolohong eo ba tšoha ’me lintho tsena kaofela tsa buuoa hohle lithabeng tsa Judea. 66 Bohle ba neng ba li utloile ba ile ba lula ba nahana ka tsona ’me ba ipotsa ba re: “Hantle-ntle ngoana eo e tla ba eng ha a se a le moholo?” Ba ne ba cho joalo hobane ba hlokomela hore Jehova* o ne a e-na le eena.*
67 Zakaria a tlala moea o halalelang ’me a profeta a re: 68 “Ho rorisoe Jehova* Molimo oa Iseraele+ hobane o hauhetse batho ba hae ebile o ba lopolotse.+ 69 O re hlahiselitse mopholosi ea matla*+ ntlong ea mohlanka oa hae Davida,+ 70 feela joalokaha a boletse ka baprofeta ba hae ba halalelang ho tloha khale.+ 71 O ile a bolela hore o tla re pholosa matsohong a lira tsa rona le ho bohle ba re hloileng.+ 72 Hape o tla phethahatsa mantsoe ao a a boleletseng baholo-holo ba rona a be a ba hauhele. O tla hopola selekane+ sa hae se halalelang 73 e leng kano eo a ileng a e etsetsa moholo-holo oa rona Abrahama+ 74 ea hore o tla re pholosa matsohong a lira ebe ka mor’a moo o re fa monyetla o ikhethang oa ho mo etsetsa mosebetsi o halalelang re sa tšabe letho, 75 re tšepahala re bile re lokile ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle. 76 Empa uena ngoan’a ka, u tla bitsoa moprofeta oa Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa kaha u tla tsamaea ka pel’a Jehova* ho lokisa litsela tsa hae,+ 77 ho fa batho ba hae molaetsa oa hore o tla ba pholosa ka hore a ba tšoarele libe.+ 78 Molimo o tla etsa joalo hobane a le mohau. Ka lebaka la mohau ona re tla bona khanya e tsoang leholimong e tšoanang le ea ha letsatsi le chaba. 79 E tla khantšetsa ba lutseng lefifing le moriting oa lefu+ le ho tataisetsa maoto a rona tseleng ea khotso.”
80 Ngoana e monyenyane a ’na a hola eaba o tlala moea oa Molimo ho fihlela nako ea hore a ee ho Baiseraele e fihla.
2 Mehleng eo Sesare Augustase a laela hore batho bohle ba tlas’a puso ea hae* ba ngolisoe. 2 Ba ngolisitse ka lekhetlo la pele ha Kuirinease e ne e le ’musisi oa Siria. 3 Kahoo, batho kaofela ba ea metseng ea habo bona ho ea ngolisoa. 4 Kaha Josefa+ le eena o ne a tsoa lelokong la Davida, o ile a tloha motseng oa Nazaretha o Galilea a ea Judea motseng oa Davida o bitsoang Bethlehema.+ 5 A tsamaea le Maria hore ba e’o ngolisoa. Maria o ne a lebelelitsoe ke Josefa+ hape a le haufi le ho ba le ngoana.+ 6 Nako ea hore Maria a pepe ea fihla ba ntse ba le moo. 7 A tsoala ngoan’a moshanyana+ eaba o mo thatela ka masela o mo beha ka sejelong*+ hobane ha baa ka ba fumana sebaka ntlong ea baeti.
8 Sebakeng seo ho ne ho e-na le balisa ba lulang naheng ba lebela mehlape ea bona bosiu. 9 Lengeloi la Jehova* la ema pel’a bona ba sa lebella. Khanya ea Jehova* ea ba pota-pota eaba ba tšoha haholo. 10 Empa lengeloi la re ho bona: “Le se ke la tšoha hobane ke le tliselitse molaetsa o monate, o tla thabisa batho bohle haholo. 11 Kajeno le tsoaletsoe mopholosi+ motseng oa Davida,+ ke Kreste Morena oa lona.+ 12 Lesea leo le tla le fumana le thatetsoe ka masela le behiloe ka sejelong, le tsebe hore ke eena.” 13 Hang-hang lebotho la mangeloi+ la ema le lengeloi leo eaba a rorisa Molimo a re: 14 “Ho rorisoe Molimo ea maholimong le batho bao a ba ratang lefatšeng ba be le khotso.”
15 Ha mangeloi a se a khutletse leholimong, balisa ba buisana ba re: “A re eeng Bethlehema re bone ntho ena e etsahetseng eo Jehova* a re joetsitseng eona.” 16 Hang-hang ba tloha eaba ba fumana Maria le Josefa hammoho le lesea le robetseng ka sejelong. 17 Ha ba bona lesea leo, ba phetela batho molaetsa oo ba o boleletsoeng ka lona. 18 Batho bohle ba ile ba makala ha ba utloa litaba tsa balisa bao 19 empa Maria a lula a hopola litaba tsena kaofela+ le ho nahanisisa ka hore na li bolela’ng. 20 Balisa ba khutlela mehlapeng ea bona ba ntse ba rorisa Molimo ka lintho tsohle tseo ba li utloileng le ho li bona hobane li etsahetse hantle joalokaha ba ne ba li boleletsoe.
21 Ka letsatsi la borobeli e ne e le nako ea hore ngoana eo a bolotsoe+ eaba o rehoa Jesu e leng lebitso leo a ileng a le fuoa ke lengeloi le pele Maria a ima.+
22 Hape nako ea fihla ea hore ho etsoe mokete oa tlhoekiso o hlahang Molaong oa Moshe,+ kahoo ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa ho Jehova* 23 feela joalokaha Molao oa Jehova* o itse: “Ngoana e mong le e mong e motona oa letsibolo* o tla bitsoa ea halalelang ho Jehova.”*+ 24 Ba nyehela sehlabelo ho ea ka Molao oa Jehova* o reng: “Le lokela ho fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.”+
25 Ho ne ho e-na le monna e mong oa Jerusalema ea bitsoang Simeone. Monna enoa o ne a lokile, a hlompha Molimo, a emetse nako ea hore Molimo a matlafatse Iseraele+ hape a e-na le moea o halalelang. 26 Ho feta moo, Molimo o ne a mo senoletse ka moea o halalelang hore a ke ke a shoa pele a bona Kreste oa Jehova.* 27 Joale moea oa tataisetsa Simeone ka tempeleng eaba batsoali ba Jesu baa mo tlisa e le hore ba ka etsa lintho tseo Molao o reng li etsoe bakeng sa hae.+ 28 Simeone a nka ngoana, a rorisa Molimo a re: 29 “’Musi oa Lintho Tsohle, ke bone ngoana joalokaha u ntšepisitse, joale nka ichoella ka khotso+ 30 hobane ke bone tsela eo u tl’o pholosa batho ka eona+ 31 e leng motho eo u faneng ka eena hore lichaba tsohle li mo bone.+ 32 Ke leseli+ le tlosang lesira la lefifi ho lichaba+ ebile ke khanya ea sechaba sa hao sa Iseraele.” 33 Ntate oa hae le ’mè oa hae ba makatsoa ke lintho tse buuoang ka eena. 34 Simeone a ba hlohonolofatsa eaba o re ho Maria: “Ba bang ba batho ba Iseraele ba tla oa,+ ba bang ba eme ka lebaka la ngoana enoa.+ Hape batho ba bangata ba tla mo bua hampe+ le hoja Molimo a tla bontša batho hore o na le eena. 35 O khethiloe e le hore lintho tse ka lipelong tsa batho ba bangata li ka senoleha. Ha e le uena, u tla utloa bohloko joalokaha eka u hlabiloe ke sabole e telele.”+
36 Ho ne ho e-na le moprofeta e mong oa bitsoang Anna ea neng a holile haholo, e ne e le morali oa Fanuele oa leloko la Ashere. O phetse le monna oa hae lilemo tse supileng feela ka mor’a hore ba nyalane. 37 E ne e le mohlolohali ea lilemo li 84. O ne a lula a le teng tempeleng a sebeletsa Molimo bosiu le motšehare ka ho itima lijo le ka ho etsa lithapelo tse matla. 38 Ha Josefa le Maria ba ntse ba le ka tempeleng a atamela, a leboha Molimo a ba a bua ka ngoana eo ho bohle ba neng ba emetse hore Jerusalema e lopolloe.+
39 Kahoo, ha ba se ba entse lintho tsohle tse hlahang molaong oa Jehova,*+ ba khutlela habo bona Nazaretha+ e Galilea. 40 Ngoana eo e monyenyane a hola, a ba matla, a ba bohlale ’me Molimo a ’na a ba le eena.+
41 Batsoali ba hae ba ne ba tloaetse ho ea Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete oa Paseka.+ 42 Ha a le lilemo li 12 ba ea moketeng oo joalokaha ba ne ba tloaetse.+ 43 Ha mokete o fela ba khutlela hae empa Jesu a sala Jerusalema ba sa hlokomela. 44 Kaha ba ne ba nka hore o sehlopheng seo ba tsamaeang le sona, ba tsamaea letsatsi lohle. Ka mor’a moo ba qala ho mo batla har’a beng ka bona le metsoalle. 45 Eare ha ba sa mo fumane ba khutlela Jerusalema ba mo batla hohle. 46 Ka mor’a matsatsi a mararo ba mo fumana ka tempeleng a lutse har’a mesuoe, a e mametse a bile a e botsa lipotso. 47 Empa bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ke likarabo tsa hae le hore o tseba lintho tse ngata.+ 48 Ha batsoali ba hae ba mo bona ba makala eaba ’mè oa hae o re ho eena: “Ngoan’a ka, u re etselitse’ng tjee? ’Na le ntate oa hao re ne re tšoenyehile re ntse re u batla.” 49 Empa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ne le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke ka tlung ea Ntate?”+ 50 Empa ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng.
51 Eaba o theoha le bona o khutlela Nazaretha. O ile a tsoela pele ho mamela batsoali ba hae.+ Hape ’mè oa hae o ile a lula a hopola lintho tsena kaofela.+ 52 Ha Jesu a ntse a hola a ’na a ba bohlale ’me o ne a ratoa ke Molimo le batho.
3 Ka selemo sa bo15 sa puso ea Tiberiuse Sesare, Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea. Heroda*+ e ne e le ’musi oa setereke oa Galilea, Filipi ngoan’abo e le ’musi oa setereke oa naha ea Iturea le Trakonitise, Lisaniase eena e le ’musi oa setereke oa Abilene. 2 E ne e le mehleng ea Kaifase+ le moprista e moholo Anase. Ka nako eo, ha Johanne+ mora oa Zakaria a le lefeelleng,+ Molimo a bua le eena.
3 Johanne a ea metseng eohle e potolohileng Jordane, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe+ 4 joalokaha ho ngotsoe mantsoe ana bukeng ea moprofeta Esaia: “Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.+ 5 Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e katoe, thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li batalatsoe, litsela tse sa otlolohang li otlolloe le tse mpe li lokisoe 6 ’me bohle ba tla bona tsela eo Molimo a tla pholosa batho ka eona.’”+
7 Ha letšoele le tla ho eena hore le tl’o kolobetsoa, a re ho lona: “Malinyane a linoha tsa marabe, ke mang ea le hlokomelisitseng hore le balehe bohale bo tlang?+ 8 Qalang pele ka hore le bontše* hore le bakile. Le se ke la re Abrahama ke ntate oa lona hobane Molimo a ka mo hlahisetsa bana le ka majoe ana. 9 Kea le bolella hore selepe se se se le metsong ea lifate. Sefate se seng le se seng se sa beheng litholoana tse ntle se tla rengoa ’me se lahleloe mollong.”+
10 Letšoele le ile la re ho eena: “Joale re etse’ng?” 11 A re ho bona: “Motho ea nang le liaparo tse peli* a arolelane le ea se nang letho, ea nang le lijo le eena a fe ea se nang tsona.”+ 12 Le babokelli ba lekhetho ba ile ba tla hore ba kolobetsoe+ eaba ba re ho eena: “Mosuoe, re etse joang?” 13 A re ho bona: “Le se ke la patalisa batho ho feta kamoo le lokelang ho ba patalisa kateng.”+ 14 Masole le ’ona a ile a re: “Rona re etse’ng?” Eaba o re: “Le se ke la hlekefetsa mang kapa mang kapa la qosa motho ka liqoso tsa bohata+ empa le khotsofalle moputso oa lona.”
15 Kaha batho ba ne ba lebeletse Kreste, ba ne ba ipotsa hore na ebe Johanne ke eena Kreste.+ 16 Johanne a re ho bona kaofela: “’Na ke le kolobetsa ka metsi empa ho na le ea matla ho mpheta ea tlang, eo ke sa tšoaneleheng ho fasolla marapo a lieta* tsa hae.+ O tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo.+ 17 O tšoere kharafu ea hae e olosang. O tla hloekisa seotlo sa hae ka ho feletseng, a bokelle koro ka setorong sa hae empa o tla chesa ’moko ka mollo o ke keng oa tima.”
18 Eaba o ba eletsa ka litsela tse ngata le ho ba bolella litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. 19 Johanne o ne a ile a khalemela Heroda ’musi oa setereke, a mo khalemella Herodiase mosali oa abuti oa hae le lintho tse mpe tseo a li entseng 20 eaba Heroda o etsa ntho e ’ngoe hape e mpe ka hore a koalle Johanne teronkong.+
21 Jesu le eena a kolobetsoa ha batho ba bang bohle ba kolobetsoa.+ Ha a ntse a rapela, leholimo la buleha,+ 22 moea o halalelang oa theohela holim’a hae o le joaloka leeba eaba lentsoe le tsoa leholimong le re: “U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”+
23 Ha Jesu+ a qala mosebetsi oa hae o ne a ka ba lilemo li 30.+ O ne a tsebahala e le mora
oa Josefa,+
mora oa Heli,
24 mora oa Mathate,
mora oa Levi,
mora oa Melki,
mora oa Jannai,
mora oa Josefa,
25 mora oa Matathiase,
mora oa Amose,
mora oa Nahume,
mora oa Esli,
mora oa Nagai,
26 mora oa Maathe,
mora oa Matathiase,
mora oa Semeine,
mora oa Joseke,
mora oa Joda,
27 mora oa Joanane,
mora oa Resa,
mora oa Zorobabele,+
mora oa Shalatiele,+
mora oa Neri,
28 mora oa Melki,
mora oa Adi,
mora oa Kosame,
mora oa Elmadame,
mora oa Ere,
29 mora oa Jesu,
mora oa Eliezere,
mora oa Jorime,
mora oa Mathate,
mora oa Levi,
30 mora oa Simeone,
mora oa Judase,
mora oa Josefa,
mora oa Jonama,
mora oa Eliakime,
31 mora oa Melea,
mora oa Mena,
mora oa Matatha,
mora oa Nathane,+
mora oa Davida,+
mora oa Obede,+
mora oa Boaze,+
mora oa Salmone,+
mora oa Nashone,+
33 mora oa Aminadabe,
mora oa Arni,
mora oa Hezrone,
mora oa Pereze,+
mora oa Juda,+
mora oa Isaka,+
mora oa Abrahama,+
mora oa Tera,+
mora oa Nakore,+
mora oa Reu,+
mora oa Pelege,+
mora oa Ebere,+
mora oa Shela,+
36 mora oa Kainane,
mora oa Arpakshade,+
mora oa Sema,+
mora oa Noe,+
mora oa Lameke,+
mora oa Enoke,
mora oa Jarede,+
mora oa Mahalaliele,+
mora oa Kainane,+
mora oa Setha,+
mora oa Adama,+
mora oa Molimo.
4 Jesu a tloha nokeng ea Jordane. O ne a tletse moea o halalelang o ileng oa mo tataisetsa lefeelleng.+ 2 Eaba o qeta matsatsi a 40 moo a sa je. Ka mor’a matsatsi ao, a utloa a lapile eaba Diabolose oa tla ho tla mo leka.+ 3 Diabolose a re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, bolella lejoe lena hore le fetohe bohobe.” 4 Empa Jesu a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”+
5 Kahoo, Diabolose a mo isa holimo thabeng ’me a mo bontša mebuso eohle ea lefatše ka nako le motsotso.+ 6 Eaba Diabolose o re ho eena: “Ke tla u fa matla a ho laola mebuso ena kaofela le khanya ea eona hobane ke ea ka+ ’me nka e fa mang kapa mang eo ke batlang ho mo fa eona. 7 Joale haeba u ka nthapela,* ke tla u fa eona kaofela.” 8 Jesu a re ho eena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’”+
9 Diabolose a mo isa Jerusalema, a mo emisa holim’a tora* ea tempele eaba o re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše+ 10 etsoe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho uena hore a u sireletse. 11 A tla u jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe.’”+ 12 Jesu a re ho eena: “Ho itsoe: ‘U se ke oa leka Jehova* Molimo oa hao.’”+ 13 Ha Diabolose a qetile ho mo leka, a mo tlohela eaba o emela hore monyetla o mong o hlahe.+
14 Jesu a khutlela Galilea+ a tletse matla a moea o halalelang. Liketso tsa hae tse ntle tsa tsebahala libakeng tsohle tse haufi le moo. 15 A qala ho ruta ka matlung a bona a thapelo* ’me batho bohle ba ne ba mo hlompha.
16 Eaba Jesu o ea Nazaretha+ moo a holetseng teng. A kena ka tlung ea thapelo* ka letsatsi la Sabatha+ joalokaha a ne a tloaetse eaba oa ema e le hore a bale. 17 A nehoa moqolo oa moprofeta Esaia, a o bula eaba o bala moo ho ngotsoeng mantsoe a reng: 18 “Moea oa Jehova* o holim’a ka hobane o nkhethetse* hore ke bolelle bafutsana litaba tse monate. O nthometse hore ke phatlalatse tokoloho ho batšoaruoa, ke bule mahlo a ba sa boneng, ke lokolle ba hateletsoeng+ 19 le ho phatlalatsa selemo sa Jehova* sa ho hlohonolofatsa batho.”+ 20 Eaba o phutha moqolo oo, o o busetsa ho mohlanka oa ntlo ea thapelo* ’me o lula fatše. Bohle ba ka tlung ea thapelo ba ne ba mo shebile ka hloko. 21 Joale a re ho bona: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”+
22 Kaofela ba mo bua hantle le ho tsota lintho tse monate tseo a li buang+ ba re: “Na ha se mora oa Josefa eo?”+ 23 Eaba o re ho bona: “Kea tseba hore le tla qotsa mantsoe ana: ‘Ngaka iphekole,’ ebe le re ho ’na: ‘Lintho tseo re utloileng hore li etsahetse Kapernauma+ li etse le mona heno.’ 24 Kannete kea le bolella hore moprofeta ha a amoheloe ha habo.+ 25 Mohlala, kea le bolella, ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata Iseraele mehleng ea Elia ha leholimo le ne le koetsoe ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng ’me tlala e aparetse naha kaofela.+ 26 Empa Elia o ile a rongoa ho mohlolohali e mong oa Sarepta naheng ea Sidone+ eseng ho e mong oa bahlolohali bao. 27 Hape ho ne ho e-na le balepera ba bangata Iseraele mehleng ea moprofeta Elisha empa ha folisoa Naamane oa Siria feela.”+ 28 Bohle ba neng ba le ka tlung ea thapelo ba ileng ba utloa litaba tsena ba halefa.+ 29 Eaba baa ema ba mo potlakisetsa ka ntle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse oa bona o neng o ahiloe holim’a eona e le hore ba mo lihele. 30 Empa a feta har’a bona eaba oa itsamaela.+
31 A theohela motseng oa Galilea o bitsoang Kapernauma. Ka Sabatha o ne a ruta batho+ 32 ’me ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka eona+ hobane ha a bua ho ne ho utloahala hore o fuoe matla ke Molimo. 33 Ka tlung ea thapelo ho ne ho e-na le motho ea nang le modemona eaba oa hoeletsa o re:+ 34 “U batla’ng ho rona Jesu oa Monazaretha?+ Na u tl’o re felisa? Ke tseba hantle hore na u mang, u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 35 Empa Jesu a khalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, u tsoe ho eena!” Kahoo, modemona eo a akhela motho eo fatše har’a bona eaba o tsoa ho eena o sa mo ntša kotsi. 36 Batho bohle ba makala eaba ba re: “Ak’u utloe feela hore na mantsoe a hae a matla hakae. Le bademona baa mo mamela ebe ba tsoa ho batho.” 37 Kahoo, litaba tsa hae tsa ’na tsa hasana libakeng tsohle tse haufi le moo.
38 Jesu a tsoa ka tlung ea thapelo a ea ha Simone. A fumana mohoehali oa Simone* a tšoeroe ke feberu e bohale eaba ba kopa Jesu hore a mo thuse.+ 39 Kahoo, a ema pel’a hae a mo folisa. Hang-hang mohoehali oa Simone a tsoha eaba o ba etsetsa lijo.
40 Empa ha letsatsi le likela, batho bohle ba neng ba e-na le bakuli ba tšoeroeng ke mafu a sa tšoaneng ba tlisa bakuli bao ho eena. O ne a ba folisa ka ho ba beha matsoho.+ 41 Hape o ile a ntša bademona bathong ba bangata. Bademona bao ba ne ba hoeletsa ba re: “U Mora oa Molimo.”+ Empa o ile a ba khalemela ka matla, a sa ba lumelle ho bua+ hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.+
42 Ha e e-ba motšehare a tloha a ea moo a leng mong+ empa batho ba qala ho mo tsoma. Ha ba mo fumana ba leka ho mo thiba hore a se ke a ba siea. 43 Empa a re ho bona: “Ke tlameha ho ea metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate oa ’Muso oa Molimo hobane ke rometsoe ho etsa joalo.”+ 44 Kahoo, a ea matlong a thapelo a Judea ho ea ruta.
5 Ka lekhetlo le leng, letšoele le ne le petetsane le mo mametse ha a ntse a ruta lentsoe la Molimo a eme ka thoko ho letša la Genesarete.*+ 2 A bona likepe tse peli li eme lebopong la letša, batšoasi ba litlhapi ba tsoile ka ho tsona ba hlatsoa matlooa.+ 3 Eaba o kena ka sekepeng sa Simone o mo kopa hore a se hulele hojana le lebopo. Ka mor’a moo, a lula fatše eaba o ruta letšoele a le ka sekepeng. 4 Ha a qetile ho bua le letšoele a re ho Simone: “Se hulele moo ho tebileng ebe le theolela matlooa tlase hore le tšoase litlhapi.” 5 Empa Simone a re: “Mosuoe, re sehlile bosiu bohle empa ha rea tšoasa letho,+ feela ke tla theola matlooa joalokaha u cho.” 6 Eitse ha ba a theola, ba tšoasa litlhapi tse ngata hoo matlooa a bona a ileng a taboha.+ 7 Kahoo, ba hoehla metsoalle ea bona e ka sekepeng se seng hore e tl’o ba thusa ’me ea tla. Ba tlatsa likepe tseo ka bobeli hoo li ileng tsa batla li teba. 8 Ha Simone Petrose a bona lintho tsena, a itihela fatše ka pel’a Jesu a re: “Morena, tloha ho ’na hobane ke moetsalibe.” 9 O ne a cho joalo hobane eena le bohle ba neng ba e-na le eena ba ne ba makalitsoe haholo ke litlhapi tse ngata tseo ba li tšoasitseng. 10 Jakobo le Johanne bara ba Zebedea+ bao e neng e le basebetsi-’moho le Simone, le bona ba ne ba maketse haholo. Jesu a re ho Simone: “U se ke oa tšoha. Ho tloha hona joale, u tla tšoasa batho.”+ 11 Kahoo, ba khutlisetsa likepe lebopong, ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.+
12 Ka lekhetlo le leng ha a le motseng o mong, monna e mong ea tletseng lepera a mo bona eaba oa mo khumamela o re: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 13 Kahoo, Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re: “Kea batla, hloeka.” Lepera la nyamela hang-hang.+ 14 Jesu a laela monna eo hore a se ke a bolella mang kapa mang. A re ho eena: “Tsamaea u ee ho moprista a u bone ’me u etse linyehelo tseo Moshe a itseng li etsoe e le hore u hloeke,+ hore e be bopaki ho baprista.”+ 15 Empa lintho tseo Jesu a li entseng tsa tsebahala le ho feta. Kahoo, batho ba bangata ba tla ho eena ho tla mo mamela le hore ba phekoloe mafu.+ 16 O ne a tloaetse ho ea moo a leng mong hore a e’o rapela.
17 Ka letsatsi le leng ha a ntse a ruta, mesuoe ea Molao le Bafarisi ba tsoang Jerusalema le metseng eohle ea Galilea le Judea ba ne ba lutse moo. Jehova* o ne a mo file matla a hore a folise batho.+ 18 Ho ne ho e-na le monna e mong ea shoeleng litho ea neng a kakasitsoe ke batho ka lempara. Ba ile ba leka ho mo kenya ka tlung le ho mo beha ka pel’a Jesu+ 19 empa ba ne ba sa khone hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Kahoo, ba hloella ka holim’a ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela tlase ka lempara ba mo beha ka pel’a Jesu. 20 Ha Jesu a bona kamoo ba nang le tumelo kateng a re: “Monn’a heso, u tšoaretsoe libe.”+ 21 Bangoli le Bafarisi ba re: “Ke mang enoa ea nyefolang? Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo feela?”+ 22 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse joalo? 23 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re: ‘U tšoaretsoe libe’ kapa ho re: ‘Ema u tsamaee’? 24 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng . . . ” a re ho motho ea shoeleng litho: “Ke re ho uena, ema u nke lempara la hao u ee hae.”+ 25 A ema hang-hang ba ntse ba mo shebile, a nka lempara la hae a ea hae a ntse a rorisa Molimo. 26 Batho bohle ba hlolloa haholo eaba ba qala ho tlotlisa Molimo ba re: “Re qala ho bona ntho e tjena!”
27 Ka mor’a moo, a tsamaea eaba o bona ’mokelli oa lekhetho ea bitsoang Levi a lutse ofising ea lekhetho. A re ho eena: “E-ba molateli oa ka.”+ 28 A siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe a ema eaba oa mo latela. 29 Levi o ne a mo etselitse mokete o moholo ha hae. Ho ne ho e-na le babokelli ba lekhetho ba bangata le batho ba bang ba lutseng hammoho tafoleng ba ja.+ 30 Eaba Bafarisi le bangoli ba bona ba qala ho korotlela barutuoa ba hae ba re: “Ke hobane’ng ha le ja le bile le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 31 Jesu a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.+ 32 Ha kea tlela batho ba lokileng, ke tletse ho phehella baetsalibe hore ba bake.”+
33 Ba re ho eena: “Barutuoa ba Johanne le ba Bafarisi ba atisa ho itima lijo ebile ba etsa lithapelo tse matla empa ba hao baa ja ebile baa noa.”+ 34 Jesu a re ho bona: “Na metsoalle ea monyali e na le lebaka la ho itima lijo ha monyali a ntse a e-na le eona? 35 Ho na le nako eo monyali+ a tla tlosoa ho metsoalle ea hae, joale ke hona e tla itima lijo.”+
36 A boela a etsa papiso a re: “Ha ho motho ea sehang lesela seaparong se secha ebe o le rokella ho sa khale. Haeba a ka etsa joalo, lesela le lecha le tla tabola seaparo sa khale ebile ha le na ho tšoana le lesela la seaparo sa khale.+ 37 Hape ha ho motho ea ka tšelang veine e ncha ka makukeng* a khale a veine. Ha a ka etsa joalo, veine e tla phatlola makuka ao e qhalane ebe aa senyeha. 38 Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha. 39 Ha ho motho ea ka batlang veine e ncha ka mor’a ho noa ea khale hobane o re: ‘Ea khale e monate.’”
6 Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaea har’a masimo a koro* ka sabatha, barutuoa ba hae ba kha koro,+ ba e hohla ka matsoho eaba baa e ja.+ 2 Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa ntho eo le sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?”+ 3 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 4 Hore o ile a kena ka tlung ea Molimo eaba ba ja bohobe bo halalelang* boo molao o sa lumelleng mang kapa mang ho bo ja haese baprista feela?”+ 5 Eaba o re ho bona: “Mor’a motho ke Morena oa Sabatha.”+
6 Ka le leng hape ha e le sabatha+ a kena ka tlung ea thapelo* eaba o qala ho ruta. Ho ne ho e-na le monna ea omeletseng* letsoho le letona.+ 7 Bangoli le Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla folisa monna eo ka Sabatha e le hore ba fumane lebaka la ho mo qosa. 8 Kaha o ne a tseba hore na ba nahana’ng,+ a re ho monna ea omeletseng* letsoho: “Phahama u eme bohareng mona.” A phahama a ema moo. 9 Jesu a re ho bona: “Mpolelleng, na molao o lumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaea?”+ 10 A ba ea ka mahlo kaofela eaba o re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A etsa joalo eaba lea fola. 11 Ba halefa eaba baa buisana hore na ba ka etsa’ng ka Jesu.
12 Ka letsatsi le leng, Jesu a ea thabeng ho ea rapela Molimo,+ a qeta bosiu moo a ntse a rapela.+ 13 Eare ha e e-ba motšehare, a bitsa barutuoa ba hae eaba o khetha ba 12 o ba bitsa baapostola. Bona ke:+ 14 Simone eo a ileng a mo bitsa Petrose le Andrease ngoan’abo, Jakobo, Johanne, Filipi,+ Bartholome, 15 Matheu, Thomase,+ Jakobo mora oa Alfiase, Simone ea bitsoang “ea chesehang,” 16 Judase mora oa Jakobo le Judase Iskariota eo qetellong a ileng a mo rekisa.*
17 Eaba o theoha thabeng le bona ’me o ema sebakeng se motsitsa. Letšoele le leholo la barutuoa ba hae le ne le le teng hammoho le batho ba bangata ba tsoang hohle Judea, Jerusalema le sebakeng se lebopong la leoatle sa Tire le Sidone. Ba ne ba tletse ho tla mo mamela le ho folisoa. 18 Esita le ba khathatsoang ke bademona ba ne ba phekoloa. 19 Ha batho ba ne ba mo tšoara, matla a ne a tsoa ho eena+ ebe baa fola. Kahoo, batho kaofela ba ne ba batla ho mo tšoara.
20 Eaba o sheba barutuoa ba hae o re:
“Ho thaba lona bafutsana hobane ’Muso oa Molimo ke oa lona.+
21 Ho thaba lona ba lapileng hona joale hobane le tla khorisoa.+
Ho thaba lona ba llang hona joale hobane le tla tšeha.+
22 Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloea,+ ba le khetholla,+ ba le rohaka ba bile ba re le khopo ka lebaka la Mor’a motho. 23 Ka letsatsi leo le thabe, le tlola-tlole ke thabo hobane moputso oa lona o moholo maholimong kaha ke tsona lintho tseo baholo-holo ba bona ba neng ba li etsa ho baprofeta.+
24 Empa ho malimabe lona barui+ hobane le se le amohetse matšeliso a lona a feletse.+
25 Ho malimabe lona ba khotšeng hobane le tla lapa.
Ho malimabe lona ba tšehang hobane le tla utloa bohloko le lle.+
26 Ho malimabe lona neng kapa neng ha batho ba le bua hantle+ hobane baholo-holo ba bona ba entse joalo ka baprofeta ba bohata.
27 Empa ’na ke re ho lona ba mametseng, le ’ne le rate lira tsa lona, ba le hloileng le ba etse hantle,+ 28 le kope Molimo hore a hlohonolofatse ba le lakaletsang bomalimabe hape le rapelle ba le rohakang.+ 29 Ea u otlang lerameng, u mo nehe le leng hape ’me ea u amohang seaparo sa hao u mo tlohele a nke le se seng.+ 30 Ha motho a u kopa ntho u mo fe,+ le ea nkang lintho tsa hao u se ke oa re a li khutlise.
31 Hape le etse batho lintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.+
32 Thuso ke efe haeba le rata batho ba le ratang feela? Etsoe le baetsalibe ba etsa ntho e tšoanang.+ 33 Ho na le molemo ofe haeba le thusa ba le thusang feela? Etsoe le baetsalibe ba etsa ntho e tšoanang. 34 Hape ho na le thuso efe haeba le alima* feela bao le nahanang hore ba tla le patala?+ Le baetsalibe ba alima baetsalibe ba bang hobane ba nahana hore ba tla patala sohle seo ba se kolotang. 35 Empa lona le ’ne le rate lira tsa lona, le etse lintho tse lokileng le be le alime batho le sa lebella hore ba le patale.+ Moputso oa lona o tla ba moholo ’me le tla ba bara ba Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba sa lokang.+ 36 Tsoelang pele ho ba mohau feela joalokaha Ntate oa lona a le mohau.+
37 Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.+ Hape le khaotse ho tšoaea ba bang liphoso e le hore le lona le se ke la tšoauoa liphoso. Le tšoarele* batho ba bang e le hore le lona le tšoareloe.*+ 38 Itloaetseng ho fana ’me batho ba tla le fa.+ Ba tla tšela tekanyo e kholo ka mamenong a liaparo tsa lona, ba e hatelle, ba e hlokohle e be e tšolohe. Batho ba tla le tšoara ka tsela eo le ba tšoarang ka eona.”*
39 A ba etsetsa papiso e ’ngoe hape a re: “Na batho ba babeli ba sa boneng ba ka tataisana? Haeba ba ka etsa joalo, ba tla oela ka sekoting ba le babeli.+ 40 Morutuoa ha aa phahamela mosuoe oa hae empa e mong le e mong ea rupetsoeng hantle o tla ba joaloka mosuoe oa hae. 41 Ke hobane’ng ha u sheba lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno empa uena u sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 42 Ke joang u ka reng ho ngoan’eno: ‘Ngoan’eso, e-re ke ntše lehlokoana le ka leihlong la hao’ empa uena u sa bone lepolanka le ka leihlong la hao? Uena moikaketsi, ntša lepolanka le ka leihlong la hao pele, u tsebe ho bona hantle hore na u ka ntša lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno joang.
43 Sefate se setle se ke ke sa hlahisa litholoana tse bolileng, se bolileng se ke ke sa hlahisa litholoana tse ntle.+ 44 Kaha sefate se tsejoa ka litholoana tsa sona.+ Batho ha ba bokelle lifeie* kapa morara sehlahleng se meutloa. 45 Motho ea lokileng o bua lintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ea hae e ntle empa motho ea khopo o bua lintho tse mpe hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ea hae e mpe. Motho o bua lintho tse tletseng ka pelong ea hae.+
46 Ke hobane’ng ha le mpitsa Morena empa le sa ’mamele?+ 47 Motho e mong le e mong ea tlang ho ’na, a utloa mantsoe a ka a bile a a phetha+ 48 o tšoana le monna eo e reng ha a haha ntlo a cheke ho ea tlase ebe o e haha holim’a letlapa. Ha moroallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo empa ha aa ka a e sisinya hobane e ne e hahiloe hantle.+ 49 Athe ea utloang empa a sa phethe,+ o tšoana le motho ea ileng a haha ntlo mobung e se na motheo. Ha moroallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo ’me ea oa hang-hang, ea senyeha hampe.”
7 Ha a qeta ho bolella batho lintho tsena a kena Kapernauma. 2 Lekhoba la molaoli oa sesole le ne le kula, le le makhatheng a lefu.+ Molaoli eo o ne a rata lekhoba lena haholo. 3 Ha a utloela ka Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho eena ho mo kopa ho tla folisa lekhoba la hae. 4 Ba ea ho Jesu eaba ba re: “Re kopa u mo thuse* 5 hobane o rata sechaba sa rona ebile o re hahetse ntlo ea thapelo.”* 6 Kahoo, Jesu a tsamaea le bona. Empa ha a le haufi le ntlo, molaoli oa sesole o ne a se a rometse metsoalle ea hae hore e re ho eena: “Mohlomphehi, u se ke oa ituba ka ho tla kaha ha ke tšoaneloe ke hore u kene ka tlung ea ka.+ 7 Ke ka lebaka leo ke sa kang ka itlisa le ho itlisa ho uena. Bua feela e le hore mohlanka oa ka a fole. 8 Etsoe le ’na kea laoloa empa ke na le masole ao ke a laolang. Ha ke re ho lesole lena: ‘Tsamaea,’ lea tsamaea. Ha ke re ho le leng: ‘Tloo,’ lea tla. Leha ke re ho lekhoba la ka: ‘Etsa tjena,’ le etsa joalo.” 9 Ha Jesu a utloa lintho tsena a makala eaba o sheba batho ba bangata ba mo setseng morao o re: “Kea le bolella, esita le Iseraele ha ho na motho eo ke fumaneng a e-na le tumelo e matla hakana.”+ 10 Ha ba ronngoeng ba khutlela ka tlung, ba fumana lekhoba leo le folile.+
11 Hang-hang ka mor’a moo, a ea motseng o bitsoang Naine a tsamaea le barutuoa ba hae le batho ba bang ba bangata. 12 Ha a atamela keiti ea motse, a bona motho ea shoeleng a jeroe a ntšetsoa ka ntle. E ne e le mora ea mong feela+ oa ’mè e mong oa mohlolohali. Mohlolohali eo o ne a tsamaea le batho ba bangata ba tsoang motseng. 13 Ha Morena a mo bona a mo hauhela+ eaba o re ho eena: “U se ke oa lla.”+ 14 A atamela a tšoara lempara leo ba neng ba jere mofu ka lona ’me batho ba le nkileng ba ema. Eaba o re: “Mohlankana, ke u laela hore u tsohe.”+ 15 Mohlankana eo a tsoha, a lula ’me a qala ho bua eaba Jesu o mo isa ho ’mè oa hae.+ 16 Kaofela ba tšoha ’me ba qala ho rorisa Molimo ba re: “Molimo o re hlahiselitse moprofeta e moholo,”+ hape ba re: “Molimo o hopotse batho ba hae.”+ 17 Litaba tsena tsa hae tsa fihla hohle Judea le libakeng tsohle tse haufi le eona.
18 Barutuoa ba Johanne ba mo tlalehela lintho tsena kaofela.+ 19 Kahoo, Johanne a bitsa barutuoa ba hae ba babeli ’me a ba roma ho Morena hore ba re: “Na ke uena ea tlang+ kapa re lebelle e mong?” 20 Ha banna bao ba fihla ho eena ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romme ho uena hore re u botse hore na ke uena ea tlang kapa re lebelle e mong.” 21 Ka eona nako eo, a phekola ba bangata ba neng ba e-na le maloetse,+ mafu a bohloko le ba kenoeng ke bademona. A ba a etsa hore ba sa boneng ba boele ba bone. 22 Jesu a re ho barutuoa ba Johanne: “Tsamaeang le bolelle Johanne hore na le utloile’ng le hore na le bone’ng: Hona joale ba foufetseng baa bona,+ ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba folisoa, ba sa utloeng litsebeng baa utloa+ le bafu ba ntse ba tsosoa, bafutsana bona ba bolelloa litaba tse monate.+ 23 Ho thaba motho ea ntšepang a sa belaele.”*+
24 Ha barutuoa ba Johanne ba se ba ile, Jesu a re ho matšoele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang? Na ke motho ea kang lehlaka le ntseng le tsukutloa ke moea?+ 25 Le bone mang? Na le bone monna ea apereng liaparo tse turu?+ Batho ba apereng liaparo tse turu le ba ruileng ba matlong a marena. 26 Joale, ha e le hantle e ne e le mang? Na e ne e le moprofeta? E, e ne e le moprofeta a bile a le bohlokoa haholo ho feta baprofeta.+ 27 Enoa ke eo ho ngotsoeng tjena ka eena: ‘Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+ 28 Kea le bolella, har’a bohle ba kileng ba phela, ha ho e moholo ho Johanne empa motho e monyenyane ’Musong oa Molimo o moholo ho eena.”+ 29 (Ha babokelli ba lekhetho le batho ba bang ba neng ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne+ ba utloa taba ena, ba phatlalatsa hore Molimo o lokile. 30 Empa litsebi tsa Molao le Bafarisi ba ile ba iphapanyetsa keletso* eo Molimo a ba fang eona+ kaha ba ne ba sa kolobetsoa ke Johanne.)
31 Jesu a boela a re: “Ebe batho ba moloko oo nka ba bapisa le mang? Ba tšoana le mang?+ 32 Ba tšoana le bana ba banyenyane ba lutseng ’marakeng ba ntseng ba hoeletsana ba re: ‘Re ile ra le letsetsa lekolilo eaba ha le tantše, ra lla eaba ha le utloe bohloko.’ 33 Ka tsela e tšoanang, Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je, a sa noe+ empa la re: ‘O na le modemona.’ 34 Mor’a motho eena o tlile a ja, a noa empa le re: ‘Bonang motho enoa ea jang ho feta tekano le ea ipolaisang veine. Ke motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe.’+ 35 Leha ho le joalo, lintho tse lokileng tseo motho a li etsang li bontša hore o bohlale.”+
36 Mofarisi e mong a phehella Jesu hore a tle lijong ha hae. Eaba Jesu o ea ha Mofarisi eo ’me o lula tafoleng le eena. 37 Ho ne ho e-na le mosali oa moetsalibe motseng oo. Ha a utloa hore Jesu o lijong ha Mofarisi eo, a ea a nkile botlolo ea alabastera e tšetseng oli e nkhang hamonate.+ 38 A khumama maotong a Jesu, a lla, a mo kolobisa maoto ka meokho eaba o a hlakola ka moriri oa hae. A suna maoto a hae eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate. 39 Ha Mofarisi eo a bona tsena tsohle a re ka pelong: “Hoja monna enoa e ne e hlile e le moprofeta, o ne a ka tseba hore na mosali enoa ke mang le hore na ke motho oa mofuta ofe. O ne a ka tseba hore ke moetsalibe.”+ 40 Empa kaha Jesu o ne a tseba hore na o ntse a nahana’ng a re ho eena: “Simone,* ho na le ntho eo ke batlang ho u bolella eona.” A re: “Mosuoe, ke mametse.”
41 Jesu a re ho eena: “Banna ba babeli ba ne ba kolota motho e mong. Oa pele o ne a mo kolota lidenari* tse 500, oa bobeli a mo kolota tse 50. 42 Banna bao ka bobeli ba ne ba se na mokhoa oa ho mo patala eaba oa ba tšoarela. Ha ba le babeli joalo ke mang ea tla rata monna eo haholo?” 43 Simone a re: “Ke nahana hore ke ea neng a mo kolota chelete e ngata haholo.” A re: “U arabile hantle.” 44 A sheba ka ho mosali eo eaba o re ho Simone: “Oa mo bona mosali eo? O tšetse maoto a ka ka meokho ea hae, a a hlakola ka moriri oa hae. Empa uena ke kene ka tlung ea hao eaba ha u mphe metsi bakeng sa maoto a ka. 45 Ha oa ntšuna empa mosali enoa eena esale a suna maoto a ka ho tloha ke kene mona. 46 Ha oa tlotsa hlooho ea ka ka oli empa mosali enoa o tlotsitse maoto a ka ka oli e nkhang hamonate. 47 Kahoo kea u joetsa, le hoja mosali enoa a entse libe tse ngata,* libe tseo li tšoaretsoe+ hobane o nthatile haholo. Empa ea tšoaretsoeng ho honyenyane o rata hanyenyane.” 48 Joale a re ho mosali eo: “U tšoaretsoe libe.”+ 49 Ba neng ba lutse le eena tafoleng ba buisana ba re: “Monna enoa ea bileng a tšoarelang libe ke mang?”+ 50 Eaba o re ho mosali eo: “Tumelo ea hao e u pholositse,+ itsamaele ka khotso.”
8 Nakoana ka mor’a moo, a tsamaea metse le metsana a bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo.+ O ne a tsamaea le barutuoa ba hae ba 12 2 hammoho le basali bao a neng a ba phekotse a bile a ntšitse bademona ho bona. Bona ke Maria ea bitsoang Magdalena, eo ho eena ho tsoileng bademona ba supileng, 3 Susanna, Joanna+ mosali oa Kuza e leng monna ea neng a hlokomela ntlo ea Heroda le basali ba bang ba bangata ba neng ba sebelisa lintho tseo ba nang le tsona ho thusa Jesu le baapostola ba hae.+
4 Ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, batho ba ile ba tla ho eena ’me letšoele le leholo la phutheha. Eaba o ba etsetsa papiso o re:+ 5 “Mojali o ile a tsoa ho ea jala. Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela, batho ba e hatakela eaba linonyana lia e ja.+ 6 E ’ngoe ea oela majoeng ’me ka mor’a hore e mele, ea omella hobane ho ne ho se na mongobo.+ 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba ha meutloa e hola ea e bipetsa.+ 8 E ’ngoe eona ea oela mobung o motle, ea mela eaba e beha litholoana tse imenneng ka makhetlo a 100.”+ Ka mor’a ho cho joalo a hoeletsa a re: “Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+
9 Barutuoa ba hae ba mo botsa hore na papiso eo e bolela’ng.+ 10 A re: “Le lumeletsoe ho utloisisa makunutu a halalelang a ’Muso oa Molimo empa ba bang bona ba bolelloa lintho tsohle ka ho etsetsoa lipapiso+ hobane le hoja ba shebile, ha ba bone ’me le hoja ba utloa, ha ba utloisise.+ 11 Joale tlhaloso ea papiso ke ena: Peo ke lentsoe la Molimo.+ 12 Peo e jetsoeng haufi le tsela ke batho ba utloileng lentsoe ebe Diabolose oa tla, o tlosa lentsoe leo lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba le lumela ’me ba pholoha.+ 13 Peo e jetsoeng lipakeng tsa majoe ke batho ba utloang Lentsoe ’me ba le amohela ka thabo empa kaha ha ba na metso, ba lumela ka nakoana ebe ha mathata a hlaha ba khaotsa ho lumela.+ 14 Peo e jetsoeng har’a meutloa ke batho ba utloileng Lentsoe empa kaha ba ferekanngoa ke mathata, maruo+ le menate ea bophelo bona,+ lintho tsena lia ba bipetsa ebe ha ba behe litholoana tse ntle ho hang.+ 15 Peo e jetsoeng mobung o motle eona ke batho ba amohetseng lentsoe ka pelo e ntle haholo+ ebe baa le boloka ’me baa mamella ha ba ntse ba beha litholoana.+
16 Ha motho a qeta ho khantša lebone, ha a le koahele ka sekotlolo kapa a le behe tlas’a bethe empa o le beha holim’a tafole e le hore le khantšetse bohle ba kenang.+ 17 Kaha lintho tsohle tse patiloeng li tla pepesoa, le lintho tse patiloeng ka thata li tla senoloa, li hlahelle.+ 18 Ka hona, le mamele ka hloko hobane ea nang le letho o tla ekeletsoa+ empa ea se nang letho o tla amohuoa le hoo a nahanang hore o na le hona.”+
19 ’Mè oa Jesu le bana babo+ ba tla ho eena empa ba ne ba sa khone ho fihla pel’a hae hobane batho ba ne ba le bangata.+ 20 Kahoo, motho e mong a re ho eena: “’Mè oa hao le bana beno ba eme ka ntle ba batla ho u bona.” 21 A ba araba a re: “’Mè le bana beso ke ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le phetha.”+
22 Ka letsatsi le leng, eena le barutuoa ba hae ba kena ka sekepeng eaba o re ho bona: “A re tšeleleng ka lehlakoreng le leng la leoatle.” Kahoo, ba qalisa leeto ka sekepe.+ 23 Empa ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe a khaleha. Ha e-ba le sefefo se matla leoatleng eaba sekepe se qala ho tlala metsi ’me sa batla se teba.+ 24 Kahoo, ba ea ho eena ’me ba mo tsosa ba re: “Mosuoe, Mosuoe, rea shoa!” Ha a tsoha, a khalemela sefefo le metsi a loebehlanang ’me sefefo sa kokobela, ha thola tu!+ 25 Joale a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le se na tumelo?” Empa ba ne ba tšohile ba bile ba maketse, ba botsana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang hobane o laela lifefo le metsi ’me lia mo mamela?”+
26 Eaba ba fihla lebopong naheng ea Bagerasa+ e ka lehlakoreng le leng la Leoatle la Galilea. 27 Empa ha a tsoa ka sekepeng a khahlanyetsoa ke monna e mong ea neng a kenoe ke bademona. E ne e se e le nako a tsamaea a sa apara a bile a sa lule lapeng, a lula mabitleng.+ 28 Ha a bona Jesu, a itihela fatše ka pel’a hae eaba oa hoeletsa o re: “Hantle u mpatla’ng Jesu Mora oa Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa? Ke kopa u se ke oa ntlhokofatsa.”+ 29 (Kaha Jesu o ne a ntse a laela bademona bao hore ba tsoe ho monna eo. Ba ne ba mo hlasela hangata*+ ebe batho ba mo fasa ka liketane ebile ba mo kata. Empa o ne a li khaola ebe bademona bao ba mo isa naheng.) 30 Jesu a re ho eena: “U mang?” A re: “Ke Legione” hobane o ne a kenoe ke bademona ba bangata. 31 Bademona bao ba ’na ba kopa Jesu hore a se ke a ba laela hore ba ee ka sekoting se tebileng.*+ 32 Ho ne ho e-na le mohlape o moholo oa likolobe+ o ntseng o fula thabeng kahoo, ba mo kopa hore a ba lumelle ho kena ho tsona eaba oa ba lumella.+ 33 Bademona bao ba tsoa ho monna eo eaba ba kena likolobeng ’me likolobe tseo kaofela tsa mathela selomong tsa oela ka leoatleng eaba li khangoa ke metsi. 34 Ha balisa ba bona ntho e etsahetseng, ba baleha ’me ba e tlaleha motseng le libakeng tse ka thoko.
35 Batho ba tsoa ho ea bona hore na ho etsahetse’ng. Ba tla ho Jesu ’me ba fumana monna eo bademona ba tsoileng ho eena a apere a bile a hlaphohetsoe kelellong, a lutse maotong a Jesu eaba baa tšoha. 36 Batho ba boneng hore na ho etsahetse’ng ba ba bolella hore na monna eo ea neng a e-na le bademona o folisitsoe joang. 37 Batho ba bangata ba tsoang naheng ea Bagerasa ba kopa Jesu hore a tsamaee hobane ba ne ba tšohile haholo. Kahoo, a kena sekepeng a tsamaea. 38 Leha ho le joalo, monna eo bademona ba tsoileng ho eena a ’na a kopa ho tsamaea le Jesu empa Jesu a hana a re:+ 39 “Khutlela hae ’me u ’ne u bolelle batho lintho tseo Molimo a u etselitseng tsona.” Kahoo, a tsamaea a bolella batho ba motse kaofela hore na Jesu o mo etselitse’ng.
40 Ha Jesu a khutlela Galilea, batho ba bangata ba mo amohela ka mosa hobane kaofela ba ne ba mo lebeletse.+ 41 Molaoli e mong ea okamelang ntlo ea thapelo* ea bitsoang Jairuse a tla eaba o itihela maotong a Jesu, a mo kopa hore a kene ka tlung ea hae+ 42 hobane morali oa hae ea mong ea neng a ka ba lilemo li 12 o ne a le makhatheng a lefu.
Eitse ha Jesu a re oa ea, letšoele la mo petetsa. 43 Ho ne ho e-na le mosali ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali+ ka lilemo tse 12 ’me ho se na motho ea khonang ho mo phekola.+ 44 A tla ho Jesu a mo hlaha ka morao, a tšoara litjobo tsa seaparo sa hae+ eaba hang-hang oa fola. 45 Jesu a re: “Ke mang ea nthetsitseng?” Kaofela ba itatola. Petrose eena a re: “Mosuoe, batho ba u pota-potileng ba bangata ebile ba u petelitse.”+ 46 Empa Jesu a re: “Ho na le motho ea nthetsitseng hobane ke utloile ha matla+ a tsoa ho ’na.” 47 Ha mosali eo a hlokomela hore ha a na mokhoa oa ho ipata, a khumama ka pel’a Jesu a ntse a thothomela, a mo hlalosetsa ka pel’a batho lebaka leo a mo tšoereng ka lona le kamoo a folisitsoeng hang-hang kateng. 48 Jesu a re ho eena: “Ngoan’eso,* tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso.”+
49 Ha a sa ntse a bua, ha fihla monna ea tsoang lelapeng la molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* a re: “Morali oa hao o hlokahetse, u se ke oa hlola u tšoenya Mosuoe.”+ 50 Ha Jesu a utloa litaba tsena a re: “U se ke oa tšoha, u be le tumelo, morali oa hao o tla phela hape.”*+ 51 Ha a fihla ntlong, a lumella Petrose, Johanne, Jakobo le batsoali ba ngoana feela hore ba kene le eena ka tlung. 52 Batho bohle ba ne ba bokolla hobane ba utloile bohloko ka lebaka la mofu. Empa Jesu a re ho bona: “Khaotsang ho lla+ hobane ha aa shoa, o robetse.”+ 53 Ba mo tšeha hobane ba tseba hore ngoana o shoele. 54 A mo tšoara ka letsoho a mo hoeletsa a re: “Ngoanana, tsoha!”+ 55 A tsoha* hang-hang+ eaba Jesu o re a fuoe lijo. 56 Batsoali ba hae ba ne ba thabile haholo empa Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella batho hore na ho etsahetse’ng.+
9 A bitsa baapostola ba hae ba 12 eaba o ba fa matla a ho leleka bademona bohle+ le ho phekola mafu.+ 2 Ka mor’a moo, a ba roma hore ba rute ka ’Muso oa Molimo le ho folisa batho ba kulang, 3 a re ho bona: “Le se ke la nka mofao bakeng sa leeto, leha e le lere, mokotla oa lijo, bohobe, chelete* kapa liaparo* tse peli.+ 4 Hohle moo le fihlang, le lule ntlong ea motho ho fihlela le tloha motseng oo.+ 5 Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tsoa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+ 6 Ba tloha ba ea le metse ba ntse ba phekola batho ba bile ba ba bolella molaetsa oa ’Muso oa Molimo.+
7 Eaba Heroda* ’musi oa setereke o utloela ka lintho tsohle tse etsahetseng. A makatsoa ke ho utloa batho ba re Johanne o tsositsoe bafung.+ 8 Ba bang ba re ke Elia, ba bang bona ba re ke moprofeta e mong oa khale ea tsositsoeng bafung.+ 9 Heroda a re: “Ha ke khaotse Johanne hlooho,+ joale eo ea etsang lintho tsee eena ke mang?” Eaba o batla ho mo bona.+
10 Ha baapostola ba khutla ba mo phetela hore na ba entse’ng.+ Eaba o tsamaea le bona ba le bang ba ea motseng o bitsoang Bethsaida.+ 11 Ha batho ba utloa ka taba ena ba ba sala morao. Jesu a ba amohela ka mosa, a bua le bona ka ’Muso oa Molimo a ba a folisa ba kulang.+ 12 Ha e e-ba mantsiboea baapostola ba hae ba tla ho eena ba re: “E-re batho bana ba tsamaee ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le lijo hobane mona ho hole.”+ 13 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli feela, ntle le haeba re ka e’o ba rekela lijo.” 14 Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuoa ba hae: “E-reng ba ikarole ba lule ka lihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa joalo eaba batho kaofela ba lula fatše. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso. A li qhetsola, a li fa barutuoa, barutuoa bona ba li fa batho. 17 Bohle ba ja ba khora ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng lijo tse setseng.+
18 Hamorao ha a ntse a rapela a le mong, barutuoa ba tla ho eena eaba o re ho bona: “Batho ba re ke mang?”+ 19 Ba re ho eena: “Ba bang ba re u Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re u Elia, ba bang bona ba re u e mong oa baprofeta ba khale ea tsositsoeng bafung.”+ 20 A re ho bona: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “U Kreste ea rometsoeng ke Molimo.”+ 21 A ba kopa hore ba se ke ba joetsa mang kapa mang ka taba ena.+ 22 A boela a re: “Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela ’me o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+
23 A re ho batho bohle: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.+ A ikemisetse ho mamella mahloriso* letsatsi le letsatsi ’me a ’ne a ntatele.+ 24 Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoang hobane e le molateli oa ka, o tla phela hape.+ 25 Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe haeba a rua lefatše lohle empa a feletsoe ke bophelo ba hae kapa a intša kotsi?+ 26 Etsoe mang kapa mang ea ntšoabelang le ea soabelang litaba tsa ka, Mor’a motho le eena o tla mo soabela ha a tla ka khanya ea hae, ea Ntate oa hae le ea mangeloi a halalelang.+ 27 Kannete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shoa pele ba bona ’Muso oa Molimo.”+
28 Ha ho se ho fetile matsatsi a ka bang robeli a buile mantsoe ao, a tsamaea le Petrose, Johanne le Jakobo ba ea thabeng ho ea rapela.+ 29 Ha a ntse a rapela, sefahleho sa hae sa fetoha ’me liaparo tsa hae tsa e-ba bosoeu bo benyang. 30 Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba ntseng ba buisana le Jesu, e ne e le Moshe le Elia. 31 Ba hlaha ba khanya eaba ba qala ho bua ka hore Jesu o tla falla lefatšeng ha a le Jerusalema.+ 32 Petrose le barutuoa ba bang ba ne ba imetsoe ke boroko empa ha ba hlaphoheloa ba bona Jesu a khanya+ a eme le banna ba babeli. 33 Ha banna bao ba itokisetsa ho tloha, Petrose a re ho Jesu: “Mosuoe, ke hantle hore ebe re mona. Joale ha re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” Empa o ne a sa ikutloe hore na o ntse a re’ng. 34 Ha a sa ntse a bua ha hlaha leru, la ba koahela eaba baa tšoha. 35 Lentsoe+ la hlaha lerung leo la re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo khethileng.+ Mo mameleng.”+ 36 Ha lentsoe leo le hlaha Jesu o ne a se a setse a le mong. Ba thola tu! eaba ba qeta nako ho se motho eo ba mo bolellang ntho eo ba e boneng.+
37 Letsatsi le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letšoele la khahlanyetsa Jesu.+ 38 Monna e mong a hoeletsa har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke kopa u thuse* mora oa ka, ke ngoan’a ka a le mong feela.+ 39 O kenoa ke modemona, o etsa hore a lle, a tsitsipane a be a tsoe makoeba ka hanong. Ha o mo kene o tsoa ka thata. 40 Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba mo ntše empa ba ile ba hloleha.” 41 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng khopo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Tlisa mora oa hao koano.”+ 42 Eitse ha ngoana a atamela, modemona a mo lahlela fatše a etsa hore a thothomele habohloko. Jesu a khalemela modemona eo, a folisa ngoana eaba o mo isa ho ntate oa hae. 43 Batho kaofela ba tsota matla a Molimo.
Ha ba sa ntse ba makalitsoe ke lintho tseo a li entseng, a re ho barutuoa ba hae: 44 “Mamelang mantsoe ana ka hloko, le a hopole: Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho.”+ 45 Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng. Taba ena e ne e entsoe lekunutu e le hore ba se ke ba e utloisisa hape ba ne ba tšaba ho mo botsa hore na o bolela’ng.
46 Ba qala ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona.+ 47 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a nka ngoana e monyenyane a mo emisa pel’a hae 48 eaba o re ho bona: “Mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka le ’na oa nkamohela. Mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.+ Etsoe ea itšoarang joaloka ngoana e monyenyane har’a lona kaofela ke eena e moholo.”+
49 Johanne a re: “Mosuoe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao ’me ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa tsamaee le rona.”+ 50 Jesu a re ho eena: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane mang kapa mang ea seng khahlanong le lona o eme le lona.”
51 Ha nako ea hore Jesu a nyolohele leholimong+ e ntse e atamela, o ile a ikemisetsa ho ea Jerusalema. 52 A roma ba bang ba barutuoa ba hae hore ba mo etelle pele. Eaba ba ea Samaria ho mo lokisetsa moo a tla fihlela teng. 53 Empa ha baa ka ba mo amohela+ hobane o ne a ikemiselitse ho ea Jerusalema. 54 Ha Jakobo le Johanne+ ba hlokomela ba re: “Morena, re laele mollo hore o theohe leholimong o ba timetse?”+ 55 Jesu a sheba ka ho bona eaba oa ba khalemela. 56 Eaba ba ea motseng o mong.
57 Ha ba le tseleng motho e mong a re ho eena: “Ke tla u latela kae kapa kae moo u eang teng.” 58 Empa Jesu a re ho eena: “Liphokojoe li na le moo li lulang* le linonyana li na le lihlaha empa Mor’a motho eena ha a na ntlo.”*+ 59 Jesu a re ho e mong: “E-ba molateli oa ka.” Monna eo a re: “Morena, ke kopa ho e’o pata Ntate pele.”+ 60 Empa Jesu a re ho eena: “Tlohela bafu+ ba pate bafu ba bona, uena tsamaea u phatlalatse ’Muso oa Molimo hohle.”+ 61 E mong eena a re: “Ke tla u latela Morena empa ntumelle ke e’o re ba lelapa la ka ba sale hantle.” 62 Jesu a re ho eena: “Motho ea behang letsoho mohomeng empa a hetlile morao,+ ha a tšoaneloe ke ’Muso oa Molimo.”+
10 Ka mor’a lintho tsena Morena a khetha ba bang ba 70 a ba roma ka bobeli+ hore ba mo etelle pele ho ea motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ea ho oona. 2 A re ho bona: “Kannete kotulo e kholo empa basebetsi baa fokola. Ka hona, le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.+ 3 E-eang empa le itlhokomele, ke le romela le le joaloka likonyana har’a liphiri.+ 4 Le se ke la nka sepache, mokotla oa lijo kapa lieta*+ ’me le se ke la qeta nako e telele le ntse le lumelisa batho ha le le tseleng. 5 Ha le fihla ntlong efe kapa efe le qale ka ho re: ‘E se eka ntlo ena e ka ba le khotso.’+ 6 Haeba batho bao e le batho ba khotso, khotso eo le ba lakaletsang eona e ke e be ho bona. Empa haeba ho se joalo, e ke e khutlele ho lona. 7 Haeba le fumana batho ba khotso, le lule ntlong eo,+ le je le ho noa lintho tseo ba le fang tsona+ kaha motho ea sebetsang o tšoanela ho fuoa lijo.+ Le se ke la tloha moo le fihletseng teng.
8 Haeba ba le amohela motseng ofe kapa ofe, le je lijo tseo ba le fang tsona, 9 le phekole bakuli ba moo le be le phatlalatse hore ’Muso oa Molimo o atametse.+ 10 Motseng ofe kapa ofe moo ba sa le amoheleng, le ee literateng tsa oona tse kholo le re: 11 ‘Lerole le maotong a rona le tsoang motseng oa lona rea le hlohlora e le bopaki ba hore re le lemositse.+ Le tsebe hore ’Muso oa Molimo o atametse.’ 12 Kea le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ea Sodoma e tla ba bobebe ho feta ea motse oo.+
13 Ho malimabe lona baahi ba Korazine le Bethsaida. Hoja mehlolo e etsahetseng metseng ea lona e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e le khale baahi ba teng ba bakile, ba apere lesela le hoashang* le ho lula moloreng.+ 14 Ka lebaka leo, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ea baahi ba Tire le Sidone e tla ba bobebe ho feta ea lona. 15 Le lona baahi ba Kapernauma, na Molimo o tla le phahamisetsa leholimong? Ho hang, o tla le theolela Lebitleng.*
16 Ea le mamelang le ’na oa ’mamela.+ Ea iphapanyetsang lona o iphapanyetsa ’na. Hape ea iphapanyetsang ’na o iphapanyetsa le Ea nthomileng.”+
17 Barutuoa ba 70 ba khutla ba thabile ba re: “Morena, esita le bademona baa re mamela ha re ba leleka ka lebitso la hao.”+ 18 Eaba o re ho bona: “Ke bona Satane a se a oele+ joaloka lehalima leholimong. 19 Bonang, ke le file matla a ho hatakela linoha le liphepheng le a ho hlola sera se matla+ ’me ha ho letho le tla le ntša kotsi. 20 Leha ho le joalo, le se ke la thabela feela hore ebe bademona baa le mamela empa le thabisoe ke hore mabitso a lona a ngotsoe maholimong.”+ 21 Ka eona nako eo, Molimo a fa Jesu moea o halalelang, moea oo oa etsa hore a thabe eaba o re: “Ke u rorisa phatlalatsa Ntate, Morena oa leholimo le lefatše hobane u patetse ba bohlale le ba rutehileng lintho tsena+ ’me u li senoletse bana ba banyenyane. E, Ntate hobane ke thato ea hao hore ho be joalo.+ 22 Ntate ke eena ea mphileng lintho tsohle. Ha ho na motho ea ntsebang* haese Ntate ebile ha ho na motho ea tsebang Ntate haese ’na+ le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.”+
23 A bua le barutuoa moo ba leng bang a re: “Lea thaba hobane le bona lintho tsena.+ 24 Kannete ke re ho lona, baprofeta le marena ba ile ba lakatsa ho bona lintho tseo le li bonang+ le ho utloa lintho tseo le li utloang empa ha baa ka ba li bona kapa ba li utloa.”
25 Monna e mong oa setsebi sa Molao o ne a batla ho leka Jesu eaba oa ema o re: “Mosuoe, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 26 A re ho eena: “Molao o re’ng, na oa o utloisisa?” 27 Monna eo a re ho eena: “‘U rate Jehova* Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka matla a hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’+ Hape ‘u rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.’”+ 28 Jesu a re ho eena: “U arabile hantle, u ’ne u etse joalo ’me u tla fumana bophelo bo sa feleng.”+
29 Empa kaha monna eo o ne a batla ho ipaka hore o lokile,+ a re ho Jesu: “Hantle-ntle moahisani oa ka ke mang?” 30 Jesu a mo araba ka ho re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko eaba masholu aa mo hlasela, a mo nkela lintho tsohle, a mo otla eaba a mo siea a le makhatheng a lefu. 31 Joale ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo empa ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. 32 Molevi e mong le eena a theoha ka tsela eo eaba o etsa ntho e tšoanang. 33 Empa Mosamaria+ eena ha a feta ka tsela eo, a mo bona eaba oa mo hauhela. 34 A ea ho eena, a tšela maqeba a hae ka oli le veine eaba oa a tlamisa. A mo palamisa tonki ea hae, a mo isa ntlong ea baeti ’me a mo hlokomela. 35 Letsatsing le hlahlamang, a fa mohlokomeli oa ntlo ea baeti lidenari* tse peli eaba o re ho eena: ‘Mo hlokomele. Haeba u ka sebelisa chelete e fetang ena ke tla u patala ha ke khutla.’ 36 Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani+ oa monna ea hlasetsoeng ke masholu?” 37 A re: “Ke ea ileng a mo hauhela.”+ Joale a re ho eena: “Tsamaea le uena u etse ntho e tšoanang.”+
38 Ba tsoela pele ka leeto eaba ba fihla ha mosali e mong ea bitsoang Maretha,+ a ba amohela lapeng ha hae. 39 Maretha o ne a e-na le ngoan’abo ea bitsoang Maria, ea ileng a lula maotong a Jesu hore a mo mamele. 40 Maretha eena o ne a phathahane ka mesebetsi e mengata. A ea ho Jesu a re: “Morena, na u bona ho lokile hore Maria a ntlohele ke sebetse ke le mong? Ke kopa u re a tl’o nthusa.” 41 Jesu a re ho eena: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile ka lintho tse ngata haholo. 42 Ha re hloke lintho tse ngata, e le ’ngoe feela e tla be e lekane. Maria o khethile ntho e nepahetseng+ ’me ha ho motho ea ka mo tsekisang eona.”
11 Jesu o ne a le sebakeng se seng a ntse a rapela. Ha a qeta ho rapela, e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: “Morena, re rute ho rapela joalokaha Johanne a rutile barutuoa ba hae.”
2 A re ho bona: “Nako eohle ha le rapela le re: ‘Ntate, lebitso la hao le halaletsoe.+ ’Muso oa hao o tle.+ 3 U re fe bohobe ba letsatsi lena ho ea ka litlhoko tsa rona.+ 4 U re tšoarele liphoso tsa rona+ kaha le rona re tšoarela ba bang liphoso tsa bona.+ U se ke oa re lumella hore re hloloe ke moleko.’”*+
5 Jesu a boela a re ho bona: “A re re u na le motsoalle ebe u ea ha hae har’a mpa ea bosiu u re ho eena: ‘Motsoalle, ke kopa u mphe* mahobe a mararo 6 hobane ke na le moeti ea tsoang hole joale ha ho na letho leo nka mo fang lona.’ 7 Ebe motsoalle o araba a le ka tlung o re: ‘Ke hobane’ng ha u tla bosiu tjee? Monyako o se o notletsoe ebile ’na le bana ba ka re se re robetse. Nka se khone ho tsoha ke u fe bohobe.’ 8 Kea le bolella, o tla tsoha a u fe lintho tseo u li batlang eseng hobane e le motsoalle oa hao empa hobane u ile oa mo phehella.+ 9 Kahoo, ke re ho lona, le ’ne le kope,+ le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana. Hape le ’ne le kokote, le tla buleloa.+ 10 Mang kapa mang ea kopang oa fuoa,+ ea batlang oa fumana le ea kokotang oa buleloa. 11 Ke ntate ofe har’a lona eo ekareng ha mora oa hae a mo kopa tlhapi ebe o mo fa noha?+ 12 Kapa ha a mo kopa lehe ebe o mo fa phepheng? 13 Ka hona, haeba lona le hoja le le baetsalibe le tseba ho fa bana ba lona limpho, le tsebe hore joang kapa joang le Ntate oa lona ea maholimong o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang.”+
14 Monna e mong o ne a kenoe ke modemona ea etsang hore a se ke a khona ho bua eaba Jesu o leleka modemona eo.+ Ka mor’a hore a tsoe, monna eo a bua eaba batho ba bangata baa makala.+ 15 Empa ba bang ba bona ba re: “O leleka bademona ka Beelzebube* ’musi oa bademona.”+ 16 Batho ba bang ba mo leka ba re a etse mohlolo+ o tsoang leholimong. 17 Ka ho tseba menahano ea bona,+ a re ho bona: “’Muso o mong le o mong o arohaneng o tla oa, le lelapa* le arohaneng le ke ke la tšoarella. 18 Kahoo, haeba Satane le eena oa itoantša, ’muso oa hae o tla ema joang? Kaha le re ke leleka bademona ka Beelzebube. 19 Joale haeba ’na ke leleka bademona ka Beelzebube, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ke ka lebaka lena ba tla le ahlola. 20 Empa haeba ke leleka bademona ka matla* a Molimo,+ ’Muso oa Molimo o se o fihlile empa ha le e-s’o o bone.+ 21 Ha monna ea matla ea hlometseng hantle a lebela ntlo ea hae, thepa ea hae e lula e sireletsehile. 22 Empa haeba motho e mong ea matla ho mo feta a mo hlasela ebe oa mo hlola, o tla mo amoha lihlomo tsohle tsa hae tseo a li tšepileng ebe o inkela lintho tsa hae. 23 Mang kapa mang ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na ’me mang kapa mang ea sa bokelleng le ’na oa hasanya.+
24 Ha modemona a tsoa ho motho, o feta libakeng tse omeletseng a ntse a batla sebaka sa phomolo. Ha a sa se fumane o re: ‘Ke tla khutlela ntlong ea ka eo ke ileng ka tsoa ho eona.’+ 25 Ha a fihla o fumana ntlo eo e fietsoe ebile e khabisitsoe, 26 joale o lata bademona ba bang ba supileng ba khopo ho mo feta ebe o tsamaea le bona. Baa kena ebe ba lula moo ’me qetellong motho eo o ba mobe ho feta pele.”
27 Ha Jesu a ntse a bua lintho tsena, mosali e mong har’a letšoele a hoeletsa a re ho eena: “Ho thaba mosali ea u tsoetseng a ba a u nyantša.”+ 28 Empa Jesu a re: “Che, ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.”+
29 Ha batho ba ntse ba bokana ka bongata a re: “Batho ba moloko ona ba khopo. Ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona haese mohlolo o etsahaletseng Jonase.+ 30 Joalokaha Jonase+ e ile ea e-ba pontšo ho Baninive, Mor’a motho le eena e tla ba pontšo ho moloko ona. 31 Mofumahali oa boroa+ o tla tsosoa bafung le batho ba moloko ona ka letsatsi la kahlolo ’me o tla ba ahlola hobane o ile a tla a tsoa sebakeng se hole haholo ho tla bona kamoo Solomone a leng bohlale kateng. Empa ea teng mona o bohlokoa ho feta Solomone.+ 32 Ka letsatsi la kahlolo, batho ba Ninive ba tla tsoha bafung le ba moloko ona ’me batho ba Ninive ba tla ba ahlola hobane ba ile ba baka ha ba utloa molaetsa oa Jonase.+ Empa ea teng mona o bohlokoa ho feta Jonase. 33 Ha motho a qeta ho khantša lebone, ha a le behe tlas’a baskete kapa a le pate empa o le beha holim’a tafole+ e le hore le khantšetse bohle ba kenang. 34 Lebone la ’mele ke leihlo. Haeba leihlo la hao le sheba nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao oa khanya. Empa haeba leihlo la hao le sheba lintho tse fosahetseng,* ’mele oohle oa hao o lefifi.+ 35 Ka hona, hlokomela hore e se ke eaba leseli le ka ho uena ke lefifi. 36 Joale haeba ’mele oohle oa hao o khanya, o se na lefifi ho hang, o tla khanya joalokaha lebone le fana ka khanya.”
37 Ka mor’a hore a bue mantsoe ana, Mofarisi e mong a mo kopa hore a ee lijong ha hae. Eaba Jesu oa ea o lula tafoleng le eena. 38 Empa Mofarisi eo a makatsoa ke ho bona Jesu a sa hlape matsoho* pele a ja.+ 39 Empa Morena a re ho eena: “Lona Bafarisi, le hloekisa bokantle ba kopi le ba sejana empa ka hare le tletse meharo le bokhopo.+ 40 Lithoto! Ea bopileng seo re leng sona ka ntle o bopile le seo re leng sona ka hare. 41 Le etsetse bafutsana* lintho tse ntle ka hore le fane ho tsoa pelong. Ha le etsa joalo le tla be le hloekile. 42 Empa le malimabe lona Bafarisi hobane le fana ka karolo ea leshome ea koena, rue* le meroho e meng kaofela+ empa ha le etsise Molimo ka hore le be le lerato le toka. Le ne le tlameha ho etsa lintho tsena empa eseng hore le iphapanyetse lintho tse ling.+ 43 Le malimabe lona Bafarisi hobane le rata litulo tse ka pele* ka matlung a thapelo* le ho lumelisoa limmarakeng.+ 44 Le malimabe hobane le joaloka mabitla a sa bonahaleng,*+ ao batho ba tsamaeang ho ’ona ba sa hlokomele.”
45 E mong oa litsebi tsa Molao a re ho eena: “Mosuoe, ha u cho joalo le rona oa re rohaka.” 46 Jesu a re: “Le malimabe le lona litsebi tsa Molao hobane le imetsa batho ka mejaro e boima empa lona ha le e thetse le ka monoana feela.+
47 Le malimabe hobane le haha mabitla a baprofeta bao baholo-holo ba lona ba ba bolaileng.+ 48 Le tseba liketso tsa baholo-holo ba lona empa le lumellana le tsona. Ba bolaile baprofeta+ leha ho le joalo le ba hahela mabitla. 49 Ke kahoo Molimo ea bohlale a ileng a re: ‘Ke tla romela baprofeta le baapostola ho bona empa ba tla bolaea le ho hlorisa ba bang ba bona 50 e le hore moloko ona o ka ba molato oa mali a baprofeta bohle bao esale ba bolaoa ho tloha ha lefatše le thehoa,+ 51 ho tloha ho Abele+ ho fihlela ho Zakaria ea ileng a bolaeloa pakeng tsa aletare le ntlo.’*+ Kannete kea le bolella hore moloko ona o tla ba molato.
52 Le malimabe lona litsebi tsa Molao hobane le timme batho monyetla oa ho fumana tsebo.* Ha lea ka la kena ’Musong oa Molimo ebile le sitisa ba kenang.”+
53 Ha a tsoa moo, bangoli le Bafarisi ba mo bokanela le ho mo emella ka lipotso tse ling tse ngata, 54 ba laletse ho mo tšoara ka lipuo.+
12 Ka nako eo, ha letšoele la batho ba likete-kete le ne le petetsane, Jesu a qala ka ho re ho barutuoa ba hae: “Le itebele khahlanong le tomoso ea Bafarisi e leng boikaketsi.+ 2 Lintho tse patiloeng ka thata li tla pepesoa, le liphiri li senoloe.+ 3 Kahoo, lintho tseo le li buang lefifing li tla hlahella leseling, le tseo le li hoeshetsang le le ka likamoreng tsa lona batho ba tla li phatlalatsa ba le holim’a matlo. 4 Hape ke re ho lona metsoalle ea ka,+ le se ke la tšaba batho ba ka le bolaeang feela ka mor’a moo ba sa khone ho etsa letho le fetang moo.+ 5 Empa ke tla le joetsa hore na le lokela ho tšaba mang: Le tšabe ea nang le matla a ho bolaea batho ebe ka mor’a moo o ba lahlela Gehena.*+ Kea le bolella, enoa ke eena eo le lokelang ho mo tšaba.+ 6 Le hoja lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tse peli tsa tšepe,* ha ho le se le seng sa tsona seo Molimo a se lebalang.*+ 7 Ha e le lona, o tseba palo ea moriri o lihloohong tsa lona.+ Ka hona, le se ke la tšoha, le bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.+
8 Ke re ho lona, e mong le e mong ea buang phatlalatsa hore ke morutuoa oa ka,+ le ’na ke le Mor’a motho ke tla bua ka pel’a mangeloi a Molimo hore ke morutuoa oa ka.+ 9 Empa mang kapa mang ea ntatolang ka pel’a batho, le ’na ke tla mo latola ka pel’a mangeloi a Molimo.+ 10 Mang kapa mang ea nyefolang Mor’a motho o tla tšoareloa. Empa mang kapa mang ea rohakang moea o halalelang, a ke ke a tšoareloa.+ 11 Ha ba le tlisa ka pel’a liphutheho,* babusi le balaoli, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng kapa le tla bua joang ha le itšireletsa+ 12 hobane moea o halalelang o tla le tsebisa ka nako eo hore na le re’ng.”+
13 Motho e mong har’a letšoele a re ho Jesu: “Mosuoe, e-re abuti oa ka a nkarolele lefa.” 14 Jesu a re ho eena: “Monn’a heso, ke mang ea nkentseng moahloli kapa motho ea rarollang litaba tsa lona?” 15 Eaba o re ho bona: “Itlhokomeleng ’me le qobe mefuta eohle ea meharo+ hobane le haeba motho a e-na le lintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+ 16 Eaba o ba etsetsa papiso o re: “Tšimo ea morui e mong e ne e behile haholo. 17 Kahoo, a re ka pelong: ‘Ke tla etsa joang ha e le moo ho se na moo ke bokellelang lijo tsa ka teng? 18 Ke tla etsa tjena:+ Ke tla liha litoro tsa ka* ke hahe tse kholo ebe ke bokella lijo* tsa ka kaofela le thepa eohle ea ka moo 19 ebe ke re: “Ke na le lintho tse ngata tseo esale ke li bokella ka lilemo-lemo. Ke tla khatholoha, ke je, ke noe, ke thabele bophelo.’” 20 Empa Molimo a re ho eena: ‘Uena ea se nang kelello, u tl’o shoa bosiung bona. Joale lintho tseo u li bokeletseng e tla ba tsa mang?’+ 21 Ho tla ba joalo ka motho ea ipokeletsang ka maruo empa mahlong a Molimo e le mofutsana.”+
22 Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Ka lebaka lena ke re ho lona, tlohelang ho tšoenyeha ka bophelo ba lona hore na le tla ja’ng kapa la tšoenyeha ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.+ 23 Etsoe bophelo bo bohlokoa ho feta lijo le ’mele o bohlokoa ho feta liaparo. 24 Shebang makhoaba, ha a jale peo, ha a kotule ebile ha a na litoro kapa moo a bokellelang lijo teng empa Molimo oa a fepa.+ Na ha le bohlokoa haholo ho feta linonyana?+ 25 Ke mang ho lona eo ha a tšoenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae leha e le hanyenyane feela?* 26 Haeba le ke ke la khona ho etsa ntho e nyenyane joalo, ke hobane’ng ha le tšoenyeha ka lintho tse ling?+ 27 Hlokomelang kamoo lipalesa* li holang kateng. Ha li lohe liaparo ebile ha li sebetse ka thata empa kea le bolella hore esita le Solomone le hoja a ne a apara hantle, o ne a sa apare joaloka tsona.+ 28 Haeba ena ke tsela eo Molimo a apesang limela tsa naha ka eona, tse leng teng kajeno ’me hosane li lahleloa ka ontong, na a ke ke a le apesa le ho feta, lona ba nang le tumelo e nyenyane? 29 Kahoo, tlohelang ho tšoenyeha ka hore na le tla ja’ng le hore na le tla noa’ng, le be le tlohele ho tšoenyeha ho sa hlokahale+ 30 hobane tsena tsohle ke lintho tseo batho ba lichaba ba phathahanang ka tsona empa Ntate oa lona oa tseba hore le hloka lintho tsena.+ 31 Etsang hore ’Muso oa Molimo e be ntho e tlang pele bophelong ba lona* ’me Molimo o tla le ekeletsa lintho tse ling.+
32 Lona mohlatsoana, le se ke la tšoha+ hobane Ntate oa lona o thabela ho le fa ’Muso.+ 33 Rekisang lintho tsa lona ’me le fane ka limpho ho bafutsana.*+ Iketsetseng lipache tse ke keng tsa fela, e leng letlotlo le sa feleng leholimong,+ moo masholu a sa atameleng le moo tšoele* e sa jeng. 34 Kaha moo letlotlo la lona le leng teng, le lipelo tsa lona li tla ba hona teng.
35 Itokiseng,*+ le khantše mabone+ 36 ’me le be malala-a-laotsoe joaloka batho ba emetseng mong’a bona hore a khutle+ lechatong+ e le hore ha a fihla a kokota ba tle ba mo bulele hang-hang. 37 Makhoba ao aa thaba ha mong’a ’ona a fihla a fumana a falimehile. Kannete ke re ho lona, o tla itokisa,* a re makhoba a lule tafoleng ebe oa a ngoathela. 38 Le haeba a ka fihla har’a mpa ea bosiu* kapa ha mokoko o lla* ebe o fumana makhoba a ntse a falimehile, a tla thaba. 39 Empa hopolang hore haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla fihla ka nako efe, a ka be a sa ka a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe.+ 40 Le lona le lule le itokisitse hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”+
41 Eaba Petrose o re: “Morena, papiso ee u e bolella rona feela kapa le batho bohle?” 42 Morena a re: “Hantle ke mang mohlanka* ea tšepahalang le ea bohlale eo mong’a hae a tla mo khetha hore a okamele bahlanka ba bang ba hae, a ba fe lijo tse lekaneng ka nako e tšoanetseng?+ 43 Mohlanka eo o tla thaba haeba mong’a hae a mo fumana a etsa joalo. 44 Kannete kea le bolella hore o tla mo khetha hore a hlokomele lintho tsohle tsa hae. 45 Empa haeba mohlanka eo a ka re ka pelong: ‘Mong’a ka o lieha ho fihla,’ ebe o otla bahlanka-’moho le eena, oa ja, oa noa le ho tahoa,+ 46 mong’a hae o tla tla ka letsatsi leo a sa le lebellang le ka hora eo a sa e lebellang. O tla mo fa kotlo e boima ho feta tsohle ebe o mo beha har’a ba sa tšepahaleng. 47 Mohlanka eo o ne a utloisisa thato ea mong’a hae empa ha aa ka a e etsa kapa a itokisa, kahoo o tla shapuoa haholo.+ 48 Empa mohlanka ea entseng lintho tse fosahetseng hobane a sa utloisisa thato ea mong’a hae o tla shapuoa hanyenyane. E mong le e mong ea fuoeng ho hongata o tla batloa ho hongata ’me ea fuoeng boikarabelo bo bongata, batho ba tla batla ho hongata haholo ho eena.+
49 Ke tletse ho besa mollo lefatšeng, joale haeba o se o ntse o tuka ke sa batla’ng hape? 50 Ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetsoa ka eona ’me ke tla lula ke khathatsehile tjena ho fihlela nako ea eona e fetile.+ 51 Le nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng? Le letho, ke tletse ho baka karohano.+ 52 Etsoe ho tloha joale ho ea pele lelapa le tla arohana. Haeba le e-na le batho ba bahlano, ba bararo ba tla loantša ba babeli, ba babeli ba loantše ba bararo. 53 Ba tla arohana, ntate o tla loantša mora le mora a loantše ntate, ’mè a loantše morali le morali a loantše ’mè, matsale a loantše ngoetsi le ngoetsi e loantše matsale.”+
54 A re ho letšoele: “Ha le bona leru le nyoloha ka bophirimela, hang-hang le re: ‘Sefefo sea tla’ ’me ho ba joalo. 55 Ha le bona moea o hlahang ka boroa o foka le re: ‘Ho tla ba le leqhubu la mocheso’ ’me le ba teng. 56 Baikaketsi, le khona ho bona hore na boemo ba leholimo bo tla ba joang, joale ho tla joang hore ebe ha le bone hore na lintho tse etsahalang mehleng ee li bolela’ng?+ 57 Hape ke hobane’ng ha le sa ikahlolele hore na ke hofe ho nepahetseng? 58 Mohlala, ha uena le moqosi oa hao le le tseleng e eang ho morena, u sebeletse ho lokisa litaba le eena e le hore a se ke a tloha a u isa ho moahloli, moahloli a u isa ho mohlanka oa lekhotla eaba mohlanka oa lekhotla o u isa teronkong.+ 59 Kannete kea u joetsa, u ke ke oa tsoa moo ho fihlela u patetse le sente ea ho qetela.”*
13 Ka nako eo, batho ba bang ba neng ba le teng moo ba ile ba bolella Jesu hore Pilato o bolaile Bagalilea ba neng ba etsa mahlabelo. 2 A re ho bona: “Na le nahana hore Bagalilea baa ba shoele hobane e le baetsalibe ba fetang Bagalilea ba bang kaofela? 3 Ho hang! Empa kea le bolella hore haeba le sa bake, le tla shoa joalokaha ba shoele.+ 4 Le re’ng ka banna bane ba 18 bao tora ea Siloame e ba oetseng holimo ea ba bolaea, le nahana hore e ne e le baetsalibe ba fetang banna bohle ba Jerusalema? 5 Ho hang! Empa kea le bolella hore haeba le sa bake, le tla shoa joalokaha ba shoele.”
6 A ba etsetsa papiso a re: “Monna e mong o ne a e-na le sefate sa feie* tšimong ea hae ea morara, eare ha a tla a tl’o kha feie, a fumana se sa beha.+ 7 A re ho motho ea hlokomelang tšimo ea hae ea morara: ‘Lilemo li tharo joale ke ntse ke tla ke batla feie sefateng sena empa ke sa fumane letho. Se reme, ke tšenyo ea mobu feela.’ 8 Ha a mo araba a re: ‘Mong’a ka, se fe selemo sena hape ke tle ke se lemele ebe ke se tšella manyolo. 9 Mohlomong se tla beha, ho seng joalo u se reme.’”+
10 Ka Sabatha e ’ngoe o ne a ruta ka tlung ea thapelo.* 11 Ho ne ho e-na le mosali ea neng a qetile lilemo tse 18 a holofalitsoe ke modemona. O ne a kotlobane haholo hoo a neng a sa khone ho inamoloha ho hang. 12 Ha Jesu a mo bona a re ho eena: “Ngoan’eso,* u tl’o fola.”+ 13 A mo beha matsoho ’me hang-hang mosali eo a otloloha eaba o rorisa Molimo. 14 Empa molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* o ne a halefile hobane Jesu a phekotse motho ka Sabatha. Kahoo, a re ho letšoele: “Ho na le matsatsi a tšeletseng a mosebetsi.+ Ha le batla ho phekoloa le tle ka ’ona matsatsi ao, eseng ka Sabatha.”+ 15 Morena a re ho eena: “Lona baikaketsi,+ ka Sabatha e mong le e mong oa lona o fasolla poho kapa tonki ea hae setaleng ebe o e’o e noesa.+ 16 Mosali enoa eo e leng ngoana oa Abrahama o qetile lilemo tse 18 a sotloa ke Satane. Joale na eena ha aa lokela ho phekoloa ka Sabatha?” 17 Ka mor’a hore a cho joalo, bahanyetsi ba hae kaofela ba soaba empa letšoele kaofela la thabela lintho tsohle tse ntle tseo a li entseng.+
18 Ka mor’a moo a re: “Ebe ’Muso oa Molimo o tšoana le eng, nka o bapisa le eng? 19 O tšoana le peo ea mosetareta eo motho e mong a ileng a e lema jareteng ea hae. E ile ea hola ea e-ba joaloka sefate ’me linonyana tsa hahela makaleng a sona.”+
20 A boela a re: “Ke tla bapisa ’Muso oa Molimo le eng? 21 O tšoana le tomoso eo mosali a ileng a e nka a e tsoaka le lijeke tse tharo tse kholo tsa phofo* ho fihlela hlama eo kaofela e betse.”+
22 Ha a le tseleng e eang Jerusalema, a tsamaea metse le metsana a ntse a ruta batho. 23 Monna e mong a re ho eena: “Morena, na ke ’nete hore ho tla pholosoa ba seng bakae feela?” Jesu a re ho bona: 24 “Loanelang ho kena ka monyako o monyenyane*+ hobane kea le bolella hore ba bangata ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba khona. 25 Hang ha mong’a ntlo a ema a notlela lemati, le tla ema ka ntle le ntse le kokota le re: ‘Morena, re bulele.’+ Empa o tla re ho lona: ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa kae.’ 26 Joale le tla re: ‘Re ne re ja, re noa le uena ebile u ruta batho literateng tse kholo tsa motse oa rona.’+ 27 O tla re ho lona: ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa kae. Tlohang ho ’na kaofela lona ba sa lokang.’ 28 Ke hona moo le tla lla le ho tsikitlanya meno teng ha le bona Abrahama, Isaka, Jakobo le baprofeta bohle ’Musong oa Molimo empa lona le tla be le lahletsoe ka ntle.+ 29 Hape batho ba tla tla ba tsoa ka bochabela, bophirimela, leboea le boroa ’me ba lule tafoleng ’Musong oa Molimo. 30 Ho na le ba bang ba ho qetela bao e tla ba ba pele hape ho na le ba bang ba pele bao e tla ba ba ho qetela.”+
31 Bafarisi ba bang ba tla ho eena ka eona nako eo ba re: “Baleha hobane Heroda o batla ho u bolaea.” 32 Eaba o re ho bona: “Joetsang phokojoe eno hore ke re: ‘Letsatsing lena le hosane ke tla be ke leleka bademona ke be ke folise batho, ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile mosebetsi oa ka.’ 33 Empa hore na ho etsahala’ng, ke tla etsa mosebetsi oa ka letsatsing lena, hosane le ha ho feta hosane, ke tsoele pele ka leeto la ka hobane moprofeta a ka bolaeloa Jerusalema feela, eseng sebakeng sefe kapa sefe.+ 34 Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,+ ke hakae ke neng ke batla ho bokella bana ba hao joalokaha khoho e bokella litsuonyana tsa eona empa la ’na la hana?+ 35 Molimo o tla tlohela ntlo ea lona a le siee le eona.*+ Kea le bolella, ho hang le ke ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.’”*+
14 Ka Sabatha e ’ngoe ha Jesu a tlile lijong ha e mong oa baeta-pele ba Bafarisi, batho ba ne ba mo shebile ka hloko. 2 Ka pel’a hae ho ne ho e-na le monna ea nang le lefu le mo ruruhisang maoto le matsoho. 3 Jesu a re ho Bafarisi le litsebi tsa Molao: “Na molao o lumella hore motho a folisoe ka Sabatha?”+ 4 Eaba baa itholela. Jesu a tšoara monna eo, a mo folisa, ha a qeta a re a tsamaee. 5 Ka mor’a moo a re ho bona: “Ho lona moo ke mang ea ke keng a potlakela ho ntša poho ea hae kapa ngoana oa hae ka selibeng+ hobane feela e le Sabatha?”+ 6 Le lekhetlong lena ba hloleha ho mo araba.
7 Ha a bona baeti ba ikhethela litulo tse ka pele-pele,+ a re ho bona: 8 “Ha motho a u memme lechatong, u se ke oa lula litulong tse ka pele-pele.+ Ho ka etsahala hore ebe o memme e mong ea hlaheletseng ho u feta. 9 Kahoo, o tla tla ho uena a re: ‘E-re motho enoa a lule mona.’ Joale u tla tloha moo u soabile ebe u ea litulong tse morao-rao. 10 Ha u menngoe, u lule litulong tse ka morao-rao e le hore ha motho ea u memmeng a tla a tle a re ho uena: ‘Motsoalle, e-ea litulong tse ka pele-pele.’ Joale batho bohle bao u menngoeng le bona ba tla u hlompha.+ 11 Etsoe mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
12 Ka mor’a moo a re ho motho ea mo memmeng: “Ha u memela batho lijong ebang ke tsa motšehare kapa tsa mantsiboea, u se ke oa mema metsoalle ea hao, bana beno, beng ka uena kapa baahisani ba ruileng hobane ba ka ’na ba u patala ka hore le bona ba u meme. 13 Empa ha u etsa mokete, u meme bafutsana, ba holofetseng le ba sa boneng.+ 14 U tla thaba hobane ba tla be ba se na letho leo ba ka u patalang ka lona. Molimo o tla u buseletsa mohla a tsosang+ batho ba lokileng.”
15 Ha e mong oa batho ba menngoeng hammoho le Jesu a utloa litaba tsena a re ho eena: “Ho lehlohonolo ea tla ba moketeng* oa ’Muso oa Molimo.”
16 Jesu a re ho eena: “Motho e mong o ne a entse mokete o moholo+ eaba o mema batho ba bangata. 17 Ha nako ea mokete e fihla, a roma lekhoba la hae hore le tle le re ho batho ba menngoeng: ‘Tloong hobane lintho li se li lokile.’ 18 Empa kaofela ba qala ho ikhula.+ Oa pele a re: ‘Ke rekile tšimo joale ke lokela ho tsamaea ke e’o e bona, ke kopa ho lokoloha.’ 19 E mong a re: ‘Ke rekile likhomo tse leshome,* ke lokela ho ea li hlahloba, ke kopa ho lokoloha.’+ 20 E mong hape a re: ‘Ke sa tsoa nyala kahoo, ke kopa hore ke se ke ka tla.’ 21 Ha lekhoba leo le khutla le tlalehela mong’a lona lintho tsena, mong’a lona a halefa eaba o re ho lona: ‘Phakisa u ee literateng tse kholo tsa motse u tle le bafutsana, batho ba holofetseng le ba sa boneng.’ 22 Ha lekhoba leo le khutla la re: ‘Mong’a ka, ke entse joalokaha u ntaetse empa ho sa ntse ho e-na le sebaka.’ 23 Mong’a lekhoba leo a re ho lona: ‘E-ea litseleng tse kholo le tse nyenyane u khothaletse batho hore ba tle e le hore ntlo ea ka e ka tlala.+ 24 Kea le bolella, ha ho le ea mong oa batho bao ke neng ke ba memme pele ea tla ja lijo tsa mokete oa ka.’”+
25 Jesu o ne a setsoe morao ke batho ba bangata, a ba hetla eaba o re ho bona: 26 “Motho e ke ke ea e-ba morutuoa+ oa ka haeba a rata ntate oa hae, ’mè oa hae, mosali oa hae, bana ba hae le bana babo ho mpheta esita le haeba a ithata ho mpheta.+ 27 Motho e mong le e mong ea sa ikemisetsang ho mamella mahloriso* ebe o ntšala morao e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.+ 28 Ho lona moo, ke mang eo e reng ha a batla ho haha tora, a sa luleng fatše pele ebe o bala litšenyehelo ho bona hore na o tla hloka thepa e kae hore a e qete? 29 Ho seng joalo, a ka ’na a haha motheo oa eona feela ebe ha a khone ho e qeta. Joale batho ba mo bonang ba tla mo tšeha ba re: 30 ‘Motho enoa o sitiloe ho qeta mohaho oa hae, o khonne ho haha motheo feela.’ 31 Kapa na o teng morena ea eang ntoeng ka masole a 10 000 a sa sheba pele hore na a ka hlola morena oa masole a 20 000? 32 Empa haeba a hlokomela hore a ke ke a khona ho mo hlola, o tla roma sehlopha sa baemeli ha morena eo a sa le hole e le hore ba bope khotso. 33 Kahoo, le hopole hore haeba motho a sa tele lintho tsohle tsa hae, e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.+
34 Letsoai le molemo empa haeba le tapa, le tla nokoa ka’ng hore le be le tatso hape?+ 35 Ha le sa na thuso bakeng sa mobu kapa bakeng sa hore e be monontša, le lahleloa ka ntle. Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+
15 Babokelli ba lekhetho le baetsalibe bohle ba tla ho Jesu e le hore ba mo mamele.+ 2 Ka lebaka leo, Bafarisi le bangoli ba ’na ba honotha ba re: “Monna enoa o amohela baetsalibe ebile o ja le bona.” 3 Jesu a ba etsetsa papiso a re: 4 “Haeba motho a e-na le linku tse 100 ebe e le ’ngoe ea lahleha, na a ke ke a siea tse 99 naheng ebe o e’o batla e le ’ngoe eo e lahlehileng ho fihlela a e fumana?+ 5 Ha a e fumana o e jara mahetleng a thabile. 6 Ha a fihla lapeng o bitsa metsoalle le baahisani ba hae kaofela ebe o re: ‘Thabang le ’na hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.’+ 7 Kea le bolella hore ha moetsalibe a le mong a baka,+ ho ba le thabo e kholo leholimong ho feta ha ho e-na le ba 99 ba sa hlokeng ho baka.
8 Ke mosali ofe ea nang le lichelete tsa tšepe* tse leshome, eo e-reng ha e le ’ngoe e lahleha ebe ha a khantše le ho fiela ka tlung ea hae hore a e batle ho fihlela a e fumana? 9 Ha a e fumana, o bitsa metsoalle ea hae le baahisani ebe o re: ‘Thabang le ’na ha ke fumane chelete ea ka ea tšepe* e neng e lahlehile.’ 10 Ka tsela e tšoanang, mangeloi a Molimo a thaba haholo ha moetsalibe a le mong a baka.”+
11 Jesu a boela a re: “Ho ne ho e-na le motho ea nang le bara ba babeli. 12 Oa ho fela a re ho ntate oa hae: ‘Ntate, mphe karolo ea lefa la ka.’ Eaba o ba arolela mafa a bona. 13 Ka mor’a matsatsi a seng makae, oa ho fela a paka thoto eohle ea hae a ea naheng e hole. Ha a fihla moo, a ja lefa la hae habohlasoa eaba o phela bophelo bo litšila. 14 Ka mor’a hore a senye ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae, ha e-ba le tlala e kholo naheng eo eaba oa futsaneha. 15 A qetella a batlile mosebetsi ho e mong oa baahi ba moo eaba o mo fa mosebetsi oa ho lisa likolobe masimong a hae.+ 16 O ne a lakatsa le ho ja lijo tsa likolobe* empa ho ne ho se na motho ea mo fang letho.
17 Ha a hlaphoheloa a re: ‘Heso ho na le batho ba bangata ba nang le ntho eo ba e jang ha ’na ke bolaoa ke tlala mona. 18 Ke tla tsamaea ke ee hae ebe ke re ho Ntate: “Ntate, ke u sitetsoe ebile ke sitetsoe le Molimo ea leholimong. 19 Ha ke sa lokela ho bitsoa mora oa hao. Ke kopa u nketse e mong oa bahiruoa ba hao.”’ 20 A tsamaea a khutlela hae. Eare ha a sa le hole ntate oa hae a mo bona, a mo utloela bohloko, a matha a ea ho eena a mo haka eaba oa mo suna. 21 Mora eo a re ho ntate oa hae: ‘Ntate, ke u sitetsoe ebile ke sitetsoe le Molimo ea leholimong.+ Ha ke sa lokela ho bitsoa mora oa hao. Ke kopa u nketse e mong oa bahiruoa ba hao.’ 22 Empa ntate eo a re ho makhoba a hae: ‘Phakisang le tle le seaparo se selelele se setle, le mo apese sona, le mo roese reng le be le mo roese lieta.* 23 Le tlise namane e nonneng, le e hlabe, re etse mokete re je 24 hobane mora enoa oa ka o ne a shoele empa o boetse oa phela,+ o ne a lahlehile empa o fumanoe.’ Eaba ba qala ho keteka.
25 Ha mora e moholo a tsoa masimong a atamela ntlo, a utloa lerata la ’mino le batho ba tantšang. 26 A bitsa e mong oa bahlanka a mo botsa hore na ho etsahala’ng. 27 A re ho eena: ‘Ngoan’eno o khutlile, joale ntate oa hao o hlabile namane e nonneng hobane o khutlile a ntse a phetse hantle.’* 28 A halefa, a hana ho kena eaba ntate oa hae oa tsoa o mo kopa hore a kene. 29 A re ho ntate oa hae: ‘Ke u sebelelitse ka lilemo tse ngata ebile ha ke e-s’o tlole le o mong oa melao ea hao empa ha ho mohla u kileng oa mpha leha e le potsanyane e le ’ngoe feela hore ke je le metsoalle ea ka. 30 Empa ha ngoana enoa oa hao ea jeleng leruo la hao le matekatse a fihla, u mo hlabela namane e nonneng.’ 31 Ntate a re ho eena: ‘Ngoan’a ka, haesale u e-na le ’na, lintho tsohle tsa ka ke tsa hao. 32 Empa re ne re tlameha ho keteka, re thabe hobane ngoan’eno o ne a shoele empa o boetse oa phela, o ne a lahlehile empa o fumanoe.’”
16 Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Morui e mong o ile a bolelloa hore mohlanka ea okametseng ntlo ea hae oa mo senyetsa. 2 Kahoo, a mo bitsa ’me a re ho eena: ‘Ha ke rate litaba tseo ke li utloang ka uena. Tlisa tlaleho ea mosebetsi oa hao kaha u ke ke oa hlola u okamela ntlo ena.’ 3 Mohlanka eo a re ka pelong: ‘Ke tla etsa’ng ha e le moo mong’a ka a nkamoha bookameli? Ha ke na matla a ho sebetsa masimong, le teng ke lihlong ho kopa. 4 Eke! Kea tseba hore na ke tla etsa’ng e le hore ha ke tlosoa bookameling, batho ba tle ba nkamohele malapeng a bona.’ 5 A bitsa motho e mong le e mong ea kolotang mong’a hae eaba o re ho oa pele: ‘U kolota mong’a ka eng?’ 6 A re: ‘Libate* tse 100 tsa oli ea mohloaare.’ Mohlanka eo a re ho eena: ‘Khutla le lengolo la hao la tumellano ea sekoloto, u phakise u ngole hore u kolota tse 50.’ 7 Ka mor’a moo a re ho e mong: ‘Uena u kolota’ng?’ A re: ‘Mekotla e 100 ea koro.’* Mohlanka eo a re ho eena: ‘Khutla le lengolo la hao la tumellano ea sekoloto, u ngole e 80.’ 8 Eaba mong’a mohlanka eo oa mo babatsa hobane a le bohlale le hoja a ne a sa loka. Etsoe batho ba mehleng ena* ba bohlale ho feta bahlanka ba Molimo.*+
9 Hape ke re ho lona, iketsetseng metsoalle ka maruo a lefatše lena le sa lokang*+ e le hore ha a fela, metsoalle eo e ka le amohela libakeng tsa bolulo tse tla lula li le teng.+ 10 Motho ea tšepahalang linthong tse nyenyane o tšepahala le ho tse kholo ’me motho ea sa tšepahaleng linthong tse nyenyane ha a tšepahale le ho tse kholo. 11 Ka hona, haeba le sa ka la tšepahala ha le sebelisa maruo a lefatše lee le sa lokang, ke mang ea tla le tšepela maruo a sebele? 12 Haeba le sa ka la tšepahala ha le sebelisa lintho tsa motho e mong, ke mang ea tla le fa tsa lona?+ 13 Ha ho na mohlanka ea ka sebeletsang benghali ba babeli hobane o tla rata e mong ebe o hloea e mong kapa a hlomphe e mong ebe o tella e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.”+
14 Bafarisi le bona ba ne ba mo mametse empa kaha ba ne ba rata chelete, ba ile ba mo soma.+ 15 Jesu a re ho bona: “Le etsa eka le lokile ka pel’a batho+ empa Molimo o tseba lipelo tsa lona+ hobane lintho tseo batho ba nkang li le bohlokoa lia nyonyeha ho Molimo.+
16 Molao le mantsoe a Baprofeta a ile a phatlalatsoa ho fihlela Johanne a fihla. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, haesale litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo li ntse li phatlalatsoa ’me motho e mong le e mong o sebetsa ka thata hore a kene ho oona.+ 17 Le haeba leholimo le lefatše li ka timela, lentsoe le leng le le leng le hlahang Molaong le tla phethahala.*+
18 E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae ebe o nyala e mong oa feba hape mang kapa mang ea nyalang mosali ea hlaliloeng le eena oa feba.+
19 Ho ne ho e-na le monna e mong oa morui ea neng a tloaetse ho apara liaparo tse pherese tsa line, a phela hamonate a etsa mekete ea semetletsa. 20 Ho ne ho boetse ho e-na le monna e mong oa mokopa-kopa ea bitsoang Lazaro ea neng a tletse liso. O ne a atisa ho behoa keiting ea morui eo 21 ’me a lakatsa ho ja lijo tse oelang tafoleng ea morui. Le lintja li ne li tla ebe li nyeka liso tsa hae. 22 Ka mor’a nako, monna oa mokopa-kopa a shoa ’me mangeloi a mo isa haufi le Abrahama.*
Monna oa morui le eena a shoa a patoa. 23 Ha a le Lebitleng* a ntse a hlokofala, a sheba holimo eaba o bonela Lazaro hole a le haufi le Abrahama.* 24 Kahoo, a hoeletsa a re: ‘Ntate Abrahama, ke kopa u nkhauhele, u re Lazaro a qopetse monoana ka metsing a pholise leleme la ka hobane ke cha habohloko* mollong ona o bohale.’ 25 Abrahama a re ho eena: ‘Ngoan’a ka, u hopole hore uena u ile oa phela hamonate ha Lazaro a sotlehile. Joale hona joale ke nako ea hore a tšelisoe, uena u utloe bohloko. 26 Ntle ho moo, ho na le khohlo e kholo pakeng tsa rona le lona e sitisang ba batlang ho tšelela ka ho rona hore ba fete le ba batlang ho tšelela ka ho lona hore ba tšele.’ 27 Morui eo a re: ‘Ntate, haeba ho joalo, ke kopa u mo rome heso 28 hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a bue le bona ka thata e le hore ba tle ba se ke ba qetella ba le mona moo batho ba utloang bohloko haholo.’ 29 Empa Abrahama a re: ‘Ba na le mangolo a Moshe le a Baprofeta, ba tla rutoa ke ’ona.’+ 30 Monna eo a re: ‘Ntate Abrahama, ba ke ke ba mamela empa haeba motho e mong ea tsohileng bafung a ka ea ho bona ba tla baka.’ 31 Abrahama a re ho eena: ‘Haeba ba sa mamele litaba tse ka har’a mangolo a Moshe+ le a Baprofeta, ba ke ke ba mamela leha mofu a ka tsoha.’”
17 Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Lintho tse lihelang batho sebeng li tla lula li le teng empa ho malimabe motho eo li tlang ka eena. 2 Ho ka ba molemo haholo hore leloala le tlamelloe molaleng oa motho eo ebe o lahleloa ka leoatleng ho e-na le hore a lihele e mong oa ba banyenyane bana sebeng.+ 3 Kahoo le itlhokomele. Haeba ngoan’eno a etsa sebe u mo khalemele,+ haeba a baka u mo tšoarele.+ 4 Leha a ka ba a u siteloa ka makhetlo a supileng ka letsatsi ebe o khutlela ho uena ka makhetlo ao a supileng a re u mo tšoarele, u fele u mo tšoarele.”+
5 Baapostola ba re ho Morena: “Re thuse ho ba le tumelo e matla.”+ 6 Morena a re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e lekanang le peo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo: ‘Tloha mona u e’o mela ka leoatleng’ ebe sea le mamela.+
7 Haeba u e-na le lekhoba le lemang kapa le lisang, na ha le tsoa masimong u ka re ho lona: ‘Phakisa u tl’o lula tafoleng u je’? 8 Kapa u tla re: ‘Nketsetse lijo tsa mantsiboea, u apare foreskoto ebe u mpha lintho tseo ke li hlokang ho fihlela ke qetile ho ja le ho noa. Ka mor’a moo, u ka ja oa noa’? 9 U ke ke oa leboha lekhoba leo hobane feela le entse lintho tseo u itseng le li etse. 10 Kahoo, le lona ha le entse lintho tsohle tseo ho itsoeng le li etse, le re: ‘Re makhoba a se nang thuso, re entse seo re neng re tšoanetse ho se etsa.’”+
11 Ha Jesu a le tseleng e eang Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galilea. 12 Eare ha a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba mo bona empa ba emella hole.+ 13 Eaba baa hoeletsa ba re: “Jesu, Mosuoe, re hauhele!” 14 Ha a ba bona a re ho bona: “Tsamaeang le ee ho baprista ba le bone.”+ Ha ba sa le tseleng, ba fola.+ 15 Ha e mong oa bona a bona hore o folile, a khutla, a hoeletsa a rorisa Molimo, 16 a khumama ka pel’a Jesu a mo leboha. Monna eo e ne e le Mosamaria.+ 17 Eaba Jesu o re: “Ha ho folisitsoe batho ba leshome, ba robong ba kae? 18 E le hore ke monna eo feela oa molichaba ea khutlileng ho tla tlotlisa Molimo?” 19 Eaba o re ho monna eo: “Ema u tsamaee, tumelo ea hao e u folisitse.”+
20 Bafarisi ba ile ba botsa Jesu hore na ’Muso oa Molimo o tla neng+ eaba o re ho bona: “Ha ’Muso oa Molimo o tla, ha se batho bohle ba tla hlokomela 21 ebile ha ho na motho ea tla re, ‘Ke ona mona!’ kapa, ‘Ke oane!’ Hobane ’Muso oa Molimo o har’a lona.”+
22 Eaba o re ho barutuoa: “Ho na le nako eo le tla batla hore Mor’a motho a fihle le ntse le phela empa ho ke ke ha etsahala joalo. 23 Batho ba tla re ho lona, ‘Bonang ke enoa!’ kapa, ‘Bonang ke eane!’ Le se ke la tsoa kapa la matha ka mor’a bona.+ 24 Etsoe feela joalokaha lehalima le tsekema ho tloha karolong e ’ngoe ea leholimo ho ea ho e ’ngoe, ha Mor’a motho+ a e-ba teng ho tla ba joalo.+ 25 Empa pele o tla hlorisoa hampe le ho lahloa ke batho ba moloko ona.+ 26 Ho feta moo, ha Mor’a motho a e-ba teng,+ ho tla tšoana le mehleng ea Noe.+ 27 Batho ba ne ba ja, ba noa, banna ba nyala le basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona+ eaba Moroallo oa fihla o ba bolaea kaofela.+ 28 Hape ho tla tšoana le mehleng ea Lota.+ Batho ba ne ba ja, ba noa, ba reka, ba rekisa, ba lema ba bile ba haha. 29 Empa letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona, mollo le sebabole li ile tsa theoha leholimong tsa ba timetsa kaofela.+ 30 Ho tla ba joalo ka letsatsi leo Mor’a motho a iponahatsang ka lona.+
31 Letsatsing leo, motho ea ka holim’a ntlo eo thepa ea hae e leng ka tlung a se ke a theoha ho ea e nka le motho ea ileng masimong a se ke a khutlela morao. 32 Hopolang mosali oa Lota.+ 33 Mang kapa mang ea lekang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoang ka lebaka la ka, o tla phela hape.+ 34 Kea le joetsa, bosiung boo batho ba babeli ba tla be ba le betheng e le ’ngoe, e mong o tla nkuoa, e mong a siuoe.+ 35 Basali ba babeli ba tla be ba sila leloaleng le le leng, e mong o tla nkuoa, e mong a siuoe.” 36* —— 37 Kahoo ba re ho eena: “Hokae Morena?” A re ho bona: “Moo ho nang le setopo, lintsu li tla bokana teng.”+
18 Jesu o ne a batla ho ba ruta hore ba lule ba rapela+ le hore ba se ke ba nyahama eaba o ba etsetsa papiso o re: 2 “Motseng o mong ho ne ho e-na le moahloli ea sa hlompheng Molimo a bile a sa tšabe batho. 3 Ho ne ho boetse ho e-na le mohlolohali motseng oo. O ne a lula a ea ho moahloli eo ebe o re ho eena: ‘Etsa bonnete ba hore nyeoe ea ka e sebetsoa ka toka.’ 4 Ho ile ha feta nako e telele a sa thuse mosali eo empa hamorao a inahana a re: ‘Ke ’nete ha ke hlomphe Molimo ebile ha ke tšabe batho 5 empa kaha mohlolohali enoa o lula a nkhathatsa, ke tla etsa bonnete ba hore nyeoe ea hae e sebetsoa ka toka e le hore a tlohele ho ntena.’”*+ 6 Joale Jesu a re: “Na lea utloa hore na moahloli eo o itse’ng le hoja a sa loka? 7 Na Molimo le eena a ke ke a etsa bonnete ba hore toka ea phethoa bakeng sa bahlanka ba hae ba mo llelang bosiu le motšehare?+ O tla fela a etse joalo le hoja a e-na le mamello.+ 8 Kea le tšepisa hore o tla etsa bonnete ba hore toka e phethoa ka potlako. Empa na ha Mor’a motho a tla o tla fumana batho ba nang le tumelo* lefatšeng?”
9 A boela a bua le batho ba bang ba neng ba itšepa, ba nka hore ba lokile ba bile ba lumela hore ba phahametse batho ba bang kaofela, a ba etsetsa papiso a re: 10 “Banna ba babeli ba ile ba nyolohela tempeleng ho ea rapela. E mong e ne e le Mofarisi, e mong e le ’mokelli oa lekhetho. 11 Mofarisi a ema eaba o rapella ka pelong o re: ‘Molimo, kea u leboha hore ebe ha ke tšoane le batho ba bang kaofela, ba kang masholu, balotsana, ba febang kapa esita le ’mokelli enoa oa lekhetho. 12 Ke itima lijo habeli ka beke ebile ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke nang le tsona.’+ 13 Empa ’mokelli oa lekhetho o ne a emeletse hojana a bile a sa batle le ho sheba leholimong. O ile a bontša hore o soabile* a re: ‘Molimo, nkhauhele ’na moetsalibe.’+ 14 Kea le bolella, ho Molimo monna eo o ile hae e le motho ea lokileng ho feta Mofarisi eane.+ Hobane mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
15 Batho ba tlisa bana ba bona ba banyenyane ho eena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuoa ba ba khalemela+ ha ba bona ba etsa joalo. 16 Empa Jesu a bitsetsa bana ba banyenyane ho eena a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na. Le se ke la leka ho ba thiba hobane ’Muso oa Molimo ke oa ba tšoanang le bona.+ 17 Kannete ke re ho lona, mang kapa mang ea sa amoheleng ’Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+
18 Eaba ’musi e mong o re ho eena: “Mosuoe ea molemo, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 19 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho na motho ea molemo haese Molimo feela.+ 20 U tseba litaelo tsena: ‘U se ke oa bolaea,+ u se ke oa feba,+ u se ke oa utsoa+ kapa oa fana ka bopaki ba bohata.+ U hlomphe ntate oa hao le ’mè oa hao.’”+ 21 Monna eo a re: “Haesale ke phetha litaelo tsena ho tloha bocheng ba ka.” 22 Ha Jesu a utloa a cho joalo a re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong. Ka mor’a moo u tle u be molateli oa ka.”+ 23 Ha a utloa mantsoe ao, a sareloa habohloko hobane o ne a ruile haholo.+
24 Jesu a mo sheba eaba o re: “E tla ba ntho e thata hore barui ba kene ’Musong oa Molimo.+ 25 Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo.”+ 26 Batho ba neng ba mametse ba re: “Ebe ke mang ea ka pholohang?”+ 27 Jesu a re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.”+ 28 Empa Petrose a re: “Bona, re siile lintho tsa rona ’me ra u latela.”+ 29 Jesu a re ho bona: “Kannete ke re ho lona, e mong le e mong ea siileng ntlo, mosali, bana babo, batsoali kapa bana ka lebaka la ’Muso oa Molimo,+ 30 o tla fumana ho hongata le ho feta hona joale ebe lefatšeng le lecha le tlang* o fumana bophelo bo sa feleng.”+
31 A nkela baapostola lekunutung eaba o re ho bona: “Re nyolohela Jerusalema ’me lintho tsohle tseo baprofeta ba li ngotseng ka Mor’a motho li tla phethahala.+ 32 Mohlala, ba tla nehelana ka eena ho balichaba,+ a songoe,+ a tšoeloe ka mathe le ho tšoaroa hampe.+ 33 Ba tla mo shapa ba be ba mo bolaee+ empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.”+ 34 Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise lintho tsena hobane ba ne ba patetsoe moelelo oa tsona.
35 Ha Jesu a atamela Jeriko, ho ne ho e-na le monna e mong ea sa boneng ea lutseng pel’a tsela a ntse a kopa.+ 36 Kaha o ile a utloa letšoele le feta, a botsa hore na ho etsahala’ng. 37 Ba re ho eena: “Jesu oa Monazaretha oa feta.” 38 Eaba oa hoeletsa o re: “Jesu Mora oa Davida, nkhauhele!” 39 Ba neng ba tsamaea ka pele-pele letšoeleng ba mo khalemela ba re a thole empa a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 40 Jesu a ema a re monna eo a tlisoe ho eena. Ha a se a atametse, Jesu a re ho eena: 41 “U batla ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Morena, e-re ke boele ke bone.” 42 Kahoo, Jesu a re ho eena: “Mahlo a hao a ke a boele a bone, tumelo ea hao e u folisitse.”+ 43 Hang-hang a boela a bona ’me a qala ho mo latela+ a rorisa Molimo. Ha batho bohle ba bona mohlolo oo, le bona ba rorisa Molimo.+
19 Eaba Jesu o kena motseng oa Jeriko. 2 Motseng oo ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Zakiase. E ne e le ’mokelli e moholo oa lekhetho a bile a ruile. 3 O ne a batla ho bona hore na Jesu enoa ke mang empa a sitoa ho mo bona ka lebaka la bongata ba letšoele hobane o ne a le mokhutšoanyane. 4 Kahoo, a mathela pele eaba o hloella sefateng* e le hore a tsebe ho mo bona hobane o ne a tl’o feta moo. 5 Ha Jesu a fihla moo, a lelala eaba o re ho eena: “Zakiase, theoha kapele hobane letsatsing lena ke ea ha hao.” 6 A theoha kapele eaba o mo amohela ha hae a thabile. 7 Empa ha ba bona taba ena ba honotha kaofela ba re: “O chaketse monna oa moetsalibe.”+ 8 Eaba Zakiase oa ema o re ho Morena: “Morena, ke fa bafutsana halofo ea lintho tsa ka ’me mang kapa mang eo ke mo nketseng lintho tsa hae ka bolotsana, ke mo khutlisetsa tsona li imenne ka makhetlo a mane.”+ 9 Eaba Jesu o re ho eena: “Letsatsing lena Molimo o pholositse monna enoa le ba lelapa la hae hobane monna enoa le eena ke ngoana oa Abrahama. 10 Etsoe Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa batho ba lahlehileng.”+
11 Ha ba sa ntse ba mo mametse, a ba etsetsa papiso e ’ngoe hobane ba ne ba nahana hore ha ba fihla Jerusalema ’Muso oa Molimo o tla bonahala hang-hang.+ 12 A re ho bona: “Monna e mong oa lelapa la boreneng o ile a ea naheng e hole+ e le hore a tle a khutle a e-na le matla a borena. 13 A bitsa makhoba a hae a leshome eaba o a fa limina* tse leshome a re ho ’ona: ‘Etsang khoebo ka tsona ho fihlela ke khutla.’+ 14 Empa kaha baahi ba naha ea habo ba ne ba mo hloile, ba roma batho ho eena hore ba re: ‘Ha re batle hore u be morena oa rona.’
15 Ha a khutlela ha habo a se a e-na le matla a borena, a bitsa makhoba ane ao a neng a a file chelete* e le hore a fumane hore na a entse phaello e kae ha a ntse a hoeba.+ 16 La pele la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao e entse phaello ea limina tse leshome.’+ 17 Kahoo, mong’a hae a re ho eena: ‘U entse hantle uena lekhoba le molemo. Kaha u tšepahetse nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’+ 18 La bobeli la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao e entse limina tse hlano.’+ 19 Morena a re ho lona: ‘Le uena busa metse e mehlano.’ 20 Empa le leng la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao ke ena, esale ke e bolokile ka har’a lesela. 21 Ke ne ke u tšaba hobane u motho ea se nang mohau, u ithuisa ka mosebetsi oa motho e mong ebile u kotula moo u sa jalang.’+ 22 Morena a re ho lona: ‘Uena lekhoba le khopo, ke u ahlola ka mantsoe a hao. Ha u tsebile hore ke motho ea se nang mohau, ea ithuisang ka mosebetsi oa motho e mong ea bileng a kotulang moo a sa jalang,+ 23 ha oa isa chelete* ea ka bankeng ke’ng ke tle ke e late e e-na le tsoala ha ke khutla?’
24 Eaba Morena o re ho ba emeng haufi: ‘Mo tsekiseng mina eno le e fe ea nang le tse leshome.’+ 25 Ba re ho eena: ‘Morena empa o na le limina tse leshome!’ 26 A re: ‘Ke re ho lona, e mong le e mong ea nang le letho o tla ekeletsoa empa ea se nang letho o tla amohuoa le hoo a nang le hona.+ 27 Ha e le lira tsena tsa ka tsona tse neng li sa batle ha ke li busa, li tliseng koano le li bolaele ka pel’a ka.’”
28 Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a nyolohela Jerusalema. 29 Ha a atamela Thaba ea Mehloaare+ moo Bethefage le Bethani li leng hona teng, a roma barutuoa ba babeli+ a re: 30 “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoe. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 31 Ea tla le botsa hore na le e tlamollela’ng le mo joetse hore Morena oa e hloka.” 32 Barutuoa ba babeli bao a neng a ba romme ba tloha eaba ba fumana ho le feela joalokaha a boletse.+ 33 Ha ba ntse ba tlamolla petsana, beng ba eona ba re: “Le tlamollela’ng petsana eo?” 34 Ba re: “Morena oa e hloka.” 35 Eaba baa e khanna ba e isa ho Jesu, ba beha liaparo tsa bona holim’a eona eaba Jesu oa e palama.+
36 Ha a ntse a tsamaea, batho ba ala liaparo tsa bona ka tseleng.+ 37 Hang ha a atamela khoro ea Thaba ea Mehloaare, barutuoa kaofela ba qala ho thaba, ba hoeletsa ba rorisa Molimo ka lebaka la mehlolo eohle eo ba e boneng ba re: 38 “Ho hlohonolofetse ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!* E se eka ho ka ba le khotso leholimong ’me re rorise Molimo ea holimo-limo!”+ 39 Leha ho le joalo, ba bang ba Bafarisi har’a letšoele leo ba re ho eena: “Mosuoe, khalemela barutuoa ba hao.”+ 40 Eaba o re ho bona: “Kea le bolella haeba ba ne ba ka thola, majoe a ne a tla hoeletsa.”
41 Ha a atamela motse, a o sheba eaba oa o llela+ o re: 42 “Hoja ebe letsatsing lena u ile oa lemoha lintho tse tlisang khotso empa joale u li patetsoe hore u se ke oa li bona+ 43 hobane ho na le nako eo ka eona lira tsa hao li tla u thibella ka lipalo tse motsu ho u potoloha, li u hlasele li hlaha ka mahlakoreng ’ohle.+ 44 Li tla u tabanya fatše ’moho le bana ba hao+ ’me ha ho lejoe le tla sala holim’a le leng motseng ona+ hobane ha oa bona ha nako ea hore u ahloloe* e fihla.”
45 A kena ka tempeleng, a tebela bohle ba rekisang+ 46 a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo’+ empa lona le e entse lehaha la masholu.”+
47 A ’na a ruta ka tempeleng letsatsi le leng le le leng empa baprista ba baholo, bangoli le baeta-pele ba Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea.+ 48 Leha ho le joalo, ha baa ka ba fumana monyetla oa ho mo bolaea hobane batho ba ne ba lula ba e-na le eena e le hore ba mo mamele.+
20 Ka le leng la matsatsi ha a ntse a ruta batho ka tempeleng, a ba bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo,* baprista ba baholo, bangoli le baholo ba tla ho eena 2 eaba ba re: “Ak’u re joetse, lintho tsee u li etsa ka matla afe? Hona ke mang ea u fileng ’ona?”+ 3 Eena a re ho bona: “Le ’na ke tla le botsa potso le nkarabe. 4 Na ke Molimo* ea fileng Johanne matla a ho kolobetsa kapa o a filoe ke batho?” 5 Eaba baa buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Molimo,’ o tla re ho rona: ‘Joale ke hobane’ng ha le sa ka la lumela ho eena?’ 6 Empa haeba re re: ‘O a filoe ke batho,’ batho kaofela ba tla re tlepetsa ka majoe hobane ba kholisehile hore Johanne e ne e le moprofeta.”+ 7 Eaba ba re ha ba tsebe hore na o a fuoe ke mang. 8 Jesu a re ho bona: “Le ’na nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa lintho tsena hokae.”
9 A etsetsa batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema tšimo ea morara,+ a e hirisetsa balemi eaba o etela hole ka nako e telele.+ 10 Ha nako ea ho kotula e fihla, a roma lekhoba la hae ho balemi e le hore ba ka le fa morara o mong. Empa balemi bao ba le khakhatha eaba ba le khutlisa le se na letho.+ 11 A roma lekhoba le leng hape. Le lona ba le khakhatha, ba le rohaka* eaba ba le khutlisa le se na letho. 12 A roma le leng hape. Le lona ba le otla ba le ntša maqeba eaba baa le leleka. 13 Eaba mong’a tšimo ea morara o re: ‘Ebe ke tla etsa joang? Ke tla roma mora oa ka eo ke mo ratang.+ Mohlomong eena ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba mo bona ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa. A re mo bolaeeng ebe re nka lefa la hae.’ 15 Eaba ba mo lahlela ka ntle ho tšimo ea morara ’me ba mo bolaea.+ Mong’a tšimo eo o tla ba etsa’ng? 16 O tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara.”
Ha ba utloa litaba tsena ba re: “E se eka ntho e joalo e ke ke ea etsahala.” 17 Empa a ba sheba a re: “Lengolo lee le bolela’ng: ‘Lejoe leo lihahi li le lahlileng le fetohile lejoe la sekhutlo* la sehlooho’?*+ 18 E mong le e mong ea oelang holim’a lejoe lena o tla hlaha kotsi e mpe.+ Eo le tla mo oela holimo eena le tla mo silakanya.”
19 Kaha bangoli le baprista ba baholo ba ile ba hlokomela hore o ne a bua ka bona ha a etsa papiso eo,+ ba ne ba batla ho mo tšoara ka eona nako eo empa ba tšaba batho. 20 Ba ne ba shebile monyetla o mong le o mong o ka hlahang oa ho tšoara Jesu. Kahoo, ba hira banna ba bang hore ba ee ho Jesu ba etse eka ba lokile e le hore ba ka mo tšoara ka lipuo tsa hae,+ ba tle ba mo ise ho ba boholong ’musong le ho ’musisi. 21 Eaba baa mo botsa ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u bua ’nete ha u ruta batho ebile ha u leeme* empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. 22 Na ka molao* re lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” 23 Empa ha Jesu a lemoha hore ba bolotsana, a re ho bona: 24 “Mpontšeng denari.* Setšoantšo le mongolo tse hlahang moo ho eona ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” 25 A re ho bona: “Joale le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ 26 Ha baa ka ba khona ho mo tšoara ka lipuo ka pel’a batho empa ba ile ba thola hobane ba makalitsoe ke karabo ea hae.
27 Leha ho le joalo, ba bang ba Basaduse ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 28 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a e-na le mosali empa a se na bana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 29 Joale ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana. 30 Oa bobeli 31 le oa boraro ba mo kenela ho fihlela ho oa bosupa empa kaofela ha bona ba shoa ba se na bana. 32 Qetellong mosali eo le eena a shoa. 33 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”
34 Jesu a re ho bona: “Batho ba mehleng ena* baa nyala, baa nyaloa 35 empa batho ba tšoaneloang ke ho tsoha bafung le ho phela lefatšeng le tlang ha ba nyale ebile ha ba nyaloe.+ 36 Le ho shoa ha ba sa tla hlola ba shoa hobane ba tla tšoana le mangeloi ’me kaha ba tla tsosoa, e tla ba bana ba Molimo. 37 Empa taba ea hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a bua ka eona ha a bua ka sehlahla se meutloa. O ile a re Jehova* ke Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 38 Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu hobane ho eena baa phela kaofela.”+ 39 Ba bang ba bangoli ba re: “Mosuoe, u buile hantle.” 40 Ka mor’a moo, ha baa ka ba hlola ba e-ba le sebete sa ho mo botsa potso e ’ngoe hape.
41 Eaba o re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha batho ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 42 Bukeng ea Lipesaleme Davida o re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 44 Joale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora oa hae joang?”
45 Ha batho kaofela ba ntse ba mametse, a re ho barutuoa ba hae: 46 “Le hlokomele bangoli, ba rata ho lumelisoa limmarakeng le ho tsamaea ba apere liaparo tse telele. Ba rata ho lula litulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le litulong tsa bahlomphehi meketeng.+ 47 Ba ikhapela matlo* a bahlolohali hape ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”
21 Jesu a bona barui ba ntse ba tšela limpho ka mabokoseng* a chelete.+ 2 A boela a bona mohlolohali e mong ea futsanehileng a tšela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+ 3 Eaba o re: “Kannete ke re ho lona, mohlolohali enoa oa mofutsana o tšetse chelete e fetang ea bohle.+ 4 Etsoe kaofela ba tšetse ho tsoa cheleteng ea bona e setseng empa eena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a phelang ka sona.”+
5 Hamorao ha ba bang ba ntse ba bua ka tempele, kamoo e neng e khabisitsoe kateng ka majoe a matle le ka lintho tseo batho ba faneng ka tsona e le linyehelo ho Molimo+ 6 a re: “Ho na le nako eo lintho tsohle tseo le li bonang hona joale li tla heletsoa. Ha ho lejoe le tla sala holim’a le leng.”+ 7 Ba mo botsa ba re: “Mosuoe, hantle-ntle lintho tsee li tla etsahala neng? Hona re tla bona ka’ng ha lintho tsee li tl’o etsahala?”+ 8 Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore le se ke la khelosoa.+ Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke ’na Kreste’ hape ba re: ‘Nako e behiloeng e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.+ 9 Ho feta moo, ha le utloela ka lintoa le merusu,* le se ke la tšoha. Lintho tsena li tla etsahala pele empa bofelo bo ke ke ba fihla hang-hang.”+
10 Eaba o re ho bona: “Lichaba li tla loantšana+ le mebuso e hlaselane.+ 11 Ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše hape ho tla ba le tlala le mafu a seoa+ sebakeng se seng ka mor’a se seng. Batho ba tla bona lintho tse tšosang le matšoao a maholo a tsoang leholimong.
12 Empa pele lintho tsena tsohle li etsahala, batho ba tla le tšoara ba le hlorise,+ ba le ise matlong a thapelo* le literonkong. Le tla isoa ka pel’a marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka.+ 13 E tla ba monyetla oa hore le ba bolelle ka tumelo ea lona. 14 Ka hona, ha ho hlokahale hore le rere esale pele hore na le tla re’ng ha le itšireletsa+ 15 kaha ke tla le fa mantsoe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitoa ho bo hanyetsa kapa ho bo loantša.+ 16 Hape esita le batsoali, bana ba bo lona, beng ka lona le metsoalle ba tla fana ka lona hore le isoe makhotleng* ’me ba bang ba lona le tla bolaoa.+ 17 Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.+ 18 Leha ho le joalo, ho hang ha ho qoba leha e le ’ngoe ea moriri oa lona e tla hlothoa.+ 19 Ha le ka mamella le tla pholoha.+
20 Empa ha le bona Jerusalema e pota-potiloe ke masole,+ le tsebe hore e haufi le ho timetsoa.+ 21 Ba leng Judea ba balehele lithabeng,+ ba ka har’a motse oa Jerusalema ba tsoe ’me ba libakeng tse mahaeng ba se ke ba ea Jerusalema 22 hobane ana ke matsatsi a phetetso e le hore lintho tsohle tse ngotsoeng Mangolong li phethahale. 23 Matsatsing ao, baimana le batsoetse ba tla ba malimabe+ kaha ho tla ba le tlokotsi e kholo naheng eo ’me Molimo o tla halefela baahi ba eona. 24 Ba tla bolaoa ka sabole, ba isoe botlamuoeng lichabeng tsohle.+ Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba* ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba* li fela.+
25 Hape ho tla ba le lipontšo letsatsing, khoeling le linaleling.+ Lefatšeng lichaba li tla utloa bohloko haholo, li tsielehe ka lebaka la molumo oa maqhubu a leoatle a loebehlanang. 26 Batho ba tla akheha ke letsoalo le hobane ba lebeletse lintho tse tla etsahala lefatšeng hobane lintho tse maholimong li tla sisinyeha. 27 Joale batho ba tla bona Mor’a motho+ a tla ka leru, matla le khanya e kholo.+ 28 Empa ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! le phahamise lihlooho hobane le haufi le ho lopolloa.”
29 Eaba o ba etsetsa papiso o re: “Le shebe sefate sa feie* le lifate tse ling kaofela.+ 30 Ha le bona li se li fupile,* lea tseba hore joale lehlabula le haufi. 31 Ka tsela e tšoanang, le lona ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’Muso oa Molimo o haufi. 32 Kannete kea le bolella hore lintho tsena tsohle li tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 33 Leholimo le lefatše li tla nyamela empa mantsoe a ka ’ona a tla ba teng ho ea ho ile.+
34 Empa le itlhokomele hore le ka mohla le se ke la imeloa ke ho ja ho tlola, ho noa haholo+ le mathata a bophelo+ eaba letsatsi leo le le fihlela hang-hang le sa lebella 35 joalokaha eka ke leraba.+ Etsoe le tla fihlela bohle ba teng lefatšeng. 36 Joale le lule le falimehile,+ le rapele ka linako tsohle+ e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse tl’o etsahala le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”+
37 Motšehare Jesu o ne a tloaetse ho ruta ka tempeleng ebe bosiu o ea Thabeng ea Mehloaare o lula teng. 38 Batho bohle ba ne ba tla ho eena hoseng ka tempeleng ho tla mo mamela.
22 Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso oo ho thoeng ke Paseka,+ o ne o atamela.+ 2 Kaha baprista ba baholo le bangoli ba ne ba tšaba batho,+ ba ne ba ntse ba batla litsela tsa ho bolaea Jesu.+ 3 E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota a kenoa ke Satane.+ 4 Eaba o ea ho baprista ba baholo le batsamaisi ba tempele o bua le bona ka hore na a ka ba thusa joang ho tšoara Jesu.+ 5 Ba thaba haholo ha ba utloa litaba tsena eaba ba mo tšepisa chelete ea silevera.+ 6 A lumela eaba o batla monyetla o motle oa ho ba fa eena* e le hore ba mo tšoare. Empa o ne a sa batle ho etsa joalo batho ba le teng.
7 Letsatsi la Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso la fihla. Letsatsing leo, ho ne ho hlajoa phoofolo e etsang sehlabelo sa Paseka.+ 8 Jesu a roma Petrose le Johanne a re: “Tsamaeang le e’o lokisetsa hore re je Paseka.”+ 9 Ba re ho eena: “U batla re lokisetse ho e jella hokae?” 10 A re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi, le mo sale morao ho ea ntlong eo a eang ho eona.+ 11 Le tle le re ho mong’a ntlo eo, ‘Mosuoe o re: “Kamore ea baeti eo nka jellang Paseka ho eona le barutuoa ba ka ke efe?”’ 12 Monna eo o tla le bontša kamore e kholo e mokatong o ka holimo, e nang le lintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 13 Ba tsamaea, ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse eaba ba lokisetsa Paseka.
14 Ha nako e fihla, a lula tafoleng le baapostola ba hae.+ 15 Eaba o re ho bona: “Esale ke emetse hore letsatsi lena le fihle e le hore ke je Paseka le lona pele ke hlokofatsoa 16 hobane kea le bolella hore nke ke ka hlola ke ja lijo tsena hape ho fihlela lintho tsohle li phethahala ’Musong oa Molimo.” 17 Ba mo fa senoelo se tšetseng veine eaba o leboha Molimo, o ba fa sona o re: “Nkang le noe, kaofela ha lona 18 hobane kea le bolella, ho tloha hona joale ho fihlela ’Muso oa Molimo o fihla, nke ke ka noa veine ena hape.”
19 Hape a nka bohobe,+ a leboha, a bo qhetsola eaba o ba fa bona o re: “Bohobe bona bo emela ’mele oa ka+ o tla fanoa molemong oa lona.+ Le ’ne le etse tjena ho nkhopola.”+ 20 Ka mor’a hore ba je lijo tsa shoalane, a nka senoelo sa veine eaba o etsa ntho e tšoanang o re: “Veine ena e emela selekane se secha+ se tla tiisoa ka mali a ka+ a tla tšolloa molemong oa lona.+
21 Empa motho ea tl’o nthekisa* o lutse le ’na tafoleng mona.+ 22 Ke ’nete Mor’a motho o tla shoa feela joalokaha ho profetiloe+ empa ho malimabe motho ea mo rekisang.”+ 23 Ba qala ho botsana hore na ke mang ho bona ea neng a tla etsa joalo.+
24 Ka mor’a moo, ba pheha khang ka hore na ke mang har’a bona e moholo.+ 25 Jesu a re ho bona: “Babusi ba lichaba ba li tšoara ka thata le batho ba li laolang ba fuoa mabitso a hlomphehang.*+ 26 Empa lona ha lea lokela ho ba joalo.+ E moholo har’a lona o lokela ho tšoana le e monyenyane,+ ea etellang pele a tšoane le ea sebeletsang. 27 Ha e le ea lutseng tafoleng, e le ea tlisang lijo,* ke ofe e moholo? Na ha se ea lutseng tafoleng? Empa ’na ke tšoana le motho ea le sebeletsang.+
28 Haesale le e-na le ’na+ mathateng a ka.+ 29 Kahoo, ke etsa selekane sa ’muso le lona feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na+ 30 e le hore le ka lula tafoleng ea ka la ja, la noa ’Musong oa ka+ le be le lule literoneng+ ho ahlola meloko e 12 ea Iseraele.+
31 Simone, Simone, bona, Satane o le batla kaofela e le hore a le olose joaloka koro.+ 32 Empa ke u rapeletse e le hore tumelo ea hao e se ke ea fela+ ’me hang feela ha u bakile, u matlafatse bana beno.”+ 33 Petrose a re ho eena: “Morena, ke ikemiselitse ho ea le uena teronkong le ho shoa le uena.”+ 34 Empa Jesu a re: “Kea u bolella Petrose, pele mokoko o lla kajeno, u tla be u ntatotse hararo.”+
35 A boela a re ho bona: “Ha ke ne ke le roma le sa nka lipache, mekotla ea lijo le lieta,*+ na ho na le ntho eo le ileng la e hloka?” Eaba ba re: “Che.” 36 Joale a re ho bona: “Lekhetlong lena, ea nang le sepache a se nke le ea nang le mokotla oa lijo a o nke. Ea se nang sabole a rekise seaparo sa hae a e reke. 37 Kea le bolella hore lengolo le reng: ‘O ile a balelloa har’a ba tlolang molao,’+ le tla phethahala ho ’na. Kannete lintho tsohle tse lokelang ho nketsahalla lia phethahala.”+ 38 Joale ba re: “Morena, bona, lisabole tse peli ke tsena.” A re ho bona: “Li lekane.”
39 Ha a tloha a ea Thabeng ea Mehloaare joalokaha a ne a tloaetse eaba barutuoa ba mo sala morao.+ 40 Ha a fihla moo, a re ho bona: “Lulang le rapela e le hore le se ke la oela molekong.”+ 41 A ea pejana eaba oa khumama oa rapela o re: 42 “Ntate, haeba u batla, ke kopa u tlose senoelo sena ho ’na. Empa ho ke ho etsahale thato ea hao eseng ea ka.”+ 43 Lengeloi la hlaha ho eena le tsoa leholimong ’me la mo matlafatsa.+ 44 Empa a sareloa habohloko eaba o tsoela pele ho rapela ka matla le ho feta.+ Mofufutso oa hae oa rotha joalokaha mali a rothela fatše. 45 Ha a qeta ho rapela a ema a ea ho barutuoa ba hae, a fumana ba robetse hobane ba saretsoe.+ 46 Eaba o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le robetse? Tsohang le ’ne le rapele e le hore le se ke la oela molekong.”+
47 Ha a sa ntse a bua, ha hlaha letšoele la batho ba eteletsoeng pele ke Judase, e mong oa baapostola ba 12. A atamela Jesu eaba oa mo suna.+ 48 Empa Jesu a re ho eena: “Judase, u rekisa* Mor’a motho ka ho mo suna?” 49 Ha ba mo potolohileng ba bona hore na ho tla etsahala’ng ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?” 50 Eaba e mong oa bona o se a bile a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ka sabole, a le khaola tsebe e tona.+ 51 Empa Jesu a re: “Se ke oa etsa joalo.” Eaba o tšoara tsebe ea lekhoba leo oa e folisa. 52 Jesu a re ho baprista ba baholo, batsamaisi ba tempele le baholo ba neng ba tl’o mo tšoara: “Na ke lesholu ha e le moo le tla le nkile lisabole le melangoana?+ 53 Ha ke ne ke e-na le lona ka tempeleng letsatsi le letsatsi+ ha lea ka la ntšoara.+ Empa ena ke nako ea lona le ea hore ba lefifing ba buse.”+
54 Eaba baa mo tšoara+ ba mo isa ka tlung ea moprista ea phahameng empa Petrose a mo sala morao a le sebakana.+ 55 Ba ile ba besa mollo bohareng ba lebala, ba lula fatše eaba Petrose le eena o lula le bona.+ 56 Empa ha ngoanana* e mong a mo bona a lutse mollong, a mo shebisisa eaba o re: “Le enoa o ne a e-na le eena.” 57 Empa a hana a re: “Mosali, monna eo ha ke mo tsebe.” 58 Ka mor’a nakoana motho e mong a mo bona eaba o re: “Le uena u e mong oa bona.” Empa Petrose a re: “Monn’a heso, ha ho joalo.”+ 59 Ka mor’a nako e ka etsang hora monna e mong a tiisa a re: “Kannete monna enoa le eena o ne a e-na le eena hobane hantle-ntle ke Mogalilea.” 60 Empa Petrose a re: “Monn’a heso, ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” Eare ha a sa ntse a bua, mokoko oa lla. 61 Eaba Morena oa hetla o sheba Petrose ’me Petrose a hopola hore Morena o ile a re eena: “Pele mokoko o lla kajeno, u tla be u ntatotse hararo.”+ 62 Eaba o tsoela ka ntle o lla habohloko.
63 Banna ba neng ba katile Jesu ba mo soma,+ ba mo otla,+ 64 ba mo koahela sefahleho eaba ba re ho eena: “Profeta hore na ke mang ea u otlileng.” 65 Ba ’na ba mo rohaka.
66 Motšehare sehlopha sa baholo ba sechaba, baprista ba baholo le bangoli sa bokana+ ’me sa mo hulanyetsa ka holong ea bona ea Lekhotla le Phahameng la Bajuda* sa re: 67 “Haeba u Kreste, u re bolelle.”+ Empa a re ho bona: “Leha ke ne nka le bolella, le ne le ke ke la lumela ho hang. 68 Hape haeba ke ne nka le botsa, le ne le ke ke la araba ho hang. 69 Empa ho tloha hona joale Mor’a motho+ o tla lula ka letsohong le letona la Molimo ea matla.”+ 70 Eaba kaofela ba re: “Na u Mora oa Molimo?” A re ho bona: “E, ke eena.”* 71 Ba re: “Re sa hlokela’ng lipaki tse ling ha e le moo re ikutloetse molomong oa hae?”+
23 Batho bao kaofela ba mo khanna ba mo isa ho Pilato.+ 2 Joale ba mo qosa+ ba re: “Re fumane monna enoa a ntse a khelosa sechaba sa rona, a thibela batho ho patala lekhetho la Sesare+ a bile a re ke eena Kreste morena.”+ 3 Pilato a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke eena.”*+ 4 Pilato a re ho baprista ba baholo le ho letšoele: “Ha ke fumane molato ho monna enoa.”+ 5 Empa ba emella Pilato ba re: “O ferekanya batho ka ho ruta Judea ena kaofela ho tloha Galilea ho tla fihla mona.” 6 Ha Pilato a utloa litaba tseo, a botsa hore na monna eo ke Mogalilea. 7 Ka mor’a hore a etse bonnete ba hore Jesu o tsoa sebakeng se busoang ke Heroda,+ a mo romela ho eena. Ka nako eo, Heroda le eena o ne a le Jerusalema.
8 Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu hobane esale a utloela ka eena+ empa a e-s’o mo bone. O ne a lebeletse hore Jesu a etse mohlolo. 9 Kahoo, a mo botsa lipotso tse ngata empa Jesu ha aa ka a mo araba.+ 10 Leha ho le joalo, baprista ba baholo le bangoli ba ne ba eme ’me ba mo qosa ba halefile. 11 Heroda le masole a hae ba mo rohaka,+ ba mo soma,+ ba mo apesa seaparo se setle eaba o mo khutlisetsa ho Pilato. 12 Heroda le Pilato e ne e ntse e le lira empa letsatsing leo ea e-ba metsoalle.
13 Pilato a bitsa baprista ba baholo, babusi hammoho le sechaba 14 eaba o re ho bona: “Le tlisitse monna enoa ho ’na le re o hlohlelletsa batho ho fetohela ’muso. Ke mo hlahlobile ka pel’a lona empa ha kea fumana a le molato oa lintho tsena tseo le mo qosang ka tsona.+ 15 Heroda le eena ha aa ka a mo fumana a le molato. Ke kahoo a mo khutliselitseng ho rona. Ha a etsa letho le lebe hoo a ka bang a bolaoa. 16 Ka hona, ke tla mo shapa+ ebe kea mo lokolla.” 17* —— 18 Empa batho kaofela ba hoeletsa ba re: “Bolaea monna enoa u re lokollele Barabase!”+ 19 (Barabase eo ke monna ea neng a kentsoe teronkong hobane a thusitse batho ho fetohela ’muso le ka lebaka la polao.) 20 Pilato a bua le bona hape hobane o ne a batla ho lokolla Jesu.+ 21 Empa ba hoeletsa ba re: “Ha a khokhotheloe palong! Ha a khokhotheloe palong!”*+ 22 A re ho bona ka lekhetlo la boraro: “Hobane’ng? O entse’ng e mpe? Ha kea fumana a entse letho le lebe hoo a ka bang a bolaoa. Ka hona, ke tla mo shapa ebe kea mo lokolla.” 23 Empa ba hoeletsa ba batla hore a khokhotheloe palong.* Ba ile ba hoeletsa haholo hoo Pilato a ileng a ba a inehela.+ 24 Kahoo, Pilato a etsa qeto ea ho ba khotsofatsa. 25 A lokolla monna eo ba neng ba mo batla, ea neng a kentsoe teronkong hobane a bolaile a bile a fetohetse ’muso empa a fana ka Jesu ho bona hore ba etse ntho eo ba e batlang ka eena.
26 Ha ba ntse ba tsamaisa Jesu, ba emisa monna e mong oa Saerene ea bitsoang Simone ea tsoang mahaeng eaba ba mo jarisa palo eo Jesu a neng a tl’o khokhotheloa ho eona* hore a sale Jesu morao a e jere.+ 27 Jesu o ne a setsoe morao ke letšoele le leholo, har’a letšoele leo ho e-na le basali ba ntseng ba mo llela ba bile ba ikotla hobane ba utloile bohloko. 28 Jesu a hetla eaba o re ho basali bao: “Barali ba Jerusalema, khaotsang ho ntelela. Le llele lona le bana ba lona+ 29 hobane ho na le nako eo ka eona batho ba tla re: ‘Ho lehlohonolo basali ba se nang bana, ba sa kang ba e-ba le bana kapa ba nyantša.’+ 30 Ba tla re ho lithaba: ‘Re oeleng holimo!’ le ho maralla: ‘Re pateng!’+ 31 Haeba ba etsa lintho tsee ha sefate se le mongobo, ho tla etsahala’ng ha se omeletse?”
32 Banna ba babeli ba litlokotsebe le bona ba ne ba ntse ba khannoa hore ba e’o bolaoa ’moho le eena.+ 33 Ha ba fihla sebakeng se bitsoang Lehata,+ ba mo khokhothela palong lipakeng tsa litlokotsebe tseo, se seng se le ka ho le letona, se seng ka ho le letšehali.+ 34 Empa Jesu a re: “Ntate, u ba tšoarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsa’ng.” Eaba masole ao a lahla lotho e le hore a arolelane liaparo tsa hae.+ 35 Batho ba ne ba eme ba shebeletse empa babusi bona ba mo tšeha ba re: “O pholositse ba bang. Haeba ke eena Kreste ea khethiloeng ke Molimo, ha a ipholose.”+ 36 Masole le ’ona a mo soma eaba a mo tlisetsa veine e bolila a re:+ 37 “Haeba u Morena oa Bajuda, ipholose.” 38 Hape ka holim’a hlooho ea hae ho ne ho e-na le boto e ngotsoeng: “Enoa ke Morena oa Bajuda.”+
39 Empa e mong oa litlokotsebe tse neng li khokhothetsoe a mo nyefola+ a re: “Akere u Kreste? Ipholose le rona u re pholose.” 40 Empa setlokotsebe se seng sa mo khalemela sa re: “E le hore ha u tšabe Molimo leha e le moo u fumane kotlo e tšoanang le ea monna eo? 41 Rona re ahlotsoe ka nepo hobane re fumana litholoana tsa mesebetsi ea rona empa monna enoa eena ha aa etsa letho le lebe.” 42 A boela a re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.”+ 43 Eaba Jesu o re ho eena: “Kannete kea u joetsa letsatsing lena, u tla ba le ’na Paradeiseng.”+
44 Ka nako eo e ne e ka ba 12 motšehare* empa lefifi le ile la aparela naha eohle ka lihora tse tharo*+ 45 hobane khanya ea letsatsi e ile ea fela eaba kharetene ea sehalalelo+ e taboha ka lehare.+ 46 Eaba Jesu oa hoeletsa o re: “Ntate, ke beha bophelo* ba ka matsohong a hao.”+ Ha a qeta ho cho joalo a shoa.+ 47 Kaha molaoli oa sesole o ile a bona hore na ho etsahetse’ng, a rorisa Molimo a re: “Kannete monna enoa o ne a lokile.”+ 48 Ha batho bohle ba neng ba bokane moo ba shebeletse ba bona lintho tse ileng tsa etsahala, ba khutlela hae ba ntse ba ikotla lifubeng ka lebaka la ho utloa bohloko. 49 Bohle ba neng ba tloaelane le eena hammoho le basali ba neng ba mo felehelitse ho tloha Galilea, ba ne ba eme hojana ba shebile lintho tsena.+
50 Ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Josefa eo e neng e le setho sa Lekhotla, e ne e le monna ea lokileng.+ 51 Monna enoa ha aa ka a tšehetsa morero oa bona o mobe ka Jesu. O ne a tsoa Arimathea e leng motse oa Bajudea hape a lebeletse ’Muso oa Molimo. 52 O ile a ea ho Pilato a kopa setopo sa Jesu. 53 A se theola+ eaba o se phuthela ka line ea boleng bo botle, a se beha ka lebitleng le chekiloeng lefikeng+ leo ho seng motho ea kileng a pateloa ka ho lona. 54 E ne e le letsatsi la ho itokisetsa+ Sabatha+ kaha e ne e le haufi. 55 Basali ba neng ba tlile le Jesu ba tsoa Galilea le bona ba tsamaea ’me ba sheba lebitla le hore na setopo sa Jesu se ne se behiloe joang.+ 56 Eaba baa khutla ho ea lokisa linoko le lioli tse nkhang hamonate. Empa ka Sabatha ba phomola+ hobane e ne e le molao.
24 Ka letsatsi la pele la beke ba ea lebitleng hoseng haholo ba nkile lintho tse nkhang hamonate tseo ba neng ba li lokisitse.+ 2 Empa ba fumana lejoe le suthiselitsoe ka thoko ho lebitla.+ 3 Ha ba kena ba fumana setopo sa Morena Jesu se le sieo.+ 4 Ha ba sa ntse ba maketse joalo, ba bona banna ba babeli ba apereng liaparo tse bosoeu bo benyang ba ema pel’a bona. 5 Basali bao ba ne ba tšohile eaba baa inama. Banna bao ba re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tla mabitleng ho tla batlana le motho ea phelang?+ 6 Ha a eo mona, o tsositsoe. Hopolang hore na o ile a re’ng ho lona ha a ntse a le Galilea. 7 O ile a re ho tla fanoa ka Mor’a motho ho baetsalibe, a khokhotheloe palong ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+ 8 Basali bao ba hopola mantsoe a hae.+ 9 Eaba ba tloha lebitleng moo ba e’o bolella baapostola ba 11 le batho ba bang kaofela lintho tsena tsohle.+ 10 Basali bao e ne e le Maria Magdalena, Joanna le Maria ’mè oa Jakobo. Basali ba bang kaofela ba neng ba le teng, le bona ba ile ba bolella baapostola lintho tsena. 11 Empa ba ne ba sa kholoe basali bao hobane ba utloa ba bua lintho tse se nang kelello.
12 Empa Petrose a ema a mathela lebitleng. Eitse ha a nyarela a fumana masela feela. Kahoo, a tloha a ntse a ipotsa hore na ho etsahetse’ng.
13 Letsatsing lona leo barutuoa ba babeli ba ne ba ea Emmause, e ka bang bohole ba lik’hilomithara tse 11* ho tloha Jerusalema. 14 Ba ne ba ntse ba buisana ka lintho tsena tsohle tse etsahetseng.
15 Ha ba ntse ba buisana joalo, Jesu a tla eaba o tsamaea le bona 16 empa ba ne ba sa hlokomele hore ke eena.+ 17 A re ho bona: “Le phehile khang ka’ng?” Eaba ba ema moo ba utloile bohloko.18 E mong oa bona ea bitsoang Cleopase a re ho eena: “Ho tla joang hore ebe ha u tsebe* lintho tse sa tsoa etsahala Jerusalema? Kapa ha u lule teng?” 19 Eaba o re ho bona: “Lintho life?” Ba re ho eena: “Litaba tsa Jesu oa Monazaretha.+ O ne a tsebahala ho Molimo le batho e le moprofeta ea buang mantsoe a matla le ea etsang mehlolo.+ 20 Baprista ba baholo le babusi ba rona ba ile ba fana ka eena hore a ahloleloe lefu+ eaba ba mo khokhothela palong. 21 Re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea tla lopolla Iseraele.+ E se e le letsatsi la boraro lintho tsena li etsahetse. 22 Hape basali ba bang bao e leng barutuoa le bona ba ile ba re bolella litaba tse makatsang. Ba ne ba tsohelletse lebitleng+ 23 eaba ba fumana setopo sa hae se le sieo. Ba khutla ba re bolella hore ba bone mangeloi a itseng Jesu oa phela. 24 Ebile ba bang ho rona mona ba ile ba ea lebitleng+ ’me ba fumana le se na letho feela joalokaha basali bao ba ne ba chulo, le eena Jesu ha baa ka ba mo bona.”
25 Kahoo, a re ho bona: “Lona ba se nang kutloisiso le ba liehang ho lumela lintho tsohle tseo baprofeta ba ileng ba li bua, 26 ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloisoe bohloko ka tsela ena+ le hore a tlotlisoe.”+ 27 Eaba o qala ho ba hlalosetsa lintho tsohle tse hlahang ka Mangolong tse amanang le eena, a qala ka Mangolo a ngotsoeng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.+
28 Ha ba le haufi le motse oo ba neng ba ea ho oona, eena a etsa eka o fetela pejana. 29 Empa ba mo phehella hore a se ke a tsamaea ba re: “Lula le rona hobane e se e ntse e le mantsiboea.” Eaba o lula le bona. 30 Ha a lutse le bona* tafoleng ba ntse ba ja, a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola eaba o ba fa bona.+ 31 Kahoo, ba hlokomela hore na ke mang eaba oa ba nyamella.+ 32 Ba buisana ba re: “Ha se feela re neng re thabile* ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re hlalosetsa* Mangolo ka tsela e hlakileng.” 33 Eaba hang-hang ba khutlela Jerusalema, ba fumana baapostola ba 11 ba e-na le barutuoa ba bang 34 ba ntse ba re: “Kannete Morena o tsositsoe, o ile a ba a ea ho Simone.”+ 35 Barutuoa bao ba babeli ba ba phetela hore na ho etsahetse’ng ha ba le tseleng le hore ba ile ba hlokomela hore ke eena ha ba mo bona a qhetsola bohobe.+
36 Ha ba ntse ba bua ka lintho tsena, Jesu a hlaha har’a bona eaba o re: “Khotso e be le lona.”+ 37 Empa kaha ba ne ba tšohile, ba ne ba nahana hore ba bona lengeloi.* 38 Kahoo, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšoenyehile, ke hobane’ng ha le e-na le lipelaelo? 39 Shebang matsoho le maoto a ka hore le tle le bone hore ke ’na. Ntšoareng le bone hobane mangeloi ha a na nama le masapo empa lea bona hore ’na ke na le tsona.” 40 Ha a cho joalo a ba bontša maoto le matsoho a hae. 41 Empa ba ne ba ntse ba sa kholoe hobane ba thabile haholo ba bile ba maketse eaba o re ho bona: “Ha le na lijo moo?” 42 Ba mo fa tlhapi e besitsoeng 43 eaba oa e nka o e ja ba ntse ba mo shebile.
44 Joale a re ho bona: “Ha ke ne ke e-na le lona, ke ile ka le bolella+ hore lintho tsohle tse ngotsoeng Molaong oa Moshe, Lipesalemeng le tseo Baprofeta ba li ngotseng ka ’na li tla phethahala.”+ 45 A ba thusa ho utloisisa Mangolo hantle+ 46 eaba o re ho bona: “Mangolo a re Kreste o ne a tla hlokofatsoa ebe o tsosoa bafung ka letsatsi la boraro+ 47 ’me molaetsa oa hore batho ba bake e le hore ba tšoareloe libe+ o ne o tla phatlalatsoa lichabeng tsohle+ ho qala Jerusalema, o phatlalatsoa ka lebitso la hae.+ 48 Le tla ba lipaki tsa litaba tsena.+ 49 Hape ke tla le fa ntho eo Ntate a tšepisitseng ho e tlisa. Empa le lule motseng ona ho fihlela le fumana matla a tsoang leholimong.”+
50 A tsamaea le bona ho ea fihla Bethani eaba o phahamisa matsoho oa ba hlohonolofatsa. 51 Ka mor’a hore a ba hlohonolofatse, a arohana le bona ’me a nyolohela leholimong.+ 52 Ba mo khumamela* ’me ba khutlela Jerusalema ba thabile haholo.+ 53 Ba ne ba ea tempeleng letsatsi le leng le le leng ba rorisa Molimo.+
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “moetlo.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ha a qeta ho hlaha.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “tšebeletso ea sechaba.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “peo.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “letsoho la Jehova le ne le e-na le eena.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “lenaka la poloko.” Sheba Tlhaloso ea Lenaka.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ba lefatše lohle.”
Ke kamoo liphoofolo li jellang kateng.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ea bulang popelo.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “hlahise litholoana tse bontšang.”
Kapa: “seaparo sa bobeli.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Leetsi le sebelisitsoeng mona, ka Segerike le bontša hore Diabolose o ne a batla ketso e le ’ngoe feela ea borapeli.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “lehora; qhooeng.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “lisinagogeng tsa bona.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ntlotselitse.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “sinagoge.”
E leng ’mè oa mosali oa Simone.
E leng Leoatle la Galilea.
Sheba Ntlha ea A5.
Mekotla ea letlalo e tšelang metsi.
Ka Segerike: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bohobe ba nyehelo.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Kapa: “shoeleng.”
Kapa: “shoeleng.”
Kapa: “eka.”
E leng ho alima u sa batle tsoala.
Kapa: “lokolle.”
Kapa: “lokolloe.”
Kapa: “lekanyetsa ka tsela eo le ba lekanyetsang ka eona.”
Kapa: “leballo.”
Kapa: “lifeiga.”
Kapa: “U tšoanela ho mo thusa.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ka Segerike: “ea sa fumaneng sesosa sa ho khoptjoa ho ’na.”
Ka Segerike: “ka pel’a sefahleho sa hao.”
Kapa: “tataiso.”
Enoa ke Mofarisi ea memetseng Jesu lijong.
Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “tse kholo.”
Kapa mohlomong: “Ba ne ba mo hlasela ka nako e telele.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ka Segerike: “Morali.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ka Segerike: “o tla pholosoa.”
Kapa: “Moea oa hae oa khutlela ho eena.”
Ka Segerike: “silevera.”
Kapa: “seaparo sa bobeli.”
Ka Segerike: “e be bopaki ho bona.”
E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “a nke palo ea hae ea tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “shebe.”
Kapa: “ekoa.”
Kapa: “li na le lilao.”
Ka Segerike: “ha ho na moo a ka patang hlooho ea hae teng.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ea tsebang Mora.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “U se ke oa re kenya molekong.”
Ka Segerike: “u nkalime.”
Lebitso le leng leo Satane a bitsoang ke lona.
Ka Segerike: “ntlo.”
Ka Segerike: “monoana.”
Ka Segerike: “le le khopo.”
Bafarisi le Bajuda ba bang ba ne ba tloaetse ho hlapa matsoho ho ea ka moetlo oa Sejuda.
Sheba Tlhaloso ea Limpho tsa mohau.
Ke semela se sebelisoang e le moriana kapa ho natefisa lijo.
Kapa: “tse hlomphehang.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “a sa tšoauoang.”
Kapa: “tempele.”
Ka Segerike: “le tlositse senotlolo sa tsebo.”
Ka Segerike: “liasarione tse peli; lichelete tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “a sa se tsotelleng.”
Kapa mohlomong: “lisinagoge.”
Kapa: “matlo a ka a polokelo.”
Ka Segerike: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka setsoe se le seng?” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “likhahla.”
Kapa: “Le ’ne le batle ’Muso oa Molimo pele.”
Ka Segerike: “limpho tsa mohau.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “’moto.”
Ka Segerike: “Itlameng matheka.”
Ka Segerike: “itlama letheka.”
Ka Segerike: “tebelong ea bobeli.” Mehleng ea Jesu nako ena e ne e qala hoo e ka bang ka hora ea borobong bosiu e fela har’a mpa ea bosiu.
Ka Segerike: “tebelong ea boraro.” Mehleng ea Jesu nako ena e ne e qala har’a mpa ea bosiu e fela ka hora ea boraro hoseng.
Kapa: “mookameli oa ntlo.”
Ka Segerike: “leptone ea ho qetela.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “feiga.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “Mosali.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
E leng lilithara tse ka bang 20 tsa phofo. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “moqotetsane.”
Kapa mohlomong: “a le siee le eona e le lithako.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ea jang bohobe.”
Ka Segerike: “lipane tse hlano tsa likhomo.”
Kapa: “ea sa amoheleng palo ea hae ea tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
Ka Segerike: “lidrakema.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “drakema.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “makhapetla a karoba.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “a bolokehile.”
Bate e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “likore tse 100 tsa koro.” Kore e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “bara ba leseli.”
Ka Segerike: “maruo a sa lokang.”
Ka Segerike: “ha ho tlhaku le e ’ngoe e nyenyane ka ho fetisisa kapa letšoao le le leng le ke keng la phethahala.”
Ka Segerike: “a mo nkela sefubeng sa Abrahama.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sefubeng sa Abrahama.”
Kapa: “ke utloa bohloko bo boholo.”
Sheba Ntlha ea A3.
Kapa: “ho ’ngamola hlooho.”
Kapa: “tumelo ea mofuta oo.”
Ka Segerike: “a ’na a ikotla sefuba.”
Ka Segerike: “behe matsoho.” Sheba Tlhaloso ea Ho beha matsoho.
Kapa: “mehleng e tlang.” Sheba Tlhaloso.
E ne e le sefate sa sikamore.
Mangolong a Segerike, mina e lekana le likramo tse 340 hape e ne e nkoa e lekana le lidrakema tse 100. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “silevera.”
Ka Segerike: “silevera.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “hlahlojoe.”
Ka Segerike: “leholimong.”
Ka Segerike: “leholimo.”
Kapa: “tlotlolla.”
Kapa: “la bohlokoa.”
Ka Segerike: “hlooho ea sekhutlo.”
Kapa: “khetholle.”
Kapa: “nepo.”
Sheba Ntlha ea B14.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “tse hlomphehang.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “thepa.”
Kapa: “matloleng a polokelo.”
Ka Segerike: “lileptone tse peli.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “meferefere.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “ba tla le eka.”
Kapa: “balichaba.”
Kapa: “balichaba.”
Kapa: “feiga.”
Ha ho hlaha makhasi a macha.
Kapa: “oa ho mo eka.”
Kapa: “nkeka.”
Ke litlotla tse fuoang batho ba etsetsang batho ba bang lintho tse ntle.
Kapa: “sebeletsang.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “eka.”
Ngoanana eo e ne le mosebeletsi.
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Ka Segerike: “Ke lona ba chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.
Ka Segerike: “Ke uena ea chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.
Sheba Ntlha ea A3.
Kapa: “Mo bolaele palong.”
Kapa: “bolaeloe palong.”
Kapa: “palo eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
Ka Segerike: “ka hora ea botšelela.”
Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ea borobong.”
Kapa: “moea.”
Ka Segerike: “liteliamo tse 60.” Seteliamo se lekana le limithara tse 185. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa mohlomong: “Na ke uena feela moeti Jerusalema ea sa tsebeng?”
Kapa: “otlile lehlakore.”
Ka Segerike: “lipelo tsa rona li neng li chesa.”
Ka Segerike: “bulela.”
Ka Segerike: “moea.”
Kapa: “inamela.”