Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Filemone 1-25
  • Filemone

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Filemone
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Filemone

LENGOLO LE EANG HO FILEMONE

1 Lengolo leo ’na Pauluse motšoaruoa+ ka lebaka la Kreste Jesu le ngoan’abo rona Timothea+ re le ngollang Filemone mosebetsi-’moho eo re mo ratang, 2 Afia khaitseli ea rona, Arkipase+ lesole-’moho le rona le phutheho e kenelang ha hao:+

3 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.

4 Filemone ngoan’eso, kamehla ke leboha Molimo ha ke bua ka uena lithapelong tsa ka,+ 5 ha ke ntse ke utloa ka tumelo ea hao le kamoo u ratang Morena Jesu le balumeli-’moho* kateng. 6 Ke rapella hore tumelo eo re nang le eona e u susumeletse ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo Kreste a re fileng eona. 7 Etsoe ke ile ka thaba haholo ka ba ka khothala ha ke utloa kamoo u leng lerato kateng ngoan’eso hobane u matlafalitse lipelo tsa* balumeli-’moho.*

8 Ka hona, ke le moapostola oa Kreste ke na le tokelo ea ho u laela ho etsa se nepahetseng 9 empa ke khetha ho u kopa ka lerato kaha ’na Pauluse ke monna ea holileng ebile ke motšoaruoa ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu. 10 Ke ipiletsa ho uena malebana le ngoan’a ka Onesimase,+ eo ke bileng joaloka ntate+ ho eena ha ke ntse ke le teronkong.* 11 Pele o ne a se na thuso ho uena empa joale o se a le molemo ho ’na le ho uena. 12 Ke mo khutlisetsa ho uena, eena Onesimase eo ke mo ratang haholo.*

13 Nka rata hore a lule mona le ’na ’me a ntšebeletse ka tsela eo u neng u ka rata ho ntšebeletsa ka eona ha ke ntse ke le teronkong e le hore litaba tse monate li ’ne li boleloe.+ 14 Empa ha ke batle ho etsa letho u sa ntumella e le hore u ka amohela kopo ea ka ka boithatelo eseng hobane u qobeletsoe.+ 15 Mohlomong o u siile ka nakoana* e le hore u ka boela oa ba le eena kamehla, 16 lekhetlong lena e se lekhoba+ empa e le ea bohlokoa ho feta lekhoba, e le molumeli-’moho le rona.+ Ke mo rata haholo ’me le uena u tla mo rata haholo e le lekhoba ebile e le Mokreste-’moho le rona. 17 Ka hona, haeba u nka hore ’na ke motsoalle oa hao, u mo amohele ka mosa ka tsela eo u neng u tla nkamohela ka eona. 18 Hape haeba o ile a u etsetsa phoso leha e le efe kapa a u kolota ntho leha e le efe, u nke e le ’na ea u kolotang. 19 ’Na Pauluse ke ngola ka letsoho la ka ’me ke tšepisa hore ke tla u lefa. Empa oa tseba hore le uena u nkolota ho hongata.* 20 Ngoan’eso, e se eka u ka nthusa kaha re le Bakreste-’moho. Matlafatsa pelo ea ka joalokaha u le molateli oa Kreste.

21 Ke u ngolla ke kholisehile hore u tla amohela kopo ea ka, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang ntho eo ke e kopileng. 22 Hape u ntokisetse bolulo kaha ke na le tšepo ea hore ka lithapelo tsa lona ke tla lokolloa ke tl’o le bona.+

23 Epafrase+ ea teronkong joaloka ’na ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu* o re u lumele. 24 Mareka, Aristakase,+ Demase+ le Luka+ basebetsi-’moho le ’na le bona ba re u lumele.

25 E se eka mosa oa Morena Jesu Kreste o ka ba le moea o motle oo le o bontšang.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bahalaleli.”

Kapa: “lerato la.”

Ka Segerike: “bahalaleli.”

Ka Segerike: “litlamong.”

Kapa: “ea pelong ea ka.”

Ka Segerike: “ka hora.”

Kapa: “bophelo ba hao.”

Kapa: “motšoaruoa-’moho le ’na bonngoeng le Kreste Jesu.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela