Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Tšenolo 1:1-22:21
  • Tšenolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšenolo
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Tšenolo

TŠENOLO E EANG HO JOHANNE

1 Tsena ke lintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a li bolelloa ke Molimo+ e le hore a bontše bahlanka ba Molimo+ lintho tse tla etsahala haufinyane. Jesu Kreste o ile a roma lengeloi ho Johanne mohlanka oa hae+ hore le mo bontše ka toro lintho tse tla etsahala ka moso. 2 Johanne ke paki ea lintho tseo Molimo a li buileng le lintho tsohle tseo Jesu Kreste a li buileng. Ke paki ea lintho tsohle tseo a li boneng. 3 Ho thaba motho ea ballang mantsoe a boprofeta bona holimo le ba a utloang le ba a mamelang+ hobane nako e behiloeng e haufi.

4 ’Na Johanne, ke ngolla liphutheho tse supileng+ tse profinseng ea Asia, ke re:

E se eka “Molimo ea teng hona joale, eo esale a le teng le ea tlang,”+ le meea e supileng+ e ka pel’a terone ea hae e ka le bontša mosa* le ho le fa khotso. 5 Hape e se eka Jesu Kreste a ka le bontša mosa le ho le fa khotso. Ke “Paki e Tšepahalang,”+ “oa pele ho ba tsositsoeng bafung”+ le “’Musi oa marena a lefatše.”+

Jesu oa re rata+ hape o re lokolotse libeng tsa rona ka mali a hae,+ 6 o re entse marena+ le baprista+ hore re sebeletse Molimo Ntate oa hae. E se eka a ka rorisoa le ho fuoa matla ka ho sa feleng. Amen.

7 O tla tla ka maru+ ’me e mong le e mong o tla mo bona esita le ba mo hlabileng. Maloko ’ohle a lefatše a tla lla ka lebaka la hae.+ Amen.

8 Jehova* Molimo o re: “Ke ’na Alfa le Omega,*+ ea teng, ea neng a le teng le ea tlang. Ke Molimo ea Matla ’Ohle.”+

9 ’Na Johanne ke ngoan’abo lona ea hlorisoang+ joaloka lona ea tla busa le lona ’musong.+ Hape ke mameletse+ joaloka lona hobane ke le molateli oa Jesu.+ Ke ne ke le sehlekehlekeng sa Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho ruta batho ’nete ka Jesu. 10 Moea o halalelang o ile oa nkisa letsatsing la Morena eaba ke utloa lentsoe le phahameng le kang molumo oa terompeta ka mor’a ka, 11 la re: “Lintho tseo u tla li bona u li ngole moqolong ’me u o romele liphuthehong tsena tse supileng: Phutheho e Efese,+ e Smirna,+ e Pergame,+ e Thiatire,+ e Sarda,+ e Filadelfia+ le e Laodisia.”+

12 Ka hetla hore ke bone hore na ke mang ea buang le ’na eaba ke bona liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng.+ 13 Har’a liluloana tseo ka bona motho ea kang mor’a motho+ a apere seaparo se fihlang maotong ’me a itlamme sefubeng ka lebanta la khauta. 14 Moriri oa hae o ne o le mosoeu joaloka boea bo bosoeu le joaloka lehloa ’me mahlo a hae a le joaloka lelakabe la mollo.+ 15 Maoto a hae a ne a benya joaloka koporo ea boleng bo phahameng+ ha e qhibiliha seboping sa mollo ’me lentsoe la hae le ne le le joaloka molumo oa metsi a mangata. 16 Ka letsohong la hae le letona ho ne ho e-na le linaleli tse supileng,+ molomong oa hae ha tsoa sabole e bohale, e telele e sehang ka mahlakore a mabeli+ ’me sefahleho sa hae se ne se le joaloka letsatsi ha le khanya haholo.+ 17 Ha ke mo bona ka oela maotong a hae joalokaha eka ke shoele.

A ntšoara ka letsoho la hae le letona eaba o re: “U se ke oa tšoha. Ke ’na oa Pele+ le oa ho Qetela,+ 18 ke ’na ea phelang.+ Ke ne ke shoele+ empa ke ’na enoa ke phela ka ho sa feleng le kamehla.+ Ke na le linotlolo tsa lefu le tsa Lebitla.*+ 19 Ka hona, ngola lintho tseo u li boneng, lintho tse teng le lintho tse tla etsahala ka mor’a tsena. 20 Lekunutu le halalelang la linaleli tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona le la liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng ke lena: Linaleli tse supileng li emela mangeloi a liphutheho tse supileng ’me liluloana tsa mabone tse supileng li emela liphutheho tse supileng.+

2 U ngolle lengeloi+ la phutheho e Efese+ u re: Ea tšoereng linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng+ o re: 2 ‘Ke tseba liketso tsa hao, mosebetsi le mamello ea hao. Kea tseba hore ha u mamelle batho ba khopo le hore u ile oa hlahloba ba reng ke baapostola+ empa e se bona ’me oa fumana hore ba leshano. 3 U tiiselitse, u mameletse mathata ka lebaka la lebitso la ka+ ’me ha oa nyahama.+ 4 Leha ho le joalo, ha ke thabisoe ke hore ebe ha u sa na lerato joaloka pele.

5 Ka hona, hopola moo u tlohileng teng ha u tla oa, u bake+ ’me u etse lintho tseo u neng u ntse u li etsa pele. Ha u sa bake,+ ke tla tla ho uena, ke tlose seluloana sa hao sa lebone+ sebakeng sa sona. 6 Leha ho le joalo, ntho e ntle eo u e etsang ke ena: U hloile liketso tsa lequloana la Nikolase+ tseo le ’na ke li hloileng. 7 Ea nang le tsebe a utloe hore na moea o re’ng ho liphutheho:+ Ea tla hlola ntoa+ ke tla mo lumella ho ja litholoana tsa sefate sa bophelo+ se paradeiseng ea Molimo.’

8 Ngolla lengeloi la phutheho e Smirna u re: ‘Oa Pele le oa ho Qetela,’+ ea ileng a shoa ’me a boela a phela+ o re: 9 ‘Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao empa u ruile.+ Ke boetse kea tseba hore ho na le batho ba u rohakang ba ipitsang Bajuda empa e se bona, batho bao ke lequloana la* Satane.+ 10 U se ke oa tšaba mathata a haufi le ho u hlahela.+ Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lona teronkong e le hore le ka lekoa kahohle ’me le tla ba le mahlomola ka matsatsi a leshome. U tšepahale ho fihlela lefung ’me ke tla u fa korone ea bophelo.+ 11 Ea nang le tsebe a utloe+ hore na moea o re’ng ho liphutheho: Ea tla hlola ntoa+ a ke ke a shoa lefu la bobeli.’+

12 Ngolla lengeloi la phutheho e Pergame u re: Ea nang le sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli+ o re: 13 ‘Kea tseba hore u lula moo terone ea Satane e leng teng empa oa ntšepahalla.*+ Ke boetse kea tseba hore ha oa ka oa latola hore u lumela ho ’na+ esita le mehleng ea Antipase, paki ea ka e tšepahalang+ ea ileng a bolaeloa+ motseng oa lona, moo Satane a lulang teng.

14 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse sa nthabiseng ka uena. Ho uena moo, ho na le ba mamelang lithuto tsa Balame+ ea ileng a ruta Balake+ ho lihela Baiseraele e le hore ba je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo le ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ 15 Hape ho uena ho na le ba mamelang lithuto tsa sehlopha sa Nikolase.+ 16 Ka hona u bake. Ho seng joalo, ke tla ho uena ke tatile ’me ke tla ba loantša ka sabole e telele e tsoang molomong oa ka.+

17 Ea nang le tsebe a utloe hore na moea o re’ng ho liphutheho:+ Ke tla fa ea tla hlola ntoa+ a mang a manna+ a patiloeng, ke tla mo fa lejoe le lenyenyane le lesoeu le ngotsoeng lebitso le lecha leo ho se nang motho ea le tsebang ntle le ea le amohelang.’

18 Ngolla lengeloi la phutheho ea Thiatire+ u re: Mora oa Molimo, eo mahlo a hae a leng joaloka lelakabe la mollo+ le eo maoto a hae a leng joaloka koporo ea boleng bo phahameng+ o re: 19 ‘Ke tseba liketso tsa hao, lerato la hao, tumelo ea hao, mosebetsi oo u o etsetsang Molimo le hore u mamella mathata a fapaneng. Lintho tseo u li etsang hona joale li feta tseo u li entseng pele.

20 Leha ho le joalo, ha ke thabisoe ke hore ebe u tloheletse mosali eane ea kang Jezebele+ ea ipitsang moprofeta. O khelosa bahlanka ba ka ka ho ba ruta ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano*+ le ho ja lijo tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang. 21 Ke mo file nako ea hore a bake empa ha aa ikemisetsa ho khaotsa ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.* 22 Ke tla etsa hore a kule haholo. Ke tla etsa hore ba febang le eena ba be le mathata a mangata, ntle le haeba ba ka bakela liketso tsa bona tse tšoanang le tsa hae. 23 Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa e le hore liphutheho tsohle li tsebe hore ke hlahloba menahano e tebileng* le lipelo ’me ke tla putsa e mong le e mong oa lona ho ea ka mesebetsi ea hae.+

24 Ha e le lona bohle ba Thiatire, ba sa mameleng thuto ena ea Jezebele le ba sa tsebeng lintho tseo ho thoeng ke “lithuto tse tebileng tsa Satane”+ ke re ho lona: Ha ke batle ho le jarisa moroalo o mong. 25 Le khomarele tsela e nepahetseng eo esale le e tšoere ho fihlela ke tla.+ 26 Motho ea tla hlola ntoa le ho mamela litaelo tsa ka ho fihlela qetellong, ke tla mo fa matla a ho busa lichaba+ 27 e leng matla a tšoanang le ao ke a filoeng ke Ntate. O tla busa batho ka lere la tšepe+ e le hore ba tle ba pshatloe joaloka lijana tsa letsopa. 28 Ke tla mo fa naleli ea meso.+ 29 Ea nang le tsebe a utloe hore na moea o re’ng ho liphutheho.’

3 Ngolla lengeloi la phutheho e Sarda u re: Ea nang le meea e supileng ea Molimo+ le linaleli tse supileng+ o re: ‘Ke tseba liketso tsa hao, u tsebahala ka hore oa phela empa ha e le hantle u shoele.+ 2 Falimeha+ ’me u matlafatse lintho tse setseng tse ka ’nang tsa shoa kaha ke hlokometse hore ha u e-s’o qete ho etsa lintho tsohle tseo Molimo a batlang hore u li etse. 3 Ka hona, lula u hopola molaetsa oo u o amohetseng le oo u o utloileng, u tsoele pele ho o boloka ’me u bake.+ Haeba u sa tsohe, ke tla tla joaloka lesholu+ ’me ho hang u ke ke oa tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.+

4 Leha ho le joalo, ho na le batho ba seng bakae Sarda ba sa kang ba silafatsa liaparo tsa bona+ ’me ba tla tsamaea le ’na ba apere tse tšoeu+ hobane baa tšoaneleha ho etsa joalo. 5 Ea tla hlola ntoa+ o tla apesoa liaparo tse tšoeu.+ Nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo+ empa ha ke le ka pel’a Ntate le mangeloi a hae, ke tla re kea mo tseba.+ 6 Ea nang le tsebe a utloe hore na moea o re’ng ho liphutheho.’

7 Ngolla lengeloi la phutheho e Filadelfia u re: Ea halalelang+ oa ’nete,+ ea nang le senotlolo sa Davida,+ ea bulang e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla koala, le ea koalang e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla bula o re: 8 ‘Ke tseba liketso tsa hao. Ke u buletse lemati+ leo ho se nang motho ea ka le koalang. Kea tseba hore u na le matla a manyenyane, hore u ile oa mamela lentsoe la ka le hore ha oa ka oa latola lebitso la ka. 9 Bao e leng ba lequloana la Satane ba reng ke Bajuda empa e se bona+ ba le leshano, ke tla ba tlisa e le hore ba khumame ka pel’a maoto a hao le ho ba tsebisa hore ke u ratile. 10 Kahobane u ile oa ba le mamello+ joaloka ’na, le ’na ke tla u sireletsa nakong ea tlhahlobo*+ e tla tlela lefatše lohle e le hore ke hlahlobe bohle ba lulang lefatšeng. 11 Ke tla kapele.+ Tšoara ka thata lintho tseo u nang le tsona e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla nka moputso oa hao.+

12 Ke tla etsa tjena ho ea tla hlola ntoa: Ke tla mo etsa pilara ka tempeleng ea Molimo oa ka ’me a ke ke a hlola a tsoa ka ho eona. Ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka,+ lebitso la ka le lecha+ le lebitso la motse oa Molimo oa ka e leng Jerusalema e Ncha+ e theohang e tsoa leholimong ho Molimo oa ka. 13 Ea nang le tsebe a utloe hore na moea o re’ng ho liphutheho.’

14 Ngolla lengeloi la phutheho e Laodisia+ u re: Amen,+ paki+ e tšepahalang le ea ’nete+ ebile e le oa pele eo Molimo a mo bopileng+ o re: 15 ‘Ke tseba liketso tsa hao, ha u bate, ha u chese. Ekare u ka be u bata kapa u chesa. 16 Joale kaha u foofo, ha u bate,+ ha u chese,+ ke tl’o u hlatsa. 17 U re: “Ke morui+ ebile ha ke hloke letho” empa ha u tsebe hore ha oa thaba, oa haula, u mofutsana, u foufetse ebile u hlobotse. 18 Ke u eletsa hore u reke lintho tsena ho ’na: Khauta e hloekisitsoeng ka mollo e le hore u ka rua, moriana oa mahlo hore u tlotse mahlo+ a hao e le hore u ka bona+ le liaparo tse tšoeu hore u apare e le hore batho ba se ke ba u bona u hlobotse+ eaba oa soaba.

19 Ke laea le ho khalemela bohle bao ke ba ratang.+ Ka hona, cheseha ’me u bake.+ 20 Ke eme monyako kea kokota. Haeba ho e-na le motho ea utloang lentsoe la ka ’me a bula monyako, ke tla kena ka tlung ea hae ’me re je lijo tsa mantsiboea ’moho. 21 Ea tla hlola ntoa+ ke tla mo lumella ho lula le ’na teroneng ea ka+ feela joalokaha le ’na ke ile ka hlola ntoa ’me ka lula+ le Ntate teroneng ea hae. 22 Ea nang le tsebe a utloe hore na moea o re’ng ho liphutheho.’”

4 Ka mor’a lintho tsena, ka bona lemati le bulehileng leholimong ’me lentsoe la pele leo ke ileng ka le utloa le ne le le joaloka molumo oa terompeta, le ile la re: “Nyolohela koano ’me ke tla u bontša lintho tse lokelang ho etsahala.” 2 Hang-hang moea oa Molimo oa qala ho sebetsa ho ’na eaba ke bona terone leholimong ’me ho ne ho e-na le ea lutseng ho eona.+ 3 Ea neng a lutse teroneng o ne a phatsima joaloka lejoe la jaspere+ le la sardiase* ’me ho ne ho e-na le mookoli o pota-potileng terone o joaloka lejoe la emeralde.+

4 Terone eo e ne e pota-potiloe ke literone tse 24. Literoneng tseo, ho ne ho lutse baholo ba 24+ ba apereng liaparo tse tšoeu ebile ba roetse likorone tsa khauta. 5 Mahalima,+ mantsoe le lialuma+ li ne li hlaha teroneng eo ebile ho ne ho e-na le mabone a supileng a mollo a tukang ka pel’a eona ’me a ne a emela meea e supileng ea Molimo.+ 6 Ka pel’a eona ho ne ho e-na le ntho e kang leoatle le kang khalase+ kapa kristale.

Bohareng ba terone le ho e pota-pota ho ne ho e-na le mangeloi a mane+ a tletseng mahlo ka pele le ka morao. 7 Lengeloi la pele le ne le tšoana le tau,+ la bobeli le tšoana le pohoana,+ la boraro+ le e-na le sefahleho se joaloka sa motho, la bone+ lona le ne le tšoana le ntsu.+ 8 Le leng le le leng la mangeloi ana a mane le ne le e-na le mapheo a tšeletseng ’me mapheo ao a ne a tletse mahlo hohle.+ Bosiu le motšehare a ne a re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova*+ Molimo ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng, ea teng le ea tlang.”+

9 Neng kapa neng ha mangeloi ao a ne a rorisa, a hlompha le ho leboha ea lutseng teroneng, ea phelang ka ho sa feleng,+ 10 baholo ba 24+ ba ne ba khumama ka pel’a ea lutseng teroneng e leng ea phelang ka ho sa feleng ’me ba mo rapela. Ba ne ba lahlela likorone tsa bona ka pel’a terone ebe ba re: 11 “Jehova* Molimo oa rona,+ u tšoaneloa ke ho ba matla, ho rorisoa+ le ho hlomphuoa+ hobane u bopile lintho tsohle+ ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa boptjoa.”

5 Ke ile ka bona ka letsohong le letona la ea lutseng teroneng+ ho e-na le moqolo o ngotsoeng ka mahlakoreng a mabeli* o tiisitsoeng ka thata ka litempe* tse supileng. 2 Hape ka bona lengeloi le matla le hoeletsa le re: “Ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo le ho tlosa litempe tsa oona?” 3 Empa ho ne ho se ea ka khonang ho o bula le ho o bala leholimong, lefatšeng le ka tlas’a lefatše. 4 Ke ile ka lla haholo hobane ho ne ho se ea tšoanelehang ho bula moqolo kapa ho o bala. 5 E mong oa baholo a re ho ’na: “Tlohela ho lla. Tau ea leloko la Juda+ e tsoang lelapeng+ la Davida*+ e hlotse+ e le hore e bule moqolo le ho tlosa litempe tsa oona tse supileng.”

6 Bohareng ba terone, ke ile ka bona konyana+ e kang e hlabiloe,+ e pota-potiloe ke mangeloi a mane le baholo.+ E ne e e-na le manaka a supileng le mahlo a supileng. Mahlo a emela meea e supileng ea Molimo+ e rometsoeng lefatšeng lohle. 7 Hang-hang konyana ea tla ’me ea nka moqolo o ka letsohong le letona la ea lutseng teroneng.+ 8 Ha e nka moqolo, mangeloi a mane le baholo ba 24+ ba khumama ka pel’a eona. Moholo e mong le e mong o ne a tšoere harepa le likotlolo tsa khauta tse tletseng libano. Libano li emela lithapelo tsa bahalaleli.+ 9 Ba bina pina e ncha+ e reng: “Oa tšoaneleha ho nka moqolo le ho tlosa litempe tsa oona hobane u ile oa hlajoa ’me ka mali a hao oa reka batho+ ba maloko ’ohle, lipuo tsohle, lichaba tsohle le merabe eohle+ e le hore ba sebeletse Molimo. 10 U ile oa ba etsa marena+ le baprista e le hore ba sebeletse Molimo+ ’me ba tla busa lefatše e le marena.”+

11 Ka bona mangeloi a mangata a pota-potileng terone, likerubime le baholo, ka ba ka utloa mantsoe a ’ona. Palo ea ’ona e ne e le limilione tse makholo le likete tse likete.+ 12 A ne a hoelelitse a re: “Konyana e ileng ea hlajoa+ ea tšoaneleha hore e ka tlotlisoa le ho fumana bolaoli, maruo, bohlale, matla, tlhompho le thoriso.”+

13 Ke ile ka utloa lintho tsohle tse bopiloeng tse leholimong, tse lefatšeng, tse ka tlas’a lefatše+ le tse leoatleng, kaofela ha tsona li re: “Ea lutseng teroneng+ le Konyana+ ba matla ’me ba tšoaneloa ke ho rorisoa,+ ho tlotlisoa le ho hlomphuoa ka ho sa feleng.”+ 14 Mangeloi a mane a ne a re: “Amen!” Ebe baholo baa khumama, ba rapela Molimo.

6 Ka bona Konyana+ e tlosa se seng sa litempe* tse supileng+ eaba ke utloa le leng la mangeloi a mane+ le re ka lentsoe le kang la sealuma: “Tloo!” 2 Ka bona pere e tšoeu,+ ea neng a e palame o ne a tšoere seqha. O ile a fuoa korone+ eaba oa tloha hore a e’o hlola lira tsa hae.+

3 Ha Konyana e tlosa setempe sa bobeli, ka utloa lengeloi la bobeli+ le re: “Tloo!” 4 Ka bona pere e ’ngoe e bofubelu ba mollo. Ea e palameng o ile a fuoa sabole e kholo ’me a fuoa matla a hore a tlose khotso lefatšeng e le hore batho ba ka bolaeana.+

5 Ha Konyana e tlosa setempe sa boraro,+ ka utloa lengeloi la boraro+ le re: “Tloo!” Ka bona pere e ntšo, ea e palameng o ne a tšoere sekala. 6 Ka utloa lentsoe le hlaha har’a mangeloi a mane le re: “Lithara* ea koro e rekoa ka denari*+ le lilithara tse tharo tsa harese li rekoa ka denari. U se ke oa senya oli ea mohloaare le veine.”+

7 Ha Konyana e tlosa setempe sa bone, ka utloa lengeloi la bone+ le re: “Tloo!” 8 Ka bona pere e botala bo bosehla, lebitso la ea e palameng e ne e le Lefu ’me o ne a setsoe morao ke Lebitla.* Ba ile ba fuoa matla holim’a kotara ea batho ba lefatše e le hore ba bolaee batho ka sabole e telele, khaello ea lijo,+ lefu la seoa le ka libata.+

9 Ha Konyana e tlosa setempe sa bohlano, ka bona ka tlas’a aletare+ ho e-na le mali*+ a ba bolailoeng ka lebaka la ho mamela lentsoe la Molimo le ho le bolella batho ba bang.+ 10 Mali a bona a hoeletsa a re: “’Musi oa Lintho Tsohle, oa ’nete+ le ea halalelang, u tla ema ho fihlela neng pele u ahlola le ho iphetetsa ho batho ba re bolaileng ba phelang lefatšeng?”+ 11 E mong le e mong oa bona o ile a fuoa seaparo se selelele se sesoeu+ ’me ba bolelloa hore ba eme ka nakoana ho fihlela palo ea makhoba-’moho le bona le bana ba bo bona ba neng ba tl’o bolaoa joaloka bona e feletse.+

12 Ka bona Konyana e tlosa setempe sa botšelela. Ho ile ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše, letsatsi la e-ba letšo joaloka lesela le letšo* le khoeli ea e-ba khubelu joaloka mali.+ 13 Linaleli tsa oela lefatšeng joalokaha lifeie* tse sa butsoang li oa sefateng sa feie ha se tsukutloa ke sefefo. 14 Leholimo la menoa joaloka moqolo eaba lea nyamela+ ’me lithaba le lihlekehleke tsohle tsa tlosoa moo li neng li lutse.+ 15 Marena a lefatše, liofisiri tse kholo, balaoli ba sesole, barui, batho ba matla, makhoba ’ohle le bohle bao e seng makhoba ba ipata mahaheng le mafikeng a lithaba.+ 16 Ba ’na ba re ho lithaba le mafika: “Re oeleng holimo+ le re pate e le hore re se ke ra bonoa ke ea lutseng teroneng.+ Le re sireletse khalefong ea Konyana+ 17 hobane letsatsi le leholo la khalefo ea bona le fihlile+ ’me ke mang ea ka le phonyohang?”+

7 Ka mor’a moo, ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong* tse ’nè tsa lefatše, a thibile meea e hlahang likhutlong tseo tse ’nè e le hore ho se ke ha e-ba le moea o fokang lefatšeng, leoatleng kapa sefateng sefe kapa sefe. 2 Ka bona lengeloi le leng le hlaha ka bochabela le e-na le setempe* se tsoang ho Molimo ea phelang. La hoeletsa mangeloi a mane a neng a fuoe mosebetsi oa ho senya lefatše le leoatle 3 la re: “Le se ke la senya lefatše, leoatle kapa lifate pele re tšoaea+ bahlanka ba Molimo oa rona liphatleng.”+

4 Ka utloa hore ho ne ho tšoauoe ba 144 000+ ba tsoang malokong ’ohle a bara ba Iseraele:+

5 Lelokong la Juda ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Rubene ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Gade ho ne ho tšoauoe ba 12 000.

6 Lelokong la Ashere ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Nefthali ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Manase+ ho ne ho tšoauoe ba 12 000.

7 Lelokong la Simeone ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Levi ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Isakare ho ne ho tšoauoe ba 12 000.

8 Lelokong la Zabulone ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Josefa ho ne ho tšoauoe ba 12 000,

lelokong la Benjamine ho ne ho tšoauoe ba 12 000.

9 Ka mor’a moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ea ka bo balang. E ne e le batho ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle.+ Ba ne ba eme ka pel’a terone le Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu+ ’me ba tšoere makala a palema.+ 10 Ba ne ba hoeletsa ba re: “Re pholositsoe ke Molimo oa rona ea lutseng teroneng,+ le Konyana.”+

11 Mangeloi ’ohle, likerubime tse ’nè le baholo ba ne ba pota-potile terone.+ Bohle ba khumama ka pel’a terone ’me ba rapela Molimo 12 ba re: “Amen! Molimo oa rona ea bohlale, ea nang le matla le bolaoli a ke a hlomphuoe, a rorisoe le ho lebohuoa ka ho sa feleng.+ Amen.”

13 E mong oa baholo a re ho ’na: “Batho baa ba apereng liaparo tse telele tse tšoeu+ ke bo-mang hona ba tsoa hokae?” 14 Ka re ho eena: “Moren’a ka, ke uena ea tsebang.” A re ho ’na: “Bana ke ba pholohileng mahlomola a maholo,+ ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.+ 15 Ke ka lebaka leo ba leng ka pel’a terone ea Molimo, ba mo sebeletsa bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae. Ea lutseng teroneng+ o tla ba sireletsa.*+ 16 Ba ke ke ba hlola ba lapa, ba nyoroa kapa ba chesoa ke letsatsi+ 17 hobane Konyana+ e pel’a terone e tla ba lisa,+ e ba ise lilibeng tsa metsi a bophelo.+ Molimo o tla ba hlakola meokho.”+

8 Ha Konyana+ e tlosa setempe* sa bosupa,+ ho ile ha thola metsotso e ka bang 30 leholimong. 2 Ka bona mangeloi a supileng+ a emang ka pel’a Molimo a fuoa literompeta tse supileng.

3 Lengeloi le leng la fihla, la ema aletareng le tšoere sejana sa libano sa khauta.+ La fuoa libano tse ngata+ e le hore le li nyehele aletareng ea khauta+ e neng e le ka pel’a terone ha lithapelo tsa bahalaleli bohle li ne li utluoa. 4 Mosi oa libano tseo lengeloi le neng le li chesitse oa nyolohela ho Molimo hammoho le lithapelo+ tsa bahalaleli. 5 Eaba lengeloi le nka sejana seo sa libano, la tšela a mang a mashala* a tsoang aletareng ka har’a sona ’me la se lahlela lefatšeng. Ha e-ba le lialuma, mahalima+ le tšisinyeho ea lefatše. Hape ka utloa le mantsoe. 6 Mangeloi a supileng a nkileng literompeta+ a itokisetsa ho li letsa.

7 La pele la letsa terompeta ea lona. Sefako le mollo o tsoakaneng le mali tsa nela lefatše.+ Karolo e ’ngoe* ea lefatše ea cha, lifate tse ngata le limela tsohle tse tala tsa cha.+

8 Lengeloi la bobeli la letsa terompeta ea lona. Ntho e kang thaba e kholo e tukang ea lahleloa ka leoatleng.+ Karolo e ’ngoe* ea leoatle ea fetoha mali.+ 9 Karolo e ’ngoe ea lintho tse phelang leoatleng ea shoa+ le likepe tse ngata tsa senyeha.

10 Lengeloi la boraro la letsa terompeta ea lona. Naleli e kholo e khanyang joaloka lebone ea theoha leholimong, ea oela linokeng tse ngata le lilibeng.+ 11 Lebitso la naleli eo ke Lengana. Metsi a mangata a ile a baba joaloka lengana eaba batho ba bangata ba bolaoa ke metsi ao hobane a ne a baba.+

12 Lengeloi la bone la letsa terompeta ea lona. Karolo e ’ngoe* ea letsatsi, karolo e ’ngoe ea khoeli le linaleli tse ngata tsa fifala.+ Ho ne ho se na khanya ka lihora tse ka bang ’nè bosiu le ka lihora tse ka bang ’nè motšehare.

13 Ka bona le ho utloa ntsu e fofelang holimo e hoelelitse e re: “Ho malimabe, ho malimabe, ho malimabe+ ba lulang lefatšeng ka lebaka la melumo ea literompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla li letsa!”+

9 Lengeloi la bohlano la letsa terompeta+ ea lona. Ka bona naleli e neng e theohetse lefatšeng e tsoa leholimong. E ile ea fuoa senotlolo sa sekoti se tebileng.+ 2 Ea bula sekoti seo eaba ho nyoloha mosi o kang oa sebopi se seholo sa mollo. Letsatsi le leholimo tsa fifatsoa+ ke mosi o tsoang ka sekoting seo. 3 Litsie tsa tsoa har’a mosi oo tsa tla lefatšeng.+ Li ile tsa fuoa matla a lekanang le ao liphepheng li neng li a fuoe. 4 Litsie tseo tsa bolelloa hore li se ke tsa senya limela, lifate kapa ntho efe kapa efe e tala lefatšeng empa li hlokofatse feela batho ba se nang letšoao la Molimo liphatleng.+

5 Litsie li ile tsa lumelloa ho ba hlokofatsa ka likhoeli tse hlano eseng ho ba bolaea. Li ne li ba hlokofatsa joaloka phepheng+ ha e loma motho. 6 Ka nako eo, batho ba tla batla lefu empa ba ke ke ba le fumana, ba tla lakatsa ho shoa empa ba ke ke ba shoa.

7 Litsie tseo li ne li shebahala joaloka lipere tse loketseng ntoa.+ Li ne li roetse lintho tse tšoanang le likorone tsa khauta, lifahleho tsa tsona li tšoana le tsa batho, 8 li ne li e-na le moriri o kang oa basali le meno a kang a litau.+ 9 Li ne li apere lintho tse kang litšireletso tsa sefuba tsa tšepe. Molumo oa mapheo a tsona o ne o tšoana le oa likariki tse huloang ke lipere tse ngata tse mathelang ntoeng.+ 10 Li ne li e-na le mehatla e tšoanang le ea liphepheng e nang le metsu. Mehatla ea tsona e ne e e-na le matla a ho hlokofatsa batho ka likhoeli tse hlano.+ 11 Morena oa tsona ke lengeloi le okametseng sekoti se tebileng.+ Ka Seheberu le bitsoa Abadone* empa ka Segerike le bitsoa Apolione.*

12 Bomalimabe ba pele bo fetile. Bomalimabe ba bobeli le ba boraro+ bo tla tla ka mor’a lintho tsena.

13 Lengeloi la botšelela+ la letsa terompeta+ ea lona. Ka utloa lentsoe le leng le hlahang manakeng a aletare+ ea khauta e ka pel’a Molimo. 14 La re ho lengeloi la botšelela le tšoereng terompeta: “Lokollang mangeloi a mane a tlamiloeng nokeng e kholo ea Eufrate.”+ 15 Mangeloi ao a mane a lokolloa. A ne a lokiselitsoe hora, letsatsi, khoeli le selemo seo ka sona a tla bolaea batho ba bangata.*

16 Ke ile ka utloa palo ea mabotho a bapalami ba lipere. E ne e le limilione tse 200. 17 Lipere tseo ke li boneng ponong li ne li e-na le lihlooho tse kang tsa litau,+ melomong ea tsona ho ne ho tsoa mollo, mosi le sebabole. Ba li palameng ba ne ba apere litšireletso tsa sefuba tse bofubelu ba mollo, bosehla ba sebabole le tse ’mala o moputsoa. 18 Batho ba bangata ba ile ba bolaoa ke mollo, mosi le sebabole tse neng li tsoa melomong ea tsona. 19 Matla a lipere tseo a ne a le melomong ea tsona le mehatleng ea tsona kaha mehatla ea tsona e ne e tšoana le linoha e e-na le lihlooho. Lipere tseo li ne li ntša batho kotsi ka mehatla ea tsona.

20 Batho ba bang kaofela ba sa kang ba bolaoa ke likotlo tsena ha baa ka ba bakela mesebetsi ea bona. Ha baa ka ba emisa ho rapela bademona le melimo ea litšoantšo e sa boneng, e sa utloeng le e sa khoneng ho tsamaea, e entsoeng ka khauta, silevera, koporo, lejoe le lepolanka.+ 21 Ha baa ka ba tlohela ho bolaea, ho sebelisana le meea, ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* le ho utsoa.

10 Ka bona lengeloi le leng le matla le theoha leholimong. Le ne le koahetsoe ke leru, le roetse mookoli hloohong. Sefahleho sa lona se ne se tšoana le letsatsi+ ’me maoto a lona a tšoana le lipilara tsa mollo. 2 Le ne le tšoere moqolo o monyenyane o phutholotsoeng. Leoto la lona le letona le ne le le leoatleng empa le letšehali le le lefatšeng. 3 La hoeletsa joaloka tau ha e puruma.+ Ha le hoeletsa, lialuma tse supileng+ tsa bua.

4 Ha lialuma tse supileng li bua, ke ne ke le mothating oa ho ngola empa ka utloa lentsoe le tsoang leholimong+ le re: “U se ke oa ngola lintho tse builoeng ke lialuma tse supileng empa u li boloke e le lekunutu.” 5 Lengeloi leo ke boneng le eme holim’a leoatle le lefatše la phahamisetsa letsoho la lona le letona leholimong. 6 La ikana ka ea phelang ka ho sa feleng,+ ea bopileng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.+ La re: “Molimo a ke ke a hlola a lieha. 7 Ha lengeloi la bosupa+ le le haufi le ho letsa terompeta ea lona,+ lekunutu le halalelang+ la litaba tse monate le tla phethahala. Molimo o ile a le bolella bahlanka ba hae ba baprofeta.”+

8 Lentsoe le tsoang leholimong+ la bua le ’na hape la re: “E-ea ho lengeloi le emeng holim’a lefatše le leoatle, u nke moqolo o phutholotsoeng o ho lona.”+ 9 Ke ile ka ea ho lengeloi, ka le bolella hore le mphe moqolo oo o monyenyane. La re ho ’na: “O nke u o je.+ O tla etsa hore ho be bohloko ka mpeng ea hao empa ka hanong o tla ba monate joaloka mahe a linotši.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane o letsohong la lengeloi ka o ja.+ O ne o le monate joaloka mahe a linotši+ empa ha ke se ke o jele, mpa ea ka ea e-ba bohloko. 11 Ka utloa ho thoe ho ’na: “U boele u profete ka lintho tse tla hlahela batho ba lichaba, lipuo, merabe e fapaneng hammoho le marena a mangata.”

11 Ke ile ka fuoa lehlaka le kang molamu*+ eaba ho thoe: “Tsamaea u methe sehalalelo sa tempele ea Molimo le aletare u be u bale le batho ba rapellang teng. 2 Ha e le lebala le ka ntle ho sehalalelo sa tempele, u le tlohele, u se ke oa le metha hobane le fuoe lichaba. Li tla hatakela motse o halalelang+ ka likhoeli tse 42.+ 3 Ke tla etsa hore lipaki tsa ka tse peli li profete ka matsatsi a 1 260 li tenne lesela le hoashang.” 4 Lipaki tsena li tšoantšetsoa ke lifate tse peli tsa mohloaare+ le liluloana tse peli tsa mabone+ ’me li eme ka pel’a Morena oa lefatše.+

5 Haeba ho e-na le ea batlang ho ntša lipaki tsena kotsi, mollo o tsoa melomong ea tsona e le hore o bolaee lira tsa tsona. Haeba motho leha e le ofe a batla ho li ntša kotsi, o tla bolaoa ka tsela ena. 6 Li na le matla a ho etsa hore pula e se ke ea na+ nakong eo li profetang ka eona. Li na le matla a ho fetola metsi hore e be mali+ le ho etsa hore lintho tse mpe tsa mofuta o mong le o mong li etsahale lefatšeng ho ea kamoo li lakatsang kateng.

7 Ha li qetile ho profeta, sebata se nyolohang sekoting se tebileng se tla li loantša ebe sea li hlola le ho li bolaea.+ 8 Litopo tsa tsona li tla rapalla seterateng se seholo sa motse o moholo moo batho ba bolaetseng Morena oa tsona palong. Sodoma le Egepeta li tšoantšetsa motse oo. 9 Batho ba maloko, lipuo le lichaba ba tla sheba litopo tsa lipaki tseo ka matsatsi a mararo le halofo+ ’me ba ke ke ba lumella litopo tsa tsona hore li bolokoe lebitleng. 10 Ba lulang lefatšeng ba tla thaba, ba keteke ’me ba romellane limpho ka lebaka la lefu la baprofeta bana ba babeli etsoe baprofeta bao ba ne ba ba hlokofatsa.

11 Ka mor’a matsatsi a mararo le halofo, Molimo o ile a tsosa baprofeta bana,+ ba ema eaba batho ba ba bonang ba tšoha haholo. 12 Ba utloa lentsoe le phahameng le tsoang leholimong le re ho bona: “Nyolohelang koano.” Ba nyolohela leholimong ka leru lira tsa bona li ba shebile. 13 Ka eona nako* eo, ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše ’me karolo e nyenyane* ea motse ea oa. Batho ba 7 000 ba bolaoa ke tšisinyeho ea lefatše, ba bang kaofela ba tšoha eaba ba tlotlisa Molimo oa leholimo.

14 Bomalimabe ba bobeli+ bo fetile. Bomalimabe ba boraro bo tla ka potlako.

15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha utloahala mantsoe a phahameng leholimong a reng: “’Muso oa lefatše e se e le ’Muso oa Morena oa rona+ le oa Kreste oa hae.+ O tla busa* e le morena ka ho sa feleng.”+

16 Baholo ba 24+ ba neng ba lutse ka pel’a Molimo literoneng tsa bona, ba khumama eaba ba rapela Molimo 17 ba re: “Rea u leboha Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle, ea teng+ le ea neng a le teng hobane u sebelisitse matla a hao a maholo ’me u qalile ho busa u le morena.+ 18 Leha ho le joalo, lichaba li ile tsa halefa ’me le uena oa li halefela. Nako e behiloeng ea fihla ea hore bafu ba ahloloe le hore u putse+ ba banyenyane le ba baholo e leng bahlanka ba hao ba baprofeta,+ bahalaleli le ba tšabang lebitso la hao le hore u felise ba senyang lefatše.”+

19 Sehalalelo sa tempele ea Molimo se leholimong sa buloa eaba ke bona areka ea selekane sa hae.+ Ha e-ba le mahalima, lialuma, tšisinyeho ea lefatše le sefako se linaka, hape ka utloa le mantsoe.

12 Ka bona pontšo e kholo leholimong: Ho ne ho e-na le mosali+ ea apereng liaparo tse khanyang joaloka letsatsi, khoeli e le ka tlas’a maoto a hae. O ne a roetse korone e entsoeng ka linaleli tse 12 2 ebile e ne e le moimana. Kaha ngoana oa hae o ne a le haufi le ho hlaha, o ne a lla hobane a otloa ke mahlaba a pelehi.

3 Ka bona pontšo e ’ngoe leholimong: Ho ne ho e-na le drakone e kholo e bofubelu ba mollo,+ e e-na le lihlooho tse supileng le manaka a leshome ’me e roetse likorone tse supileng. 4 E ile ea hulanya linaleli tse ngata*+ ka mohatla oa eona eaba e li lahlela lefatšeng.+ E ne e eme ka pel’a mosali+ ea neng a le haufi le ho ba le ngoana e le hore e koenye ngoana eo ha a hlaha.

5 A tsoala mora+ ea tla busa lichaba kaofela ka lere la tšepe.+ Hang-hang ngoana eo a isoa ho Molimo ea lutseng teroneng ea hae. 6 Mosali eo a balehela naheng. O ne a e-na le sebaka seo a se lokiselitsoeng ke Molimo moo a neng a tla feptjoa teng ka matsatsi a 1 260.+

7 Ha qhoma ntoa leholimong: Mikaele*+ le mangeloi a hae ba loana le drakone le mangeloi a eona. 8 Drakone le mangeloi a eona ba ile ba hloloa* ebile ha baa ka ba hlola ba lumelloa ho lula leholimong. 9 Kahoo, drakone e kholo,+ noha ea pele e bitsoang+ Diabolose+ le Satane,+ e khelosang lefatše lohle,+ ea liheloa tlase lefatšeng+ hammoho le mangeloi a eona. 10 Ka utloa lentsoe le phahameng le tsoang leholimong le re:

“Molimo o tlisitse poloko,+ matla a hae a bonahalitsoe le ’Muso oa hae+ o se o hlonngoe. Kreste o se a busa hobane ea qosang bana ba bo rona bosiu le motšehare ka pel’a Molimo o se a lihetsoe tlase.+ 11 Ba ile ba mo hlola+ ka lebaka la mali a Konyana+ le ka lebaka la molaetsa oo ba o bolelang+ ’me ha baa ka ba rata bophelo ba bona+ leha ba ne ba tobane le lefu. 12 Ka lebaka lena, thabang lona maholimo le lona ba lulang ho ’ona. Ho malimabe lefatše le leoatle+ hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile haholo a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”+

13 Ha drakone e hlokomela hore e lihetsoe lefatšeng,+ ea hlorisa mosali+ ea ileng a ba le ngoana oa moshanyana. 14 Eaba mosali o fuoa mapheo a mabeli a ntsu e kholo+ e le hore a fofele naheng, moo Molimo a neng a mo lokiselitse teng le moo a neng a tla feptjoa ka linako tse tharo le halofo,*+ hole le noha.+

15 Noha ea tšoela metsi a kang noka ka mor’a mosali e le hore a khangoe ke ’ona. 16 Lefatše la thusa mosali. La ahlama ’me la metsa noka eo drakone e e tšoetseng. 17 Drakone ea halefela mosali, ea tloha ho ea loantša bana* ba setseng+ ba mosali ba mamelang litaelo tsa Molimo le ba filoeng mosebetsi oa ho paka ka Jesu.+

13 Drakone e ile ea ema lehlabatheng la leoatle.

Ka bona sebata+ se nyoloha ka leoatleng+ se e-na le manaka a leshome, lihlooho tse supileng le likorone tse leshome manakeng a sona. Lihloohong tsa sona ho ne ho e-na le mabitso a nyefolang Molimo. 2 Sebata seo se ne se tšoana le lengau, maoto a sona eka a bere le molomo oa sona eka oa tau. Drakone+ ea fa sebata matla, terone le borena bo boholo.+

3 E ’ngoe ea lihlooho tsa sona e ne e e-na le leqeba le ka e bolaeang empa leqeba leo le ile la fola.+ Batho ba lefatše kaofela ba ne ba hloletsoe ke sebata seo eaba ba se sala morao. 4 Ba ile ba rapela drakone hobane e file sebata matla. Ba rapela sebata ba re: “Ke mang ea tšoanang le sebata, hona ke mang ea ka loanang le sona?” 5 Se ile sa fuoa matla a ho ithorisa le ho nyefola Molimo, sa fuoa le matla a ho etsa borata ka likhoeli tse 42.+ 6 Sa qala ho bua+ eaba se nyefola Molimo, lebitso la hae, sebaka sa hae sa bolulo esita le ba lulang leholimong.+ 7 Sa lumelloa ho loantša bahalaleli le ho ba hlola.+ Hape sa fuoa matla a ho busa batho ba maloko ’ohle, merabe eohle, lipuo tsohle le lichaba tsohle. 8 Batho bohle ba lulang lefatšeng bao ho tloha ha lefatše le thehoa mabitso a bona a sa kang a ngoloa moqolong oa bophelo+ oa Konyana e ileng ea hlajoa,+ ba tla se rapela.

9 Ea nang le tsebe a utloe.+ 10 Ea lokelang ho ea teronkong o tla ea teronkong. Ea bolaeang ka sabole* le eena o tla bolaoa ka sabole.+ Kahoo, bahalaleli+ ba lokela ho ba le mamello+ le tumelo.+

11 Ka bona sebata se seng se nyoloha lefatšeng. Se ne se e-na le manaka a mabeli a kang a konyana empa se bua joaloka drakone.+ 12 Se sebelisa matla a lekanang le a sebata sa pele,+ sebata seo sa pele se ntse se shebile. Se etsa hore batho ba lulang lefatšeng ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.+ 13 Se etsa mehlolo e makatsang ebile se tseba ho etsa hore mollo o theohe leholimong o tle lefatšeng batho ba ntse ba shebeletse.

14 Se khelosa batho ba lulang lefatšeng ka mehlolo eo se ileng sa lumelloa ho e etsa ka pel’a sebata sa pele. Hape se bolella batho hore ba etse setšoantšo+ sa sebata sa pele se neng se e-na le leqeba la sabole empa sa hlaphoheloa.+ 15 Sebata se manaka a mabeli se ile sa lumelloa ho phelisa setšoantšo sa sebata sa pele* e le hore setšoantšo seo se ka bua le ho laela hore bohle ba hanang ho rapela setšoantšo sa sebata ba bolaoe.

16 Se qobella batho bohle hore ba tšoauoe matsohong a matona kapa liphatleng, ba banyenyane le ba baholo, barui le bafutsana, makhoba le bao e seng makhoba.+ 17 Se etsa hore ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao, ebang ke lebitso+ la sebata kapa palo e emelang lebitso la sona.+ 18 Motho ea bohlale a ke a bale palo ea sebata hobane ke palo ea motho, palo ea sona ke 666. Ke motho ea bohlale feela ea ka khonang ho utloisisa taba ena.+

14 Hape ka bona Konyana+ e eme Thabeng ea Sione+ e e-na le ba 144 000+ bao liphatleng tsa bona ho neng ho ngotsoe lebitso la eona le la Ntate oa eona.+ 2 Ka utloa molumo o hlahang leholimong o tšoanang le molumo oa metsi a mangata le oa sealuma se lerata. Molumo oo o ne o tšoana le oa libini tse binang ka liharepa. 3 Pina eo li neng li e bina e ne eka e ncha.+ Li ne li e bina ka pel’a terone, likerubime tse ’nè+ le baholo.+ Ho ne ho se ea ka khonang ho bina pina eo haese ba 144 000+ ba neng ba rekiloe lefatšeng. 4 Bana ke ba sa kang ba etsa bohlola le basali. Ha e le hantle, ha ba e-s’o ka ba robala le mang kapa mang.+ Ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae+ ’me ba rekiloe+ lefatšeng e le hore e be ba pele*+ ba fuoeng Molimo le Konyana. 5 Ha baa ka ba bua leshano ebile ha ba na molato.+

6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng. Le ne le phatlalatsa litaba tse monate tse sa feleng, le li bolella batho ba lulang lefatšeng, ba merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.+ 7 Le ne le hoelelitse le re: “Hlomphang Molimo ’me le mo tlotlise hobane nako ea hore a ahlole e fihlile.+ Ka lebaka leo, le rapele ea entseng leholimo, lefatše, leoatle+ le liliba.”

8 Lengeloi la bobeli la latela le ntse le re: “O oele! O oele+ Babilona e Moholo,+ ea ileng a etsa hore lichaba tsohle li noe veine ea hae e etsang hore li be le takatso e matla ea ho etsa bohlola.”*+

9 Lengeloi le leng la boraro la latela le hoelelitse le re: “Haeba mang kapa mang a rapela sebata+ le setšoantšo sa sona ebile a amohela letšoao phatleng ea hae kapa letsohong la hae,+ 10 o tla boela a noe veine ea Molimo e leng bohale ba hae bo tukang, eo a tla mo tšella eona e sa hlapolloa ka senoelong sa hae sa khalefo.+ Motho eo o tla hlokofatsoa ka mollo le sebabole+ ka pel’a mangeloi a halalelang le Konyana. 11 Ba rapelang sebata le setšoantšo sa sona le mang kapa mang ea amohelang letšoao la lebitso la sona+ o tla hlokofatsoa bosiu le motšehare ’me mosi oa mollo o ba hlokofatsang o tla kubella ka ho sa feleng.+ 12 Bahalaleli+ ba mamelang litaelo tsa Molimo le ba nang le tumelo+ ho Jesu ba lokela ho ba le mamello.”

13 Ka utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Ngola u re: Batho ba shoang e le balateli ba Morena*+ ho tloha hona joale ho ea pele, ba tla thaba. Moea o halalelang o re ba phomole mesebetsing ea bona hobane lintho tseo ba ileng ba li etsa li ke ke tsa lebaloa.”

14 Ka bona leru le lesoeu. Holim’a lona ho ne ho lutse ea kang mor’a motho,+ a roetse korone ea khauta ’me a tšoere sekele e bohale.

15 Lengeloi la hlaha sehalalelong sa tempele, la hoeletsa ea lutseng holim’a leru la re: “Kotula ka sekele ea hao hobane joale ke nako ea ho kotula kaha lijalo tsa lefatše li butsoitse.”+ 16 Ea lutseng holim’a leru a akhela sekele ea hae lefatšeng ’me lefatše la kotuloa.

17 Lengeloi le leng hape la hlaha sehalalelong sa tempele se leholimong, le lona le ne le tšoere sekele e bohale.

18 Lengeloi le leng hape la hlaha aletareng. Le ne le e-na le matla a ho laola mollo. La hoeletsa ea neng a tšoere sekele e bohale la re: “Sebelisa sekele ea hao e bohale, u bokelle morara oa lefatše hobane o se o butsoitse.”+ 19 Lengeloi la akhela sekele ea lona lefatšeng, la bokella morara oa lefatše. Ka mor’a moo, la o akhela ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo.+ 20 Lipere li ne li hatakela morara ka sehatelong se ka thoko ho motse. Mali a neng a tsoa, a ne a phalla sebaka se ka etsang lik’hilomithara tse 300,* botebo ba ’ona e le bo ka fihlang litomong tsa lipere.

15 Ka bona pontšo e ’ngoe leholimong, e kholo le e makatsang. Ke ile ka bona mangeloi a supileng+ a tšoere likotlo tse supileng. Likotlo tsena ke tsa ho qetela hobane ha li fela Molimo ha a sa tla halefa.+

2 Ke ile ka bona ntho e kang leoatle la khalase+ ’me lintho tse ka hare ho lona li ne li kopane le mollo. Batho ba neng ba hlotse+ sebata le setšoantšo sa sona+ ba bile ba sa amohela letšoao la palo e emelang lebitso la sona,+ ba ne ba eme pel’a leoatle la khalase ba tšoere liharepa tsa Molimo. 3 Ba ne ba bina pina ea Moshe+ mohlanka oa Molimo le ea Konyana+ ba re:

“Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle,+ mesebetsi ea hao e meholo ebile ea tsoteha.+ Morena oa bosafeleng,+ litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.+ 4 Jehova,* kaha ke uena feela ea tšepahalang,+ ke mang ea ke keng a u hlompha* le ho tlotlisa lebitso la hao? Lichaba tsohle li tla tla ’me li u rapele+ hobane li bone hore u ahlola ka toka.”

5 Ka mor’a lintho tsena ka bona sehalalelo sa tabernakele*+ se buloa leholimong.+ 6 Mangeloi a supileng a tšoereng likotlo tse supileng+ a tsoa sehalalelong a apere liaparo tsa line e hloekileng, e khanyang ’me a itlamile ka mabanta a khauta lifubeng. 7 E ’ngoe ea likerubime tse ’nè ea fa mangeloi a supileng likotlolo tse supileng tsa khauta tse neng li tletse khalefo ea Molimo+ ea phelang ka ho sa feleng. 8 Sehalalelo se ile sa tlala mosi ka lebaka la khanya ea Molimo+ le matla a hae. Ha ho ea ileng a khona ho kena ka sehalalelong ho fihlela likotlo tse supileng+ tsa mangeloi a supileng li fela.

16 Ka utloa lentsoe le phahameng le hlahang sehalalelong+ le re ho mangeloi a supileng: “Tsamaeang, le qhalle bohale ba Molimo bo ka likotlolong tse supileng lefatšeng.”+

2 La pele la ea eaba le qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona lefatšeng.+ Batho ba neng ba e-na le letšoao la sebata+ le ba neng ba rapela setšoantšo sa sona,+ ba tsoa liso tse bohloko le tse bolaeang.+

3 La bobeli la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona leoatleng.+ Leoatle la fetoha mali+ a joaloka a motho ea shoeleng eaba lintho tsohle tse phelang ka leoatleng lia shoa.+

4 La boraro la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona linokeng le lilibeng+ eaba li fetoha mali.+ 5 Ka utloa lengeloi le nang le matla a ho laola metsi le re: “Uena ea tšepahalang, ea teng le ea neng a le teng,+ u lokile+ hobane u fane ka likahlolo tsena.+ 6 Kaha ba ile ba tšolla mali a bahalaleli le a baprofeta,+ u entse hore ba noe mali.+ Kahlolo eo ea ba tšoanela.”+ 7 Ka utloa lentsoe le hlahang aletareng le re: “Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle,+ likahlolo tsa hao ke tsa ’nete ’me li lokile.”+

8 Lengeloi la bone la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona letsatsing+ eaba letsatsi le lumelloa hore le tlabole batho joaloka mollo. 9 Batho ba tlaboloa ke mocheso empa ba rohaka lebitso la Molimo ea nang le matla a ho tlisa likotlo tsena. Ha baa ka ba baka le ho mo tlotlisa.

10 Lengeloi la bohlano la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona holim’a terone ea sebata. ’Muso oa sona oa fifala+ eaba batho ba itoma maleme hobane ba utloile bohloko. 11 Ba ile ba nyefola Molimo oa leholimo ka lebaka la bohloko boo ba bo utloang le ka lebaka la liso tsa bona ’me ha baa ka ba baka.

12 Lengeloi la botšelela la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona nokeng e kholo ea Eufrate.+ Metsi a eona a psha+ e le hore tsela e ka lokisoa bakeng sa marena+ a tsoang ka bochabela.

13 Ka bona lipolelo tse tharo tse sa hloekang* tse shebahalang joaloka linqanqane. Polelo e ’ngoe e ne e tsoa molomong oa drakone,+ e ’ngoe e tsoa molomong oa sebata ha e ’ngoe eona e tsoa molomong oa moprofeta oa bohata. 14 Lipolelo tseo li susumetsoa ke bademona ’me li etsa lipontšo.+ Li ea ho marena a lefatše lohle ’me li a bokella bakeng sa ntoa+ ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.+

15 “Ke tla joaloka lesholu.+ Ho thaba motho ea lulang a falimehile+ ’me a lula a apere liaparo tsa hae e le hore a se ke a tsoela ka ntle a sa apara ebe batho baa mo bonela.”+

16 Lipolelo tse sa hloekang tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Armagedone.*+

17 Lengeloi la bosupa la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona moeeng. Ka utloa lentsoe le hlahang teroneng e ka sehalalelong+ le re: “Ho etsahetse!” 18 Ha e-ba le mahalima le lialuma hape ka utloa mantsoe. Ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše. Ha ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona lefatšeng+ haesale batho ba e-ba teng. E ne e le kholo haholo ebile e le matla. 19 Motse o moholo+ oa aroha likarolo tse tharo ’me metse ea linaha ea oa. Molimo o ile a hopola Babilona e Moholo+ ’me a mo fa senoelo sa veine ea bohale ba hae.+ 20 Lihlekehleke le lithaba tsa nyamela.+ 21 Sefako se setenya se ka etsang lik’hilokramo tse 20* sa oela holim’a batho+ se tsoa leholimong. Batho ba nyefola Molimo ka lebaka la kotlo eo ea sefako+ hobane se ne se baka tšenyo e kholo.

17 Le leng la mangeloi a supileng a neng a tšoere likotlolo tse supileng+ la tla ho ’na la re: “Tloo ke tl’o u bontša kahlolo ea letekatse le leholo le lulang holim’a metsi a mangata,+ 2 leo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola* le lona.+ Batho ba lefatše ba ile ba tahoa ke veine ea bohlola* ba lona.”+

3 Lengeloi leo la sebelisa moea o halalelang ho nkisa moo ho sa luloeng. Ka bona mosali ea lutseng holim’a sebata se sefubelu se ngotsoeng mabitso a nyefolang Molimo hohle. Se ne se e-na le lihlooho tse supileng le manaka a leshome. 4 Mosali eo o ne a apere liaparo tse pherese+ le tse khubelu, a ikhabisitse ka khauta, liperela+ le majoe a bohlokoa. O ne a tšoere senoelo sa khauta se tletseng lintho tse nyontšang le tse litšila tsa bohlola* ba hae. 5 Phatleng ea hae ho ne ho ngotsoe lebitso le sa tsejoeng. Lebitso leo ke: “Babilona e Moholo, ’mè oa matekatse+ le oa lintho tse nyontšang tsa lefatše.”+ 6 Ka bona hore mosali eo o ne a tahiloe ke mali a bahalaleli le a lipaki tsa Jesu.+

Ha ke mo bona ke ile ka makala haholo. 7 Lengeloi la re ho ’na: “U makaletse’ng? E-re ke u bolelle lekunutu la mosali+ eo le la sebata seo a se palameng se nang le lihlooho tse supileng le manaka a leshome:+ 8 Sebata seo u se boneng se ne se le teng feela ha se sa le eo empa haufinyane se tla nyoloha se tsoa ka sekoting se tebileng+ ’me se tla felisoa. Batho ba lulang lefatšeng bao mabitso a bona a sa ngoloang moqolong oa bophelo,+ o bileng teng ho tloha ha lefatše le thehoa, ba tla makala ha ba bona hore sebata se ne se le teng feela ha se sa le eo empa se tla boela se be teng.

9 E le hore motho a utloisise taba ena, o hloka hore a be le bohlale. Lihlooho tse supileng+ li emela lithaba tse supileng tseo mosali eo a lulang holim’a tsona. 10 Li emela marena a supileng, a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle empa ha a fihla, o tla lula nako e khutšoanyane. 11 Sebata se neng se le teng empa se se se le sieo,+ e boetse ke morena oa borobeli empa se tla hlaha ho marena a supileng ebe sea felisoa.

12 Manaka a leshome ao u a boneng a emela marena a leshome a e-s’o ka a busa, a tla fuoa matla a hore a buse le sebata ka hora e le ’ngoe. 13 Marena ao a na le morero o tšoanang. Kahoo, a fa sebata matla a ’ona a ho busa. 14 Marena ao a tla loana le Konyana+ empa Konyana e tla a hlola+ hobane ke Khosi ea likhosi le Morena oa marena.+ Bao Molimo a ba bitsitseng le bao a ba khethileng ba mo tšepahallang le bona ba tla hlola.”+

15 La re ho ’na: “Metsi ao u a boneng ao letekatse le lutseng holim’a ’ona a emela batho, lichaba, matšoele, merabe le lipuo tse fapaneng.+ 16 Manaka a leshome+ ao u a boneng le sebata+ li tla hloea letekatse,+ li le nkele sohle li be li le hlobolise. Li tla ja linama tsa lona li le chese lore!+ 17 Lebaka ke hore Molimo o entse hore manaka ao a nahane ho etsa ntho eo Molimo a e batlang.+ Kaofela a nahanne ntho e tšoanang e leng ho fa sebata matla+ a ’ona a ho busa ho fihlela mantsoe a Molimo a phethahala. 18 Mosali+ eo u mo boneng o emela motse o moholo o busang marena a lefatše.”

18 Ka mor’a moo, ka bona lengeloi le leng le theoha leholimong le e-na le matla a maholo. Lefatše la khantšoa ke khanya ea lona. 2 La hoeletsa la re: “O oele! O oele Babilona e Moholo!+ O fetohile sebaka seo bademona ba lulang ho sona le seo bademona* le nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang le e litšila li ipatang ho sona.+ 3 Lichaba kaofela li tahiloe ke veine ea hae e etsang hore batho ba be le takatso e matla ea ho etsa bohlola.*+ Marena a lefatše a ile a etsa bohlola le eena+ ’me bo-rakhoebo* ba lefatše ba ile ba rua ka lebaka la lintho tse ngata tse turu tseo a ipokeletseng tsona ebile a sa soabele ho li bokella.”

4 Ka utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong le re: “Tsoang ho eena sechaba sa ka+ haeba ha le batle ho kenella libeng tsa hae le ho fumana karolo ea likotlo tsa hae.+ 5 Libe tsa hae li ngata ebile li fihla leholimong+ ’me Molimo o tla mo ahlolela lintho tse mpe tseo a li entseng.+ 6 Le mo tšoare ka tsela eo a ileng a tšoara batho ba bang ka eona,+ le mo etse lintho tseo a neng a li etsa ba bang li imenne habeli.+ Ka har’a senoelo+ seo a neng a tšetse motsoako ka ho sona, le mo tšelle motsoako oo habeli.+ 7 O lokela ho utloa bohloko le ho lla hobane oa ikhohomosa ebile o ipokeletse maruo a sa soabe. Ka pelong ea hae o ntse a re: ‘Ke mofumahali, ha ke mohlolohali ’me nke ke ka utloa bohloko lekhale.’+ 8 Ke ka lebaka leo likotlo tsa hae li tla tla ka letsatsi le le leng, e leng lefu, ho utloa bohloko le tlala ’me o tla chesoa lore!+ Jehova* Molimo ea mo ahlotseng o matla.+

9 Marena a lefatše a ileng a etsa bohlola* le eena le a ileng a phela le eena mabotho-bothong a hae ao a a bokeletseng a sa soabe, a tla lla le ho bontša hore a utloile bohloko ha a bona mosi oa ha a chesoa. 10 A tla emella thoko hobane a tšaba hore a tla hlokofatsoa joaloka eena ebe a re, ‘Ho utloisa bohloko hore ebe u hlahetsoe ke ntho e tjena uena Babilona, motse o moholo le o matla+ hobane kahlolo ea hao e fihlile ka tšohanyetso.’*

11 Bo-rakhoebo ba lefatše le bona baa lla ba bile ba utloile bohloko ka lebaka la hae hobane ha ho sa na motho ea tla reka lintho tsohle tseo ba li rekisang. 12 Lintho tseo e ne e le khauta, silevera, majoe a bohlokoa, liperela, line ea boleng bo phahameng, masela a pherese, masela a silika, masela a mafubelu, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng ka lepolanka le nkhang hamonate, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng ka lenaka la tlou le e entsoeng ka lepolanka la bohlokoa, koporo, tšepe, ’mabole, 13 sinamone, linoko tsa India, libano, oli e nkhang hamonate, libano tse tšoeu, veine, oli ea mohloaare, phofo e sitsoeng hantle, koro, likhomo, linku, lipere, likariki, makhoba le batho. 14 Lintho tse molemo tseo u li batlang li nkuoe. Lijo tsa hao tse monate le lintho tsa hao tse ntlehali li nyametse ’me batho ba ke ke ba hlola ba li fumana.

15 Bo-rakhoebo ba rekisang lintho tsena ba ileng ba rua ka lebaka la hae ba tla emella thoko hobane ba tšaba ho hlokofatsoa joaloka eena ’me ba tla lla le ho utloa bohloko. 16 Ba tla re: ‘Ho utloisa bohloko hakaakang hore ebe motse o moholo o hlahetsoe ke ntho e tjee! Motse oo o apere liaparo tse entsoeng ka line ea boleng bo phahameng, tse pherese le tse khubelu. O ikhabisitse ka khauta, majoe a bohlokoa le liperela.+ 17 Maruo a mangata a sentsoe ka tšohanyetso.’*

Batsamaisi bohle ba likepe, bohle ba nkang maeto ka likepe, basesisi ba tsona le bohle ba phelang ka ho sebetsa leoatleng ba ne ba emeletse thoko. 18 Ba lla haholo hobane ba bona mosi oa ha a cha eaba ba re: ‘Ha ho na motse o moholo joaloka ona.’ 19 Ba ile ba itšela ka mobu hloohong eaba ba lla haholo le ho utloa bohloko ’me ba re: ‘Ho utloisa bohloko hakaakang hore ebe motse o moholo o ile oa felisoa ka nako e khutšoanyane hakaale!*+ Etsoe bohle ba nang le likepe leoatleng ba ile ba rua ka lebaka la oona.’

20 Uena leholimo,+ le lona bahalaleli,+ baapostola le baprofeta, le thabele se etsahaletseng motse oo hobane Molimo o o ahlotse ka lebaka la lintho tseo o le entseng tsona.”+

21 Lengeloi le matla la phahamisa lejoe le kang leloala le leholo eaba le le lahlela ka leoatleng la re: “Babilona motse o moholo o tla lahleloa tlase ka sekhahla se joalo ’me o ke ke oa hlola o fumanoa.+ 22 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le motho ea utloang motho ea binang, ea binang a letsitse harepa, ea letsang lekolilo kapa terompeta Babilona. Ho ke ke ha hlola ho fumanoa motho ea etsang mosebetsi oa matsoho, le molumo oa leloala o ke ke oa utluoa. 23 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le lebone le tla khanya ebile ha ho sa tla utluoa lentsoe la monyali le la monyaluoa. Bo-rakhoebo ba hao e ne e le batho ba boemo bo holimo lefatšeng. Lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hao.+ 24 Ho oona ho ile ha fumanoa mali a baprofeta, a bahalaleli+ le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”+

19 Ka mor’a moo, ka utloa ntho e kang mantsoe a phahameng a batho ba bangata ba leholimong. Ba re: “Rorisang Jah!*+ Molimo oa rona oa pholosa, o na le matla ebile oa hlompheha. 2 O ahlola ka toka le ka botšepehi.+ O otlile letekatse le leholo le sentseng lefatše ka bohlola* ba lona. O iphetelitse ho lona hobane le bolaile bahlanka ba hae.”+ 3 Hang-hang ba re ka lekhetlo la bobeli: “Rorisang Jah!*+ Mosi oa lona ha le chesoa o nyolohela holimo ka ho sa feleng.”+

4 Baholo ba 24+ le likerubime tse ’nè+ tsa khumama tsa rapela Molimo ea lutseng teroneng tsa re: “Amen! Rorisang Jah!”*+

5 Ka boela ka utloa lentsoe le tsoang teroneng le re: “Lona bahlanka bohle ba Molimo ba mo hlomphang,+ ba baholo le ba banyenyane,+ rorisang Molimo oa rona.”

6 Ka utloa ntho e kang molumo oa metsi a mangata, molumo oa lialuma tse matla le mantsoe a batho ba bangata. Ba re: “Rorisang Jah*+ hobane Jehova* Molimo oa rona ea Matla ’Ohle+ o se a qalile ho busa.+ 7 A re thabeng haholo ’me re mo tlotliseng hobane letsatsi la mokete oa lenyalo la Konyana le fihlile ’me mosali oa eona o se a itokisitse. 8 O lumeletsoe hore a apare liaparo tsa line ea boleng bo phahameng, e khanyang le e hloekileng kaha line ea boleng bo phahameng e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.”+

9 Lengeloi la re ho ’na: “Ngola u re: Batho ba menngoeng lijong tsa mantsiboea tsa lenyalo la Konyana+ ba tla thaba.” Hape la re: “Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.” 10 Ka khumama maotong a lona e le hore ke le rapele empa la re: “Butle, u se ke oa etsa joalo.+ Rapela Molimo.+ Ke mpa feela ke le mohlanka oa Molimo joaloka uena le bana beno ba fuoeng mosebetsi oa ho bolela ’nete ka Jesu.+ Morero oa boprofeta ke ho bolela ’nete ka Jesu.”+

11 Ka bona leholimo le buleha eaba ke bona pere e tšoeu.+ Ea e palameng o bitsoa Ea Tšepahalang+ le Oa ’Nete,+ o ahlola ka toka ebile o loana ntoa e lokileng.+ 12 Mahlo a hae ekare lelakabe la mollo+ ’me o roetse likorone tse ngata. O ngotsoe lebitso le tsejoang ke eena feela. 13 O apere seaparo se qaphalelitsoeng ke* mali ’me lebitso la hae ke Lentsoe+ la Molimo. 14 Hape, mabotho a leholimo a ne a mo setse morao a palame lipere tse tšoeu, a apere line ea boleng bo phahameng, e tšoeu le e hloekileng. 15 Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale+ eo a tl’o bolaea lichaba ka eona. O tla busa* lichaba ka lere la tšepe.+ Hape o hatakela morara o ka sehatelong sa veine sa Molimo ea Matla ’Ohle se emelang bohale ba hae bo tukang.+ 16 Seaparo sa hae se ngotsoe lebitso lena seropeng: Morena oa marena le Khosi ea likhosi.+

17 Ka bona lengeloi le emeng letsatsing. La hoeletsa linonyana tse fofang holimo la re: “Tloong le tle lijong tse ngata tsa mantsiboea tsa Molimo.+ 18 Le je linama tsa marena, tsa balaoli ba sesole, tsa banna ba matla,+ tsa lipere le ba li palameng,+ tsa makhoba le bao e seng makhoba, tsa ba banyenyane le ba baholo le linama tsa batho ba bang bohle.”

19 Ka bona sebata, marena a lefatše le mabotho a marena a lefatše a bokane hammoho e le hore a tle a loantše ea palameng pere le lebotho la hae.+ 20 Sebata sa tšoaroa hammoho le moprofeta oa bohata+ ea ileng a etsa mehlolo ka pel’a sona e le ho khelosa batho ba nang le letšoao la sebata+ le ba rapelang setšoantšo sa sona.+ Ba liheloa ka letšeng la mollo le sebabole ba ntse ba phela.+ 21 Marena le mabotho a ’ona a bolaoa ka sabole e telele e tsoileng molomong oa ea palameng pere.+ Linonyana kaofela tsa khora linama tsa bona.+

20 Ka bona lengeloi le theoha leholimong le tšoere senotlolo sa sekoti se tebileng+ le ketane e kholo. 2 La tšoara drakone+ e leng noha+ ea pele e bitsoang Diabolose+ le Satane+ ’me la e fasa ka lilemo tse 1 000. 3 La e lahlela ka sekoting se tebileng+ ’me la se koala le ho se tiisa e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse 1 000 li felile. Ka mor’a lintho tsena e tla lokolloa ka nakoana.+

4 Ka bona literone. Ba neng ba lutse holim’a tsona ba fuoa matla a ho ahlola. Ka bona mali* a ba ileng ba bolaoa* hobane ba ne ba bua ’nete ka Jesu le ho bolela ka Molimo le ba sa kang ba rapela sebata le setšoantšo sa sona ebile ba se na letšoao la sona liphatleng tsa bona le matsohong a bona.+ Ba ile ba phela eaba ba busa e le marena le Kreste+ ka lilemo tse 1 000. 5 Ena ke tsoho ea pele.+ Bafu ba bang kaofela+ ha baa ka ba phela ho fihlela lilemo tseo tse 1 000 li felile. 6 Ba tla tsosoa tsohong ea pele baa halalela ebile ba tla thaba.+ Ba ke ke ba shoa+ lefu la bobeli*+ empa e tla ba baprista+ ba Molimo le ba Kreste ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse 1 000.+

7 Hang ha lilemo tseo tse 1 000 li felile, Satane o tla lokolloa teronkong. 8 O tla tsoa ho ea khelosa lichaba tse likhutlong* tse ’nè tsa lefatše e leng Gogo le Magogo, ho li bokella bakeng sa ntoa. Li ngata joaloka lehlabathe la leoatle. 9 Tsa tlala lefatše lohle ’me tsa pota-pota litente tsa bahalaleli le motse oo Molimo a o ratang. Empa mollo oa theoha leholimong oa li chesa.+ 10 Diabolose ea neng a li khelosa o ile a lahleloa ka letšeng la mollo le sebabole, moo sebata+ le moprofeta oa bohata ba neng ba le teng.+ Ba tla hlokofatsoa* bosiu le motšehare ka ho sa feleng.

11 Ka bona terone e kholo e tšoeu le ea neng a lutse ho eona.+ Leholimo le lefatše tsa baleha ka pel’a hae+ ’me ha lia ka tsa hlola li bonoa. 12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pel’a terone ’me meqolo ea buloa. Empa ho ile ha buloa moqolo o mong, moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+ 13 Leoatle la khutlisa bafu ba ka ho lona, lefu le Lebitla* le tsona tsa khutlisa bafu ba ka ho tsona eaba e mong le e mong o ahloloa ho ea ka liketso tsa hae.+ 14 Lefu le Lebitla* tsa lahleloa ka letšeng la mollo.+ Letša lena la mollo+ le emela lefu la bobeli.+ 15 Mang kapa mang ea neng a sa ngoloa bukeng ea bophelo+ a lahleloa ka letšeng la mollo.+

21 Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha.+ Leholimo la pele le lefatše la pele li ne li se li fetile+ ’me leoatle+ le ne le se le le sieo. 2 Hape ka bona motse o halalelang e leng Jerusalema e Ncha. O ne o theoha leholimong o tsoa ho Molimo,+ o khabile joaloka monyaluoa ea ikhabiselitseng monna oa hae.+ 3 Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: “Bona! Tente ea Molimo e har’a batho. O tla lula le bona ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.+ 4 O tla hlakola meokho eohle ea bona.+ Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.+ Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.+ Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”

5 Ea lutseng teroneng+ a re: “Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”+ Hape a re: “Ngola mantsoe ana hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete.” 6 A boela a re ho ’na: “Mantsoe ana a se a phethahetse. Ke ’na Alfa le Omega,* qalo le qetello.+ Mang kapa mang ea nyoriloeng ke tla mo fa metsi a tsoang selibeng sa metsi a bophelo mahala.+ 7 Mang kapa mang ea hlolang ntoa o tla fumana lintho tsena. Ke tla ba Molimo oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka. 8 Ha e le makoala, batho ba se nang tumelo,+ ba litšila le ba etsang lintho tse nyonyehang, babolai,+ ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sebelisanang le bademona, ba rapelang litšoantšo le bohle ba leshano,+ ba tla lahleloa letšeng la mollo le sebabole.+ Letša leo la mollo le bolela lefu la bobeli.”+

9 Le leng la mangeloi a supileng a neng a tšoere likotlolo tse supileng tse tletseng likotlo tse supileng+ tsa ho qetela, la tla ho ’na la re: “Tloo ke tl’o u bontša monyaluoa, mosali oa Konyana.”+ 10 La nkuka ka matla a moea la nkisa thabeng e kholo e phahameng eaba le mpontša motse o halalelang, e leng Jerusalema o theoha leholimong o tsoa ho Molimo.+ 11 O ne o e-na le khanya ea Molimo.+ O ne o benya joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang le le bonaletsang joaloka khalase.+ 12 O ne o e-na le lerako le leholo le phahameng, likeiti tse 12 le mangeloi a 12 a emeng likeiting tseo. Likeiting tseo, ho ne ho ngotsoe mabitso a maloko a 12 a Baiseraele. 13 Ho ne ho e-na le likeiti tse tharo ka bochabela, tse tharo ka leboea, tse tharo ka boroa le tse tharo ka bophirimela.+ 14 Lerako le ne le e-na le majoe a motheo a 12. Ho ne ho ngotsoe mabitso a baapostola ba 12+ ba Konyana ho ’ona.

15 Lengeloi le neng le bua le ’na le ne le tšoere lehlaka la khauta le methang e le hore le methe motse, likeiti tsa oona le marako a oona.+ 16 Motse oo o na le marako a mane a lekanang ka bolelele le ka bophara. La metha motse ka lehlaka ’me bolelele, bophara le bophahamo e ne e le lik’hilomithara tse ka bang 2 220.* 17 Hape la metha lerako. Bophahamo ba lona e ne e le limithara tse ka bang 64.* Le ne le metha ka tsela eo batho ba methang ka eona. 18 Lerako le ne le entsoe ka lejoe la jaspere+ ’me motse o ne o entsoe ka khauta e hloekileng e bonaletsang joaloka khalase. 19 Metheo ea lerako la motse e ne e khabisitsoe ka majoe a bohlokoa a mofuta o mong le o mong. Motheo oa pele o ne o khabisitsoe ka lejoe la jaspere, oa bobeli o khabisitsoe ka lejoe la safire, oa boraro o khabisitsoe ka lejoe la kalsedone, oa bone o khabisitsoe ka lejoe la emeralde. 20 Motheo oa bohlano o ne o khabisitsoe ka lejoe la sardonixe, oa botšelela o khabisitsoe ka lejoe la sardiase, oa bosupa o khabisitsoe ka lejoe la krisolite, oa borobeli o khabisitsoe ka lejoe la berile, oa borobong o khabisitsoe ka lejoe la topase, oa leshome o khabisitsoe ka lejoe la krisoprase, oa bo11 o khabisitsoe ka lejoe la hiasinthe, oa bo12 o khabisitsoe ka lejoe la amethiste. 21 Likeiti tse 12 e ne e le liperela tse 12. Keiti e ’ngoe le e ’ngoe e ne e entsoe ka perela e le ’ngoe. Tsela e kholo ea motse e ne e entsoe ka khauta, e le joaloka khalase e bonaletsang.

22 Ha kea ka ka bona tempele motseng oo hobane Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle+ ke tempele ea oona le Konyana ke tempele ea oona. 23 Motse oo ha o hloke ho khantšetsoa ke letsatsi kapa khoeli hobane khanya ea Molimo e ne e o khantšitse,+ Konyana e ne e le lebone la oona.+ 24 Khanya ea eona e tla khantša litsela tsa lichaba+ ’me marena a lefatše a tla tlisa khanya ea ’ona ho oona. 25 Likeiti tsa moo li ke ke tsa koaloa ho hang hobane e tla lula e le motšehare, e ke ke ea e-ba bosiu.+ 26 Batho ba lichaba ba tla tlisa khanya ea bona le tlhompho motseng oo.+ 27 Eng kapa eng e litšila, mang kapa mang ea etsang lintho tse nyonyehang le ea leshano ba ke ke ba kena ho oona.+ Ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa Konyana oa bophelo.+

22 Lengeloi la mpontša noka ea metsi a bophelo+ e hlakileng joaloka kristale. E ne e phalla e hlaha teroneng ea Molimo le ea Konyana+ 2 e feta bohareng ba tsela e kholo ea motse. Ka mahlakoreng a mabeli a noka ho ne ho e-na le lifate tsa bophelo tse hlahisang mefuta e 12 ea litholoana khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Makhasi a lifate tseo a phekola lichaba.+

3 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le bomalimabe. Terone ea Molimo le ea Konyana+ e tla ba teng motseng oo, bahlanka ba hae bona ba tla mo sebeletsa. 4 Ba tla bona sefahleho sa hae.+ Lebitso la hae le tla ngoloa liphatleng tsa bona.+ 5 Hape bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng.+ Ba ke ke ba hloka khanya ea lebone kapa ea letsatsi. Jehova* Molimo o tla ba khantšetsa leseli+ ’me ba tla busa e le marena ka ho sa feleng.+

6 Lengeloi la re ho ’na: “Mantsoe ana aa tšepahala ebile ke ’nete.+ Jehova* Molimo ea buang a sebelisa baprofeta+ o ile a romela lengeloi la hae ho bontša bahlanka ba hae lintho tse tla etsahala haufinyane. 7 Ke tla kapele.+ Mang kapa mang ea mamelang mantsoe a boprofeta bo moqolong ona o tla thaba.”+

8 ’Na Johanne ke utloile lintho tsena ebile ke li bone. Ka mor’a hore ke li utloe le ho li bona, ka khumama maotong a lengeloi le neng le mpontša tsona e le hore ke le rapele. 9 Empa la re ho ’na: “Butle, u se ke oa etsa joalo. Ke mpa feela ke le mohlanka oa Molimo joaloka uena le bana beno ba baprofeta le ba mamelang mantsoe a moqolo ona. Rapela Molimo.”+

10 La boela la re ho ’na: “U se ke oa pata boprofeta bo moqolong ona etsoe nako e behiloeng e haufi. 11 Ea etsang lintho tse sa lokang a ’ne a li etse, ea etsang boitšoaro bo nyonyehang a ’ne a tsoele pele ka bona. Ea lokileng eena a ’ne a etse lintho tse lokileng ’me ea halalelang a ’ne a halalele.

12 Molimo o re: ‘Ke tla kapele ’me ke tšoere moputso oo ke tla o fa e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+ 13 Ke ’na Alfa le Omega,*+ oa pele le oa ho qetela, qalo le qetello. 14 Ho thaba ba hlatsoang liaparo tsa bona tse telele+ e le hore ba ka ja litholoana tsa lifate tsa bophelo+ le ho kena motseng ka likeiti tsa oona.+ 15 Ka ntle ho motse ke batho ba itšoarang joaloka lintja,* ba sebelisanang le bademona, ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* babolai, ba rapelang litšoantšo le bohle ba tloaetseng ho bua leshano ebile ba le rata.’+

16 Jesu o re: ‘’Na Jesu, ke ile ka roma lengeloi la ka hore le le pakele lintho tsena bakeng sa liphutheho. Ke ’na motso le ngoana oa Davida+ le naleli ea meso e khanyang.’”+

17 Moea o halalelang le monyaluoa+ ba ntse ba re: “Tloo!” Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!” Mang kapa mang ea nyoriloeng a tle.+ Mang kapa mang ea batlang a noe metsi a bophelo mahala.+

18 “Ke tsebisa e mong le e mong ea utloang boprofeta bo moqolong ona hore mang kapa mang ea tla ikekeletsa litaba tsena tse ngotsoeng,+ Molimo o tla mo otla ka likotlo tse ngotsoeng moqolong ona.+ 19 Mang kapa mang ea tla fokotsa boprofeta bo moqolong ona, Molimo a ke ke a mo lumella ho ja litholoana tsa lifate tsa bophelo+ le ho kena motseng o halalelang.+ Lintho tsena li ngotsoe moqolong ona.

20 Ea re tsebisang lintho tsena o re: ‘Ke tla kapele.’”+

Ka re: “Amen! Tloo Morena Jesu.”

21 E se eka Morena Jesu Kreste a ka ba mosa* ho bahalaleli.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “Qalo le Qetello.” Alfa ke tlhaku ea pele lethathamong la litlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ea ho qetela.

Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “sinagoge ea.”

Ka Segerike: “u khomaretse lebitso la ka.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “hlahloba liphio.”

Ka Segerike: “ka hora ea teko.”

Kapa: “lejoe la bohlokoa le lefubelu.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “ka ntle le ka hare.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “motsong oa Davida.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea B14.

Ke chelete ea tšepe ea Roma e lekanang le mokholo oa letsatsi. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “meea.” Ho bonahala eka ho buuoa ka mali a bona a ileng a tšolleloa aletareng. Sheba Tlhaloso.

Hangata mofuta ona oa lesela o ne o etsoa ka boea ba poli.

Kapa: “feiga.”

Kapa: “lik’honeng.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “o tla ala tente ea hae holim’a bona.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “mollo.”

Ka Segerike: “Karolo ea boraro.”

Ka Segerike: “Karolo ea boraro.”

Ka Segerike: “karolo ea boraro.”

E bolelang “Timetso.”

E bolelang “Motimetsi.”

Ka Segerike: “karolo ea boraro ea batho.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “thupa e methang.”

Ka Segerike: “hora.”

Ka Segerike: “karolo ea leshome.”

Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka Molimo.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo.”

E bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”

Kapa mohlomong: “Drakone e ile ea hloloa.”

Ka Segerike: “nako, linako tse peli le halofo ea nako.”

Ka Segerike: “peo.”

Kapa mohlomong: “Ea lokelang ho bolaoa ka sabole.”

Kapa: “ho fa setšoantšo sa sebata moea o phelisang.”

Ka Segerike: “litholoana tse kotutsoeng pele.”

Ka Segerike ke por·neiʹa. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba momahane le Morena.”

Ka Segerike: “liteliamo tse 1 600.” Seteliamo se lekana le limithara tse 185. Sheba Ntlha ea B14.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “tšaba.”

Ka Segerike: “tente ea bopaki.”

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “meea e meraro e litšila.”

Ka Segerike ke Harmagedone, e tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Thaba ea Megido.”

Ka Segerike: “talenta.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 20,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “phefumoloho; moea o chefo; mantsoe a susumelitsoeng.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bahoebi ba eang libakeng tse fapaneng bakeng sa khoebo.”

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “hora e le ’ngoe.”

Ka Segerike: “ka hora e le ’ngoe.”

Ka Segerike: “ka hora e le ’ngoe.”

Kapa: “Halelujah.” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa mohlomong: “fafalitsoeng ka.”

Ka Segerike: “lisa.”

Kapa: “meea.” Sheba Tlhaloso le naletsana ea Tšen 6:9.

Ka Segerike: “ba bolailoeng ka selepe.”

Ka Segerike: “Lefu la bobeli ha le na matla holim’a bona.”

Kapa: “lik’honeng.”

Kapa: “koalloa.”

Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Qalo le Qetello.” Alfa ke tlhaku ea pele lethathamong la litlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ea ho qetela.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “liteliamo tse 12 000.” Seteliamo se lekana le limithara tse 185. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Segerike: “litsoe tse 144.” Sheba Ntlha ea B14.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “Qalo le Qetello.” Alfa ke tlhaku ea pele lethathamong la litlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ea ho qetela.

E leng bao boitšoaro ba bona bo nyonyehang ka pel’a Molimo.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela