Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 8/8 leq. 2
  • Leqephe la Bobeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leqephe la Bobeli
  • Tsoha!—1987
Tsoha!—1987
g87 8/8 leq. 2

Leqephe la Bobeli

Batsoali ba limillione ho potoloha lefatše ba hlokahaletsoe ke bana. Boloetse, tlala, ntoa, polao, ho ipolaea, kotsi, lefu la tšohanyetso la masea, ho senyeheloa ke mpa, ho hlaha ha lesea le khathetseng—ho sa tsotellehe hore na lebaka e ka ba lefe—kamehla motsoali o utloa bohloko.

Ho sa tsotellehe lilemo tsa ngoana, bohloko bo lula bo le teng. Ke joang bo ka mamelloang? Bophelo bo ka tsoela pele joang? Na setšoantšo sa rōna se leqepheng lena sa lelapa le amohelang ngoana oa lōna ea tsoang bafung e mpa e le toro, kapa na haufinyana e tla ba ’nete?

Litlaleho tse latelang tsa ’nete tsa ba hlōtseng bohloko bo tšabehang bo bakiloeng ke ho hlokahalloa ke bana li tla arabela tse ling tsa lipotso tsena. Bakeng sa liphello tabeng ka ’ngoe, ka kōpo bala lihlooho tsena tse buang ka bohloko. Re lumela hore u tla fumana matšeliso le tšepo ho tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela