Liketso Tse Mosa li Tlisa Thabo
Hase khale haholo ha lengolo le latelang le amoheloa ke bahatisi ba Molula-Qhooa:
“Monghali ea Ratehang:
“Khoeling e fetileng Philadelphia morali oa ka ea lilemo tse ka tlase ho 20 o ile a utsoetsoa sepache mokotlaneng oa hae oa libuka. Bekeng e fetileng o amohetse sephutheloana se kentseng sepache sa hae le lengolo la hae la ho khanna le likarete tse ling tsa bohlokoa ka poso. Sephutheloana se ne se rometsoe ke e mong ea sa kang a rata ho ipolela, ka ntle le hore sephutheloane seo ho ne ho kentsoe kopi ea khatiso ea lōna ea Molula-Qhooa. Leha e le mang ea entseng ketso ena ea lerato la boena (motseng oa lerato la boena) o ile a ikhathatsa ka ho khutlisetsa sepache sena ho morali oa ka. ’Na le lelapa la ka re leboha motho enoa ea mosa haholo . . . ebile tsela e molemo ea ‘bopaki,’ haholo-holo baneng ba ka ba lilemo tse ka tlase ho 20 (ba bararo).”
Ho bala Molula-Qhooa ho amme bophelo ba ba limillione, ho hōlisa ho bona litšoaneleho tsa botšepehi, mosa, le ho nahanela. Hona joale likopi tse fetang limillione tse 12 tsa tokollo ka ’ngoe li hatisoa ka lipuo tse fetang 100. U ka amohela peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa, litokollo tse peli ka khoeli, ka ho tlatsa le ho romela setlankane se ka tlase, le R9.