Leqephe la Bobeli
Ka makholo a lilemo ho ile ha bonahala Spain le Bok’hatholike li ke ke tsa khaohana joaloka Madonna le ngoana. Leeto la mopapa la tlhōlo ho ea Spain ka 1982, moo batho ba limillione ba ileng ba thoholetsa John Paul II ka mantsoe Totus tuus (Tsohle ke tsa hao), ka ho hlakileng le bontša boinehelo ba tumelo ea moetlo ho Madonna.
Ka mor’a hore ho phahamisoa ha hae ho kokobele, likhanyetso tse tsoelang pele liile tsa phehella—khanyetso e ’ngoe e ne e tsoa motsong oa histori, ha e ’ngoe e le ea mehleng ea rōna. Lihlooho tse latelang li tla hlahloba likhanyetso tsena hammoho le lisosa tsa tsona le seo li se bolelang kerekeng ea Spain e kileng ea ba matla ka nako e ’ngoe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Agencia EFE