Na Saense e Pakile Hore Bibele e Fositse?
Ba bangata kajeno ba lumela hore e ho entse. Empa na ehlile ho joalo? Na melao ea Bibele ka bophelo bo botle le bohloeki e felletsoe ke nako? Ho thoe’ng ka tlaleho ea Bibele ka Moroallo oa lefatše lohle? Na saense e e pakile e le bohata? Kapa ho sibolloa ha mashome a likete a litopo tsa liphoofolo tse shoeleng tse hoamisitsoeng ka ho kenngoa leqhoeng tse akarelletsang litlou tse khōlō, ho ile ha tšehetsa tlaleho ea Bibele?
Bala bopaki ba sena bukeng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Ha e bontše ka botlalo feela liphoso tseo batho ba li tšoaeang Bibele, empa e boetse e fana ka litlhaloso tse hlakileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha Bibele e ka amoheloa joaloka Lentsoe la Molimo. Nahana ka bopaki ba sena ka bouena. Iphumanele buka ena e ntle ka ho tlatsa le ho romela setlankane se ka tlaase mona.
Ke tla thabela ho fumana buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? (Kantle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 5.)