Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 3/8 leq. 22
  • AIDS le Boikutlo bo Fosahetseng ba Tšireletseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • AIDS le Boikutlo bo Fosahetseng ba Tšireletseho
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • AIDS—Na Ke Kotsing?
    Tsoha!—1993
  • AIDS—Seo Batsoali le Bana ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 3/8 leq. 22

AIDS le Boikutlo bo Fosahetseng ba Tšireletseho

MOSALI e mong ea ileng a etsoa liteko ’me ha fumanoa a e-na le kokoana-hloko ea AIDS o ile a ngola joalokaha ho qotsitsoe ho The New York Times ea June 16, 1990: “Ke mosali oa motho e mosoeu ea lilemo li 36 ea thabileng lenyalong eo ho seng mohla a kileng a ba le mokaola, qhoshola kapa chlamydia, eo ho seng mohla a kileng a sebelisa crack, eo ho seng mohla a kileng a sebelisa lithethefatsi ka ho li entela methapong, eo ho seng mohla a kileng a tšeloa mali.”

Oa phaella: “Ka baka la hobane ha ho motho e mong eo nkileng ka ba le likamano tsa botona le botšehali le eena ka ntle ho monna oa ka hoba re nyalane, sena se bolela hore ke bile le kokoana-hloko ena bonyane ka lilemo tse hlano empa matšoao a lefu lena a sa bonahale.” Na mosali enoa ke eena feela ea tšoaelitsoeng? Le hanyenyane, hobane oa hlokomela: “Bonyane ke tseba basali ba bangata ba boemo bo tšoanang sechabeng le moruong ba hlahetsoeng ke ho tšoanang.”

Joale, ke joang batho ba joalo ba tšoaelitsoeng ke AIDS? Mosali eo oa hlalosa: “Ka ho hlakileng, ke tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea lefu le sitisang ’mele ho itšireletsa mafung ka ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le batho ba fapaneng [pele ho lenyalo]. . . . Ka ho ka tšoanang ho hlakileng, kajeno monna eo o ne a tla balloa sehlopheng sa balekane ba kotsi ba lenyalo, empa sena se ne se sa ntlhakela nakong eo.”

Hangata AIDS e ’nile ea nkuoa e le lefu le tšoarang basodoma ba banna le batho ba sebelisang lithethefatsi ka ho li entela methapong feela. Empa phihlelong ea hae le boitsebisong boo a bo utloileng pele, mosali enoa o sa ntse a tšoarelletse khopolong ea hore pono ena e neha “sehlopha se bohareng sa batho ba basoeu boikutlo bo fosahetseng ba tšireletseho.”

O phetha ka ho re: “AIDS e tla tšoaetsa batho ba bangata haeba re tsoela pele ho nahana ka lihlopha tsa batho ba kotsi, le ho nahana hore e tla tšoaetsa batho ba bang, eseng ’na. Kaofela re kotsing ea ho tšoaetsoa. Haeba liteko li bontšitse hore ke na le kokoana-hloko ea [AIDS], mosali e mong le e mong (kapa monna) le eena a ka tšoaetsoa.”

Ka mantsoe a mang seo a se bolelang ke hore mosali e mong le e mong kapa monna ea kopanelang likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo—ea etsang bohlola—a ka tšoaetsoa. Ka baka leo, ho bohlale hakaakang ho mamela keletso ea Bibele: “Tšabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etsoang ke motho, se ka ntle ho ’mele oa hae; empa ea febang o siteloa ’mele oa hae.”—1 Ba-Korinthe 6:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela