Ketsahalo Eo U sa Lokelang Ho e Fosa
“Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” Mantsoe ao a Morena oa rōna Jesu Kreste, a fumanoang ho Luka 22:19, o ile aa bua nakong eo a neng a hloma sehopotso sa lefu la hae. Ke lefu la Jesu le buletseng batho bohle tebello ea ho fumana bophelo bo sa feleng maemong a Paradeise. Kahoo re lokela ho hopola lefu la hae. Na u tla keteka sehopotso sa lona selemong see?
Re kōpa hore u amohele memo ena e tsoang ho Lipaki tsa Jehova ea hore u kopanele le tsona ho hopola ketsahalo ena ea bohlokoa. Mokete ona o tla tšoaroa ka mor’a hore letsatsi le likele letsatsing le nyalanang le la 14 Nisane almanakeng ea Bibele e baloang ho latela khoeli e holimo. Tšoaea letsatsi lena almanakeng ea hao e le hore u se ke ua lebala. Ke Moqebelo oa la 30 March, 1991. Ea u fang memo ena a ka u bolella sebaka le nako e nepahetseng eo se tla tšoaroa ka eona.