Hase ea Bana Feela
Mosali ea tsoang Fort Worth, Texas, oa ngola: “E se e le lilemo tse ngata ke e-na le buka Ho Mamela Mosuoe e Moholo. Ke ile ka etsa qeto ea ho qala ho e balla mor’a ka ea likhoeli li leshome. Ke bala likhaolo tse peli kapa tse tharo letsatsi le leng le le leng. Kea tseba hore o sa ntsane a le monyenyane haholo hore a ka e utloisisa. Leha ho le joalo, ke ruile molemo o moholo ho eona ka bonna. Buka ena e ile ea ama pelo ea ka ka mokhoa o khethehileng haholo ’me e ile ea tebisa lerato la ka le kananelo bakeng sa Jehova le Mor’a hae, Jesu Kreste. Ke lilemo li 27. Ke ne ke nahana hore buka Mosuoe e Moholo ke buka ea bana feela, ’me joale kea ikoahlaea ha ke sa ka ka e bala pejana.”
Tlatsa le ho romela setlankane se ka tlaase mona, ’me buka ena e sekoahelo se thata, e nang le litšoantšo e maqephe a 192 e tla romeloa ho uena.
Ke tla thabela ho fumana buka e maqephe a 192 Ho Mamela Mosuoe e Moholo. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufi le uena ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 5.)