Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 9/8 leq. 32
  • Ha Ntatemoholo oa Hae a E-shoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Ntatemoholo oa Hae a E-shoa
  • Tsoha!—1991
Tsoha!—1991
g91 9/8 leq. 32

Ha Ntatemoholo oa Hae a E-shoa

’Mè e mong oa Virginia Beach, Virginia, U.S.A., o ngotse: “Khoeling e fetileng ke ile ka lahleheloa ke ntate oa ka ka lefu. Eena le mora oa ka oa ho fela ba ne ba atamelane haholo, ho sa tsotellehe sebaka se neng se ba arohantse. Ha ke mo tsebisa hore ntate-moholo oa hae o hlokahetse, o ile a qala ho lla habohloko.

“Kapele ke ile ka batla pampitšana e re’ng Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Hang ha ke e fumana, likeleli li sa ntsane li keleketla sefahlehong sa hae, ke ile ka qala ho ’malla eona. Ha ke se ke qetile, o ne a kokobetse haholo. Kea le leboha ka boitsebiso bo joalo bo bohlokoa, bo ileng ba sebetsa haholo nakong e bohloko hakaalo.”

U ka amohela pampitšana ena e khothatsang, hammoho le tse ling, ka ho tlatsa le ho romela setlankane se ka tlaase.

Ke tla thabela ho amohela pampitšana Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? hammoho le lipampitšana tse ling. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le sebakeng sa heno bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 5.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela