Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 10/8 leq. 32
  • Karabo ea Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karabo ea Thapelo
  • Tsoha!—1992
Tsoha!—1992
g92 10/8 leq. 32

Karabo ea Thapelo

MOSALI e mong oa Christchurch, New Zealand, o re lihlooho tsa Tsoha! tse buang ka “Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana” e bile karabo ea thapelo ea hae. Oa hlalosa:

‘Ka August 1991 sehlopha sa rōna se bile le phihlelo e tšabehang ea ho bona motsoalle oa rōna a hoehla ke bohloko ba ho hopola ho hleka-hlekoa. Ke ile ka utloa bohloko ka matsatsi a ka bang mararo, empa re ile ra rapela ka matla ho Jehova bakeng sa makasine o ka tšohlang taba ena. Re ne re batla thuso. Re ile ra ema libeke tse hlano feela. Re le leboha haholo lebitsong la bahlaseluoa ba bangata-ngata bakeng sa lihlooho tsena tse ntle haholo, tse amang maikutlo tsa Tsoha! ea October 8, 1991.’

Ho ka holimo ke le leng la mangolo a makholo-kholo a kananelo bakeng sa Tsoha! e buang ka ho hleka-hlekoa ha bana. Lengolong le leng le fumanoeng mathoasong a selemo sena, mongoli o itse ho mo hlokile boiteko bo boholo hore a bale lihlooho tseo hobane a sa khone ho phetsa ho lla. Oa hlokomela:

“Esita le joale, maikutlo a ka a ameha haholo ha ke leka ho bontša kananelo ea ka bakeng sa nako le matla a sebelisitsoeng ho thusa bao ho rōna ba nang le maikutlo a joalo a ho hlabisoa lihlong le molato ka mor’a ho betoa ka likamano tsa botona le botšehali le maikutlong ke motho ea neng a bolela hore oa re ‘rata’ ha re sa le banyenyane ebile re bulehetse ho hlaseloa. Ke ne ke sa tsebe hore ho na le ba bang ba bangata ba bileng le liphihlelo tse tšoanang le tsa ka. Ke sa na le bothata ba ho sebetsana le maikutlo ana, empa litlhahiso tse maqepheng 10 le 11 li thusa haholo. Ke na le ho hongata hoo nka ho bolelang, empa ke hloka feela ho re lithapelo tsa ka li ea ho Jehova lebitsong la lōna ka ho tšepa ho Jehova ho le fa sebete sa ho ngola ka taba e joalo e amang maikutlo.”

Leha ho le joalo, e mong o itse: “Ona e ne e le o mong oa mesebetsi e tsoileng matsoho ka ho fetisisa eo le ileng la e hatisa likamanong tsa batho. O ile oa pepesa ketso ena ea bosatane le baetsi ba eona, ho ba sa hlaseloang o ile ea hlakisa tšenyo ea eona, e tšabehang; bahlaseluoa ba eona ba ile ba tšelisoa le ho rutoa. Monyako oa ho lebella khauhelo le tšehetso e tsoang ho batho ba Molimo o ile oa buloa ka ho felletseng.”

Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše lohle oa liithuti tsa Bibele tse ka holimo ho limillione tse ’nè tse inehetseng ho thuseng batho ka mathata a bona le ho ba thusa ho ithuta ho eketsehileng ka merero ea Molimo. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa ngolla atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ho leqephe 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela