Ho Tlala Teboho Bakeng sa Tsoha!
BABALI ba eketsehileng ba makasine ona ba tletse teboho bakeng sa tlhahiso leseling eo ba e fumanang litabeng tse ngata. Fora boroa monna le mosali oa hae bao e leng Lipaki tsa Jehova ba ile ba amohela lengolo le latelang ho tsoa ho monna eo ba neng ba mo sietse kopi ea Tsoha!
“Monghali le Mofumahali ba Ratehang:
“Ke hlokomela hantle hore Molimo o na le lintho tse ling tseo a ka li etsang ho e-na le ho khotsofatsa litselanyana tsa rōna tse fokolang le ho kenella boemong bo bong le bo bong. Le hoja ke sa amohele mokhoa ona oa ho nahana ka bonna, ke kholisehile hore ho fihla ha lōna mona e le ha ke ne ke e-tsoa e ne e se ho oelana feela. Ke ile ka ba le nako ea ho amohela tokollo ea Tsoha! ea August 8, 1990 feela. E ne e ka ba masoabi a makaakang hore ke hlōlehe ho e fumana!
“Kakaretso e bohlale ea lihlooho tsa ‘Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng’ li ile tsa hapa thahasello ea ka ’me tsa ’makatsa. Ke amohela tsela eo lihlooho tseo li behiloeng ka eona haholo . . . Kahoo, na nka le kōpa hore le hlophisetse hore ke amohele litokollo tse tlang tsa Tsoha! Nke ke ka rata ho fetoa le ke e le ’ngoe ea tsona.”
Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo oa lefatše lohle oa liithuti tsa Bibele tse fetang limillione tse ’nè tse inehetseng ho thusa batho ho ithuta ka ho eketsehileng ka lefatše le ba potolohileng le ka Lentsoe la Molimo le ka tsela ea ho phethahatsoa ha lona. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le thuto ea mahala ea lehae ea Bibele, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa aterese e loketseng ho tse thathamisitsoeng ho leqephe 5.