Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 6/8 leq. 12
  • Bophelo ba ho ba Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ba ho ba Mong
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Batho ba re ke Mang?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Jesu—Seo Batho ba se Buang ka Eena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Re Ile ra Etsa Qeto e Tiileng ea ho Emela Bobusi ba Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 6/8 leq. 12

Bophelo ba ho ba Mong

“O HLAHETSE motseng o sa tumang, e le ngoana oa mosali oa mofutsana ea sa rutehang. O ile a hōlela motseng o mong osele, moo a ileng a sebetsa moo ho betloang mapolanka ho fihlela a le lilemo li mashome a mararo. Joale ka lilemo tse tharo ea e-ba ’moleli ea potolohang.

“Ha ho mohla a kileng a ngola buka. Ha ho mohla a kileng a ba ofising ea ho sebeletsa sechaba. Ha ho mohla a kileng a ba le lelapa kapa ntlo. Ha aa ka a ea kolecheng. Ha ho mohla a kileng a etela motseng o moholo. Ha ho mohla a kileng a tsamaea [lik’hilomithara tse 300] ho tloha sebakeng seo a hlahetseng ho sona. Ha a ka a etsa letho la lintho tseo hangata li amahanngoang le bophahamo. O ne a se na mangolo a thuto empa a ikemetse ka boeena.

“O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e meraro feela ha sechaba se mo fetohela. Metsoalle ea hae e ile ea baleha. Ho ile ha nehelanoa ka eena ho lira tsa hae ’me a sonngoa nyeoeng eo a ileng a feta ho eona. O ile a khokhotheloa [sefateng] pakeng tsa masholu a mabeli. Ha a e-shoa, babolai ba hae ba ile ba laola liaparo tsa hae ka lotho, e leng eona feela thepa eo a neng a e-na le eona lefatšeng. Ha a se a shoele, o ile a kenngoa lebitleng le alimiloeng ka lebaka la mohau oa motsoalle.

“Lilemo tse makholo a leshome le metso e robong li tlile ’me tsa feta, ’me kajeno e sa ntse e le eena oa bohlokoa ka ho fetisisa molokong ea batho, ’me ke eena moeta-pele oa tsoelo-pele ea batho. Mabotho ’ohle a kileng a macha, likepe tsohle tsa ntoa tse kileng tsa sesisoa, lipalamente tsohle tse kileng tsa lula, marena ’ohle a kileng a busa, ha li kopanngoa hammoho, ha lia ka tsa ama bophelo ba motho polaneteng ena haholo joaloka bophelo ba eo ea kileng a ba mong.”a—Tlhaloso ea motho ea sa ipolelang lebitso ka bophelo ba Jesu Kreste.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Makolopetso a bophelo boo ba ho ba mong a hlaha bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela