E Ile ea Fokotsa ho Ata ha Boitšoaro bo Bobe ba Likamano tsa Botona le Botšehali Haholo
Moeletsi univesithing e Oklahoma, U.S.A., o ile a tlaleha hore buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e entse se ngotsoeng ka holimo. Moeletsi oa Univesithi ea Langston o ile a ngola:
“Nka eletsa motho e mong le e mong ea sebetsanang le bacha ba lilemo tse lipakeng tsa 13 le 18 ho sebelisa buka ena. E hlalosa likamano tsa botona le botšehali ka tsela eo barutoana ba rōna ba lokelang ho li tseba ka eona e le hore ba ka sebetsana ka katleho le mathata a sechaba sa kajeno se rarahaneng. Ho tsoa phihlelong ea ka, ke fumane hore e ba thusa ho tseba hore na ho etsahala’ng ha ba itšoara hampe. E etsa hore ba tloaelane le mafu a fapaneng a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a kang AIDS, mokaola, herpes le qhoshola.
“Haeba u etsa qeto ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali, e bontša kamoo motho a lokelang ho khetha molekane a le mong oa bophelo bohle kateng, ’me e phahamisa ho halalela ha lenyalo. Kannete ke thabetse ho sebelisa buka ena. E na le tšusumetso bophelong ba ba e sebelisang. Ke ile ka hlokomela hore lenane la banana ba imang ba lenaneong la rōna la boeletsi le ile la fokotseha haholo hoba buka ena e hlahisoe.”
Haeba u ka rata ho fumana kopi ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang kapa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele ea mahala, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse leqepheng la 5.