Ba Bangata ba Phela le ho Shoela Bofutsaneng bo Otlang Pelo!
YATI o ile a siea mok’huk’hu oa hae naheng e ka boroa-bochabela ho Asia ho ea fekthering eo a rōkang likotoana tsa matlalo le malokoletso a lieta. Bakeng sa mosebetsi oa khoeli e le ’ngoe—lihora tse 40 ka beke ho kopanyeletsa le nako e eketsehileng ea mosebetsi ea lihora tse 90—o fumana chelete e ka tlaase ho R300. K’hamphani ea lieta e mo hirileng ka boikakaso e ipolelisa e le e hlokolosi ho khothalletseng litokelo tsa botho linaheng tse futsanehileng. Linaheng tsa Bophirimela, k’hamphani ena e rekisa para e le ’ngoe ea lieta ka chelete e fetang R215. Moputso o etsa hoo e ka ’nang ea e-ba R5 ea seo.
Tlaleho ea Boston Globe e re ha Yati a “tloha fekthering e hloekileng, e nang le mabone a motlakase, o na le chelete e lekaneng feela hore a hire mok’huk’hu o bolelele ba limithara tse 3 le bophara ba tse 3,6 o nang le mabota a litšila le o nyeunyang lifelekoane. Ha ho na thepa ea ka tlung, kahoo Yati le batho ba babeli bao a lulang le bona kamoreng eo ba robala ba iphinne sekolokoto fatše moo ho nang le mobu le lithaele.” Ka masoabi boemo ba hae ke bo tloaelehileng.
Mookameli oa mokhatlo oa khoebo o ile a ipelaetsa: “Na batho bana ba boemong bo molemonyana ka lebaka la ka kapa ka ntle ho ’na? Moputso o monyenyane o ba neha monyetla oa ho thabela mokhoa oa bophelo o motle. E ka ’na eaba ha ba phele mabotho-bothong a fetisisang, empa ha ba lape.” Leha ho le joalo, hangata ba lula ba sa fepeha hantle ’meleng, ’me hangata bana ba bona ba robala ka lephako. Letsatsi le letsatsi ba tobana le likotsi tsa ho sebetsa libakeng tse kotsi. ’Me ba bangata ba shoa hanyane ka hanyane ka lebaka la ho sebetsana le lichefo le lithōle tse chefo tsa lifektheri. Na sena se ka bitsoa “mokhoa oa bophelo o motle”?
Hari, mosebetsi oa polasing oa Asia boroa, o ne a bona lintho ka ho fapaneng. O ile a hlahisa setšoantšo ka mantsoe le ka puo ea bokheleke lebili le nyarosang la lefu le bophelo le mo potolohileng. O ile a re: “Lipakeng tsa leloala le tšiloana, chilisi e ke ke ea lula e sa silehe. Rōna mafutsana re joaloka chilisi—selemo le selemo rea siloa, ’me kapele ho tla sala ho se letho.” Ha ho mohla Hari a ileng a bona ‘mokhoa oo oa bophelo o motle,’ leha e le hona hore o kile a ba le khopolo e lerootho ea ho ba mabotho-bothong ao mohlomong bahiri ba hae ba neng ba phela ho ’ona. Matsatsi a se makae hamorao, Hari o ile a shoa—e le e ’ngoe ea liphofu tsa bofutsana bo otlang pelo.
Ba bangata ba phela le ho shoa ka tsela e tšoanang le ea Hari. Ba lula ba le boemong bo sithabetsang ba mesarelo, ba fokola haholo hore ba ka hlōla, ha ba ntse ba le maemong a ba monyang matla. See se bakoa ke bo-mang? Ke batho ba mofuta ofe ba ka etsang sena? Ba bonahala eka ba molemo ka ho lekaneng. Ba bolela hore ba batla ho fepa bana ba hao, ba thuse hore lijalo tsa hao li hōle, ba ntlafatse bophelo ba hao, ba u etse hore u be morui. Bonneteng, ba ikemiselitse ho ithuisa. Ba bona monyetla oa hore lihlahisoa tsa bona li rekisoe, ba fumane phaello. Haeba liphello tsa meharo ea bona ke khaello ea phepo e nepahetseng baneng, basebetsi ba kenoeng ke chefo le tikoloho e litšila, sena ha se ba ferekanye hakaalo. Ke liphello tseo lik’hamphani li ikemiselitseng ho li fumana bakeng sa meharo ea tsona. Ha liphaello li ntse li nyoloha, le lipalo tse sithabetsang tsa mahlatsipa lia nyoloha.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
U.N. Photo 156200/John Isaac