Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 leq. 32
  • Bokamoso bo Hlollang—Bakeng sa Polanete ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso bo Hlollang—Bakeng sa Polanete ea Lefatše
  • Tsoha!—1996
Tsoha!—1996
g96 9/8 leq. 32

Bokamoso bo Hlollang—Bakeng sa Polanete ea Lefatše

“PHUPUTSO e bontša hore hona joale Lefatše le futhumetse ho feta kamoo le kileng la futhumala kateng ka lilemo tse 600,” ho tlaleha Globe and Mail ea Toronto. Ka 1995 leqhubu la mocheso karolong e bohareng ho United States le ile la bolaea batho ba fetang 500 Chicago. Maemo a feteletseng ka ho tšoanang a ile a oela India le Australia, ha Engelane eona e ile ea e-ba le “lehlabula la boraro le se nang pula ka ho fetisisa ka lilemo tse 200.”

Ke eng se bakang see? Henry Hengeveld, eo e leng setsebi sa boemo ba leholimo sa Environment Department (Lefapha la Tikoloho) la ’muso Canada, o re: “Bopaki bo bongata bo bontša hore ho na le tšusumetso e hlokomelehang ea batho boemong ba leholimo ba lefatše lohle.” Ho ea ka tlaleho ea Globe and Mail, “boemo ba leholimo bo sa tloaelehang bo tsamaisana le mefuta ea lik’homputha e hlahisang se tšoanang le liphello tsa mocheso o feteletseng oa lefatše, hoo ho nahanoang hore o bakoa ke ho chesoa ha mashala, oli le khase.”

Ho sa ntse ho phehisanoa khang ka boteng ba mocheso o feteletseng oa lefatše litabeng tsa saense. Leha ho le joalo, The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Batho ba senya tikoloho ea sepaka-paka ka mokhoa o potlakileng ho feta kamoo ba e utloisisang kateng.”

Ka thabo, Bibele e re bolella hore lefatše “le hlola ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4) Ke kahobane ’Mōpi, Jehova Molimo, a ke ke a lumella motho kapa matla leha e le afe a tlhaho ho le senya. Ho fapana le seo, o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:17, 18.

Ho phaella moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova Molimo o lokiselitse bokamoso bo hlollang bakeng sa polanete ea rōna, Lefatše, le bakeng sa moloko oohle oa batho o utloang. “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” Re ka thaba hakaakang hore ebe bokamoso ba lefatše bo matsohong a Molimo, e seng a motho!—Pesaleme ea 37:11; 72:16; Esaia 65:17-25; 2 Petrose 3:13.

Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka fumanang litokollo tsa ka moso tsa Tsoha!, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e haufi ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela