U Tseba’ng ka Jesu?
Mosali e mong ea lilemo li 84 ea phelang United States o ile a re mabapi le Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, buka e nang le litšoantšo e maqephe a 448 e buang ka bophelo ba Jesu Kreste: “Ke balile Bibele eohle ka makhetlo a sa tšoaneng, ’me Motho e Moholo ka ho Fetisisa e nthusitse ho utloisisa hamolemo ’malo oa ka oa Bibele.” Ho eena buka ena e etsa hore litlaleho tsa Bibele tsa bophelo ba Jesu e be tse phelang.
O ile a ngola: “Ha ho mohla ke khathalang ke ho bala buka ena. Ke e balile ka makhetlo a supileng ’me ke boetse ke qalile ho e bala hape. Pelo ea ka e susumetsoa ke litšobotsi tse hlollang tsa Jesu. Ha ke bala likhaolo tse buang ka beke ea ho qetela ea Jesu a le lefatšeng, ke utloisoa bohloko ke tšoaro e mpe eo a ileng a e fumana, haholo-holo nakong ea lihora tsa hae tsa ho qetela le lefu la hae thupeng ea tlhokofatso. Leha ho le joalo, o ile a tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.”
Ho Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, ho entsoe boiteko ba ho hlahisa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng e tlalehiloeng Likosepeleng tse ’nè. E ka u thusa ho ithuta ho eketsehileng ka Jesu. Haeba u ka rata ho ba le boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang kopi ea buka ena kapa u ka rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.