Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 7/8 leq. 21
  • Lijo Tse Jeoang Taba eo U Lokelang ho Ameha ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lijo Tse Jeoang Taba eo U Lokelang ho Ameha ka Eona
  • Tsoha!—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetha Lijo Tse Matlafatsang
    Tsoha!—1997
  • Ho Loantša Botenya—Na ho Hlile ho Molemo?
    Tsoha!—2004
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
  • Ho Loantša Bothata ba ho Nona Haholo Bongoaneng
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 7/8 leq. 21

Lijo Tse Jeoang Taba eo U Lokelang ho Ameha ka Eona

HO Moeklesia 9:7 Bibele e re: “E-ea, u je bohobe ba hao ka thabo.” Ka sebele, ho ja hase feela ntho e tlamang empa hape ke e ’ngoe ea lintho tse khotsofatsang ka ho fetisisa bophelong.

Nahana ka Thomas ea lilemo li 34. O rata nama. ’Me o e ja letsatsi le leng le le leng—hangata ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi. Lijo tseo a tloaetseng ho li ja hoseng li akarelletsa lebese, mahe a ’maloa, bohobe bo sa besoang kapa bo besitsoeng eaba bo tlotsoa ka botoro hammoho le boroso kapa bacon. Ha a le libakeng tse rekisang lijo, o odara li-cheeseburger, lichipisi le lino-mapholi tse entsoeng ka lebese. Ha a jella reschorenteng, sejo sa hae se seholo e ba seteiki sa nama ea khomo. Reschorente eo a ratang ho jella ho eona, e fepa seteiki se boima ba ligrama tse 680 le litapole tse besitsoeng tse tšetsoeng lebejana le bolilanyana ka holimo, e leng seo a hlileng a se ratang. Limonamona tseo a li ratang haholo ke kuku ea chokolete e behiloeng ice cream ea chokolete ka holimo.

Thomas o bolelele ba limithara tse 1,78 ’me o boima ba lik’hilograma tse 89; ho ea ka lintlha tse tataisang tsa ’muso oa United States tsa 1995 mabapi le lijo tse jeoang, o tlōtse boima bo loketseng ka lik’hilograma tse 9. Thomas o re: “Ha ke ikimele. Ke phela hantle. Ha ho mohla nkileng ka fosa ho ea mosebetsing lilemong tse 12 tse fetileng. Boholo ba nako, ke ikutloa ke phela hantle ’me ke le mafolofolo—haese feela ha ke qeta ho ja seteiki sa liaonse tse 24 [ligrama tse 680].”

Leha ho le joalo, na lijo tseo Thomas a li jang e ka ’na eaba lia mo kulisa, butle-butle li mo beha kotsing ea ho tsietsana ha pelo? Bukeng ea hae e bitsoang How We Die, Dr. Sherwin Nuland o bua ka ‘litloaelo tse kotsi haholo bophelong’ ’me ho tsona o akarelletsa ho tloaela ho ja ‘nama e khubelu, bacon e ngata le botoro.’

Ke joang lijo tse itseng li ka bakelang ba bangata lefu la pelo? Li na le eng e kotsi? Pele re tšohla lipotso tsena, a re ke re hlahlobisiseng likotsi tse bakoang ke ho nona.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ke hobane’ng ha lijo tsa mofuta oo e le taba eo re lokelang ho ameha ka eona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela