Na Malumeli ’Ohle a Lebisa ho Molimo?
Batho ba limilione ba lumela hore malumeli ’ohle ke litsela tse sa tšoaneng tse lebisang sebakeng se le seng. ’Nete ke hore lithuto, lineano le melimo ea malumeli lia tšoana. Ka mohlala, bona setšoantšo sena sa lekholong la borobeli la lilemo C.E. sa Mohindu oa tšōmong, se Kerala, India.
Ho hlokomelehang ke hore lipoho li ne li rapeloa ke malumeli a mangata mehleng ea khale. Ka mohlala, ho ea ka rahistori oa Mogerike oa lekholong la pele la lilemo B.C.E., Diodorus Siculus, molimo oa Ammone, Moloke, le eena o ne a e-na le sebōpeho sa motho empa a e-na le hlooho ea poho.
Ke hobane’ng ha ho bile le ho tšoana ho hlokomelehang hakaale malumeling a mangata a sa tšoaneng lefatšeng ho pota? Na malumeli aa a simolohile mohloling o tšoanang? Na e hlile ke litsela feela tse sa tšoaneng tse lebisang sebakeng se le seng? Na Molimo o a amohela kaofela ha ’ona?
Tlaleho e hlollang ea qaleho le tsoelo-pele ea malumeli a maholo a lefatše bukeng e reng Moloko oa Batho o Batla Molimo e araba lipotso tseo. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka ho fumana buka ena kapa ho ba le motho ea u etelang lapeng ho tšohla seo Bibele e se buang ka taba ena, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.