Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 1/8 leq. 32
  • E ba Susumelelitse ho Bolela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E ba Susumelelitse ho Bolela
  • Tsoha!—1998
Tsoha!—1998
g98 1/8 leq. 32

E ba Susumelelitse ho Bolela

Khabarovsk, motse o mong oa Russia e Bochabela bo Hōle o nang le baahi ba ka bang 700 000, o na le liphutheho tse ’maloa tsa Lipaki tsa Jehova. Basali ba bang ba babeli ba lulang motsaneng o mong o sebakana ba ile ba fumana kopi ea buka e reng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Leha ho le joalo, Lipaki tse lulang Khabarovsk li ne li hlōleha ho etela motsana oa bona.

Kahoo, basali bana, ka hohle kamoo ba neng ba ka khona kateng, ba ile ba qala ho ithuta buka eo hammoho, ba ithuta eona le Bibele. Ha ba se ba e qetile, ba ile ba etsa qeto ea hore ke habohlokoa hore ba bolelle ba bang seo ba ithutileng sona, feela joalokaha Bakreste ba pele ba entse.—Matheu 10:7; Liketso 20:20.

Monyakong oa pele oo ba ileng ba kokota ho oona, basali bana ba ile ba fumana monna eo ba ileng ba qalisa thuto ea Bibele le eena. Ka mor’a nakoana, mosali oa monna eo hammoho le morali oa hae ba ile ba kopanela lipuisanong tsa kamehla tsa Bibele. Hamorao, ka mor’a ho kopana le Lipaki tse ling, ba ile ba kolobetsoa bohlano ba bona. Hona joale, basali ba ileng ba qala ho etela ba bang ke baboleli ba nako e tletseng.

Ka ho bala buka e reng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, le uena ka ho tšoanang u ka ’na ua susumelletseha ho abela ba bang lithuto tsa Bibele. Haeba u ka thabela boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana kopi ena kapa u ka rata hore motho e mong a u etele ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela