Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 2/8 leq. 32
  • Tšepo ea Ngoanana oa Russia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Ngoanana oa Russia
  • Tsoha!—1998
Tsoha!—1998
g98 2/8 leq. 32

Tšepo ea Ngoanana oa Russia

NGOANANA e mong ea lilemo li 15 oa Ukhta, Russia, motse o nang le baahi ba fetang 100 000 o lik’hilomithara tse fetang 1200 ka leboea-bochabela ho Moscow, o ile a bontša ka tieo hore o lakatsa hore maemo a ntlafale lefatšeng. O ile a hlalosa sena lengolong le latelang le ngoletsoeng ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Russia:

“Motsoalle oa ka o mpoleletse hore buka e reng Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e hlalosa bophelo ba Jesu Kreste. Ke thahasella libuka, limakasine le libukana tsa lōna haholo. A nke ke hlalose kamoo thahasello ena e qalileng kateng. E qalile ofising ea mehala ha ke ne ke il’o lefella melato ea seea-le-moea le thelefono. Moo ke ile ka fumana pampitšana fatše. Ke ile ka e thonaka, ka e hlohlora litšila, ’me ka qala ho bala pampitšana eo, e reng Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?

“Ke ile ka bala ka mathata le matšoenyeho ao batho ba nang le ’ona, ’me bokantle ba pampitšana eo bo ne bo bontša tšepiso ea bophelo bo bocha Paradeiseng. Ke tšepa hore ka letsatsi le leng e tla tla. Ka sebele ke batla ho bona batho bohle ba thabile, ba khotsofetse, ’me ba phetse hantle hape ke batla ho bona le beng ka ’na ba shoeleng. . . . Ke lakatsa ho tseba seo ke lokelang ho se etsa e le hore ke be le tšepo ea ho phela Paradeiseng ea lefatšeng. Ke kōpa hore le nthomelle boitsebiso kapa libuka tse ling. Ke tla li lefella le ho lefella litšenyehelo tsa ho li romela.”

Le uena ka ho tšoanang u ka fumana lingoliloeng tse ka u thusang ho ba le tšepo e tiileng e thehiloeng Bibeleng ea ho phela lefatšeng la paradeise. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana kopi ea bukana e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa ho ba le motho ea u etelang lapeng ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela