Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 5/8 maq. 24-25
  • Ho Sireletsa Libōpuoa Tsa Merung

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sireletsa Libōpuoa Tsa Merung
  • Tsoha!—1998
Tsoha!—1998
g98 5/8 maq. 24-25

Ho Sireletsa Libōpuoa Tsa Merung

JESÚS ELÁ o ile a tsoma likorilla le liphoofolo tse ling tsa morung o lulang o le motala Afrika ka lilemo tse ka bang 15. Empa hona joale ha a sa li tsoma. E se e le motsamaisi oa baeti polokelong ea lintho tsa tlhaho e khethetsoeng ho sireletsa likorilla tsa naha tse 750, Equatorial Guinea.

Jesús oa hlalosa: “Ke thabela moru o lulang o le motala ka ho eketsehileng ha ke sa tsome. Ho ’na moru o tšoana le motse oa heso hobane ke ikutloa ke le hae ha ke le ho oona ’me o mpha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e hlokang. Re lokela ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e khonang ho sireletsa meru ena molemong oa bana ba rōna.”

Jesús, eo ka cheseho a arolelanang le ba bang lerato la hae la moru, o lehlohonolo. Hona joale o fumana chelete e ngata ka ho sireletsa likorilla ho feta ha a ne a li tsoma. Kaha bahahlauli ba thabela ho lefella ho fuoa tokelo ea ho bona liphoofolo tseo li le hlatheng, lirapa tsa boikhathollo li kenyetsa batho ba moo chelete ’me baeti ba fumana tlhasenyana e sa lebaleheng ea hore na ke libōpuoa tse ngata hakaakang tse phelang. Empa buka e bitsoang Tropical Rainforest e hlalosa hore, hore ho sireletsoe “bophelo [bona] bo rarahaneng” bo hlollang, ho hlokahala hore “ho be le sebaka se sirelelitsoeng ka thata, seo ka ho utloahalang se nang le metsi a phallelang nģa tsohle.”a

Ke hobane’ng ha lirapa tsa boikhathollo li lokela ho ba khōlō hakaale e le hore li fane ka tšireletso e lekaneng? Bukeng ea hae e bitsoang Diversity and the Tropical Rain Forest, John Terborgh, o hakanya hore lenane le atlehang la li-jaguar (tse khōlō tse ka bang 300 tse tsoalang) le hloka lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 7500. O qetella ka ho re: “Ho latela boemo bona ho na le lirapa tse seng kae feela tsa boikhathollo lefatšeng tse nang le sebaka se lekaneng li-jaguar.” Linkoe li ka ’na tsa hloka sebaka se eketsehileng ho feta. Sehlopha sa linkoe tse tsoalang (sa liphoofolo tse 400) se ka ’na sa hloka sebaka se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 40 000.

Ka ho behella ka thōko libaka tse khōlō tsa polokelo ea lintho tsa tlhaho bakeng sa liphoofolo tse kang tsena tse phelang ka ho ja tse ling, libaka tse feletseng tsa meru e lulang e le metala le tsona li ka sireletsoa. Ho phaella molemong ona, liphoofolo tsena li phetha karolo ea bohlokoa ho bolokeng liphoofolo tse phelang sebakeng seo li phela hantle ka kakaretso.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Libōpuoa Tse Khōlō le Tse Nyenyane

1. Marutle a mangata a moru o lulang o le motala a na le mebala e sa khahliseng. Likokoanyana tse ling li na le mebala e tšoanang le tikoloho eo li leng ho eona hoo ho leng thata ho li lemoha

2. Lirurubele ke libōpuoa tsa moru o lulang o le motala tse hlokomelehang ka ho fetisisa le tse khahlehang ka ho fetisisa

3. Sehlopha sa litšoene tse latomang lifateng ke e ’ngoe ea lintho tse thabisang ka ho fetisisa tse bonoang morung

4. Le hoja jaguar e le morena ea sa hanyetsoeng oa meru e lulang e le metala ea Amerika, ke litsebi tse seng kae feela tsa lintho tsa tlhaho tse kileng tsa e bona hlatheng

5. Lithunthung tse khahlang tsa orchid li khabisa meru e mongobo e melang lithabeng tse telele tsa linaha tse chesang tse mongobo

6. Ho na le linkoe tse ka tlaase ho 5000 tse setseng hlatheng

7. Litšukulu tsa Afrika Bophirimela tseo ka nepo li rehiloeng rhinoceros beetle li na le manaka a tšosang empa ha e le hantle ha li na kotsi

8. Le hoja likorilla e le mofuta o sirelelitsoeng, nama ea tsona e ntse e fumanoa limmarakeng tsa Afrika. Phoofolo ena ea tonana e ja limela feela ’me e solla morung ka lihlopha tsa malapa

9 . Li-ocelot li ne li tsongoa hoo li batlileng li fela ka lebaka la boea bo botle ba matlalo a tsona

10. Lipapakhaie ke tse ling tsa linonyana tsa moru tse lerata ka ho fetisisa le tse ratang batho

11. Joalokaha mahlo a eona a maholo a hlalosa, galago e tsoma lijo bosiu

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sebaka se nang le metsi a phallelang nģa tsohle ke sebaka se lebisang metsi linōkeng, maoatleng kapa matamong a mang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto: Zoo de Baños

Foto: Zoo de la Casa de Campo, Madrid

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto: Zoo de Baños

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela