Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 11/8 leq. 15
  • O Matlafalitsoe ke Tumelo ea Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Matlafalitsoe ke Tumelo ea Hae
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khetho ea Ka Pakeng Tsa Bo-Ntate ba Babeli
    Tsoha!—1998
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Matla le Hoja ke Fokola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 11/8 leq. 15

O Matlafalitsoe ke Tumelo ea Hae

MOROETSANA mong ea lilemo li 17 o ile a ngolla ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower e Moldova, eo e kileng ea e-ba rephabliki ea Soviet Union, a hlalosa kananelo ea hae bakeng sa sehlooho se hlahileng ho Tsoha! ea June 8, 1998. Sehlooho seo se ne se re “Khetho ea Ka Pakeng Tsa Bo-Ntate ba Babeli,” ’me se ne se pheta phihlelo ea mocha e mong oa Armenia.

Moroetsana eo oa hlalosa: “Ha ke ntse ke bala sehlooho seo, ke ile ka seka meokho kaha pale ea hae e tšoana le ea ka.” O ile a tsoela pele: “Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka qala ho ithuta Bibele, ’me batsoali ba ka ba ne ba sa hanyetse qalong. Empa ha ke qala ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, ba ile ba hanyetsa ka matla. Hamorao ka 1997, ha ke qala ho arolelana le ba bang seo ke ithutang sona, ba ile ba mpolella: ‘Tsamaea u ee ho metsoalle eo ea hao ea Lipaki ’me u e bolelle hore e u fepe, e u apese e be e u fe mosebetsi. U ngoananyana ea tsoileng tseleng!’ Batsoali ba ka ba bile ba nchapa, ba nthulanya le lebota ka hlooho.

“Eo e bile teko e matla ho ’na. Ke ne ke atisa ho ba le maikutlo a hlalositsoeng ke mocha eo oa Armenia, ea boletseng hore ka linako tse ling o ne a ee a ipotse hore na ebe Jehova o khahlisoa ke eena. Ke ne ke ee ke ipotse, ‘Na ehlile ha ke na thuso hakaalo? Na ebe Jehova o tla tšoarela libe tsa ka tsa nakong e fetileng? Na Jehova o sa ntsane a nthata tjee?’

“Ho ne ho e-ba thata ka ho fetisisa, haholo-holo ha ke tleloa ke monahano oa hore Jehova ha a sa nthata. Ke ne ke atisa ho kōpa Jehova ka tieo lithapelong tsa ka, ke sekisitse meokho, hore a nthuse, a ’matlafatse e le hore ke se ke ka mo furalla le ka mohla. ’Me ka sebele, ke ile ka hlokomela hore Jehova o utloile lithapelo tsa ka ’me o arabetse likōpo tsa ka tse tiileng. O ile a mpha matla, boikemisetso le sebete. Ka ho khetheha o entse sena ka Lentsoe la hae, moo ka kholiseho mopesaleme a ileng a phatlalatsa: ‘Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.’—Pesaleme ea 27:10.

“Ka la 27 September, 1997, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova, Kagul. Ke khona ho bona ka ho hlaka hore Jehova, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, o phethahatsa tšepiso ea hae e boletsoeng ho Pesaleme ea 84:11: ‘Jehova Molimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le khanya, ba tsamaeang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.’

“Ke leboha mocha eo oa Armenia haholo ea ileng a pheta pale ea hae e matlafatsang tumelo makasineng ea Tsoha! Ke tšepa hore batsoali ba ka le ba hae ba tla qetella ba bontša thahasello lithutong tsa Bibele.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela