Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 3/8 leq. 32
  • O Khahliloe ke ho Hloka Leeme ha Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Khahliloe ke ho Hloka Leeme ha Eona
  • Tsoha!—2001
Tsoha!—2001
g01 3/8 leq. 32

O Khahliloe ke ho Hloka Leeme ha Eona

MOPROFESA OA UNIVESITHI Spain o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower naheng ea habo ho hlalosa kamoo a ananelang Tsoha! kateng. O hlalositse:

“Haufinyane tjena ke ile ka fumana likoranta tsa lōna tse peli tsa Tsoha! Ke ile ka fumana hore li na le lihlooho tse thahasellisang haholo litabeng tse sa tšoaneng. Ha ke motho oa bolumeli, empa ke ananetse kamoo sengoliloeng sena se hlokang leeme kateng. Se boetse se na le mokhoa o babatsehang oa ho beha taba, ’me se tšohla lihlooho ka tsela e se nang leeme le e lumellanang le saense. Ke le babatsa haholo ka boiteko boo le bo etsang.”

Lihloohong tse ngata tsa eona, Tsoha! e bokella bopaki bo sa tšoaneng ba lithuto tsa saense tse fapaneng tse thusang babali ba eona hore ba etse liqeto ka lintho tseo ba li tsebang. Mokhoa o joalo o sebelisitsoe le bukaneng e maqephe a 32 ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang? Ka mohlala, tlas’a sehloohoana se reng “Na Bophelo bo Bile Teng ka Tšohanyetso?” le se reng “Ntho e Entsoeng e Hloka Moetsi,” litsebi tse tsebahalang lefapheng la bolepi ba linaleli, thuto ea baeloji e amanang le lintho tse phelang tse nyenyane haholo le litsebi tsa fisiks li fana ka bopaki mabapi le taba eo.

U ka fumana bukana ena ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?, ka ho tlatsa setlankane se makasineng ena le ho se romela atereseng e ngotsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng bukana ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang? Bontša hore na ka puo e fe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Galaxy: Courtesy of Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela