Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 8/8 leq. 32
  • Lengolo le Tsoang ho Motho eo U mo Ratang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Motho eo U mo Ratang
  • Tsoha!—2003
Tsoha!—2003
g03 8/8 leq. 32

Lengolo le Tsoang ho Motho eo U mo Ratang

’Mali e mong oa New York o ile a bapisa buka ea Atamela ho Jehova le lengolo le tsoang ho motho eo u mo ratang, a hlalosa: “Khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e susumetsa maikutlo ’me e etsa hore u be le lerato le matla ho Jehova.” O ile a phaella ka ho re: “Kaha joale ke fihlile qetellong ea buka ena, ke se ke potlaketse ho qala ho e bala hape, ka tsela eo ka eona u neng u ka boela ua bala lengolo le tsoang ho motho eo u mo ratang haholo.” Nahana ka seo ba bang ba se buileng.

’Mali e mong oa Kansas o hlokometse: “Ka sebele ke utloa ke atamela haufi le Ntate oa ka oa leholimo. Pelo ea ka e tletse lerato feela . . . Hoseng ho hong le ho hong ke lebella ka thabo ho bala ho eketsehileng bukeng ena, ’me ke tla e pheta ka makhetlo a mangata.”

Mosali e mong oa Maine o ngotse: “E ekelitse kutloisiso ea ka haholo mabapi le seo Jehova a hlileng a leng sona! Polelo e leqepheng la 74 ke matšeliso a makaakang: ‘Ha e le ka ba shoang bona, ha ho sebaka se seng se sireletsehileng ho feta ho ba mohopolong oa Molimo.’” Mongoli e mong Alaska le eena o na le maikutlo a tšoanang: “E ile ea nkama ka ho teba hoo meokho e ileng ea keleketla.” A phaella: “Ka sebele ke tla e bala khafetsa le ho qotsa lintlha tse ling ho eona nako le nako.”

Re lumela hore le uena u tla ikutloa ka tsela e tšoanang ha u bala buka ena. Ka mor’a likhaolo tsa eona tse tharo tsa selelekela, buka ena e arotsoe ka likarolo tse ’nè tse nang le lihlooho tsena, “O na le Matla a Maholo,” “O Rata Toka,” “O Pelo e Bohlale” le “Molimo ke Lerato.” E qetella ka khaolo e reng “Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna.”

U ka kōpa buka ena e maqephe a 320 e sekoahelo sa pampiri ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase ’me u se romele atereseng e fanoeng kapa e loketseng liatereseng tse leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng buka ea Atamela ho Jehova.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela