Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 3/8 leq. 10
  • “Moloko oa Batho o Batla Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Moloko oa Batho o Batla Molimo”
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebeletsa ka Moea Oohle ho sa Tsotellehe Liteko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tlhokahalo ea Hore Moloko oa Batho o Batle Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Buella Moloko oa Batho o Batla Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 3/8 leq. 10

“Moloko oa Batho o Batla Molimo”

Koranta ea Mexico City e bitsoang Excelsior, ea la 25 September, 2002, e ile ea hatisa litaba tsa mohlophisi ka sehlooho se ka holimo. Li ne li ngotsoe ke Carlo Coccioli, setsebi se tummeng ebile e le sengoli Mexico. Sehlooho sa hae se ne se qala ka mantsoe a latelang.

“Ke qeta ho bala buka e ikhethang—e nyenyane e ’mala o mofubelu—kapa ke re ke qeta ho e bala la bobeli, kapa ke hle ke bolele hore ha e le hantle ke lekhetlo la boraro—empa buka ena hase e neng e tumme mehleng ea Mao Tse-tung. Buka ena [Moloko oa Batho o Batla Molimoa] hase feela tjee buka e sa tloaelehang, empa ho fapana le ‘Buka e Nyenyane e Khubelu’ ea Mao Tse-tung, e ileng ea qetella e feletsoe ke nako, eona ho bonahala ho se mohla e tla ke e felloe ke nako. Ha e le hantle, buka ena ke mpho eo Lipaki Tsa Jehova li e fileng batho lefatšeng. Ha e bapisoa le libuka tse ling, eona e nyenyane, empa bohlokoa ba eona ke boo ho seng bo ka bapisoang le bona. E ka fella ka pokothong, empa haeba e ne e ka fumanoa laebraring e nang le libuka tse 90 000 tse fapaneng, e ne e ka ’na ea e-ba eona eo e leng ea bohlokoa ho li feta kaofela.”

Monghali Coccioli o tsoela pele ho bolela ka mehleng ea bocha ba hae ha a ne a etsa qeto ea hore na o batla ho etsa mosebetsi ofe bophelong. Oa hlalosa: “Lefapha leo ke ileng ka khetha ho ithutela lona ka ho khetheha univesithing le ne le amana le se ipiletsang ho ’na haholo le se hapang thahasello ea ka: bolumeli, haholo-holo ba linaha tsa Bochabela.” O ile a bontša hore ho ithuta ka bolumeli ho ile ha hapa thahasello ea hae haholo ’me nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a fuoa lengolo la doctorate lithutong tse amanang le bona.

Oa hlalosa: “Kahoo ke ikutloa ke tšoaneleha ho bolela hore buka ena e nyenyane e khubelu eo ke e fumaneng, ke buka e hlollang le ea bohlokoa ka ho fetisisa litabeng tsa bolumeli. . . . [Buka] ena e lokela ho ba teng lelapeng le leng le le leng hore e phetloe, e baloe, ’me e boele e baloe nako le nako. Ha e buelle bolumeli leha e le bofe, ho e-na le hoo, ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa motho ea sekametseng ho etseng lipatlisiso ka sephiri se rarahaneng sa Molimo.”

Ha a phethela sehlooho sa hae, Monghali Coccioli o ile a fana ka linomoro tsa thelefono tsa Paki e mo fileng buka eo. Ka mor’a moo, e ’nile ea fumana mehala e mengata ea batho ba batlang buka eo, ka hona, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Mexico e entse bonnete ba hore bohle ba bontšitseng thahasello bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo baa e fumana. Motho e mong ea ileng a batla libuka tse 20 bakeng sa lelapa la hae le metsoalle hona joale o tsoela pele hantle ho ithuteng Bibele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Likhatiso tsa morao-rao tjena tsa buka ena li ba le sekoahelo se bonolo ’me ha li sa le ’mala o mofubelu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela