Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 3/8 leq. 31
  • ‘Koranta e Tšehetsoang ke Molimo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Koranta e Tšehetsoang ke Molimo’
  • Tsoha!—2005
Tsoha!—2005
g05 3/8 leq. 31

‘Koranta e Tšehetsoang ke Molimo’

MONNA e mong ea ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova Nigeria o ile a ba teng seminareng e ’ngoe e hlophisitsoeng ke Inter-African Committee on Women and Children. O ile a ea a nkile likoranta tse peli tsa Tsoha! tsa morao-rao.

Letsatsing la pele la seminara, monna eo o ile a hlokomela hore sebui se sebelisa lintlha tse tsoang ho e ’ngoe ea limakasine tseo a nang le tsona, lihloohong tse buang ka ho ipolaea, ho November 8, 2001. Kahoo a potlakela ho ntša ea hae ’me a qala ho tsamaisana le sona.

Qetellong ea letsatsi leo, ’muelli oa molao ea neng a lokela ho ea fana ka puo letsatsing le hlahlamang o ile a bona sekoahelo sa tokollo e ’ngoe ea makasine ea Tsoha! eo seithuti sena sa Bibele se neng se e nkile, e nang le sehlooho se reng, “Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang.” ’Muelli eo oa molao o ile a e alima. Bosiung boo, o ile a lahla kemiso ea hae ea pele ea puo ’me a lokisetsa e ncha e thehiloeng lihloohong tsa Tsoha! eo. Letsatsing le hlahlamang, ha ’muelli oa molao a ntse a fana ka puo ea hae, mosali e mong ea lutseng moleng o le mong le seithuti sa Bibele o ile a ntša Tsoha! ea hae ’me a qala ho tsamaisana le eena.

Seithuti sa Bibele ka bosona se ile sa e-ba le tlatsetso ea bohlokoa lipuisanong seminareng eo ka lebaka la ho bala lihlooho tsa Tsoha! O ile a re, ‘Ha ke na pelaelo hore koranta ena e tšehetsoa ke Molimo.’

Na u ka rata hore u tlisetsoe koranta ee lapeng ha hao kamehla? Ke hobane’ng ha u sa kōpe e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u etsetse litokisetso tsa ho li fumana?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela