“Ke Mosebetsi o Tsoileng Matsoho!”
“E baleha habonolo hona hoo! lipapiso tsa eona li sebetsa ka mokhoa o hlollang, sehlomathiso sa eona bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng se thusa haholo, ’me buka ena ruri e finyella motho pelong. Ke mosebetsi o tsoileng matsoho!”—John le Paula.
“Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e ngotsoe ka tsela e hlakileng le e bonolo ka ho tsotehang e le ruri! Ha ho potang hore e tla susumetsa liithuti tse ncha tsa Bibele hore li lahle lintho tsohle tse li sitisang ho hatela pele hore li sebeletse Jehova ka pelo eohle. Mohlomong u ka utloa mantsoeng a ka hore buka ena e nkhahlile ka tsela eo ke sitoang le ho e hlalosa.”—Joe.
“Le atlehile ho hlalosa hantle seo batho ba se nahanang, seo ha e le hantle ba amehileng ka sona. Eaba joale le fana ka likarabo tseo kaofela ha tsona li nkiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele.”—Robert.
“Ke buka e ikhethang e le kannete ’me e ngotsoe ka lipolelo tse bonolo le litlhaloso tse hlakileng. Ha ho potang hore e tla finyella lipelo tsa ba bangata.”—Norma.
Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?—e nang le maqephe a 224 le litšoantšo tse mebala—e fumaneha ka lipuo tse fetang 140 ha motho a e kōpa. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
Kōpa ea hao!
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.