Ba Ananela Lerato la Molimo
● Jesu o re rutile hore re ananele lerato la Molimo. O ile a re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši [Jesu], e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Lerato leo Molimo a re ratang ka lona, esita le litšepiso tsa hae tse hlollang tse tla phethahala ka lebaka la mpho eo a re fileng eona, e leng Mora oa hae, li hlalositsoe bukeng ea Atamela ho Jehova.
Mosali e mong oa Florida, U.S.A., o ile a ngola a re: “Ka mor’a hore ke bale khaolo ea bohlano, ke ile ka hlolloa ke lerato la Jehova, bohlale le matla a hae a maholo. Ha ke ntse ke thuisa ka pōpo ea hae, ke ile ka mo rata le ho feta.” Mosali e mong oa South Dakota, U.S.A., o ile a re: “Ka lilemo tse fetang 30, ke ’nile ka thatafalloa ho bontša lerato (kapa ho ikutloa ke ratoa). Buka ena e nthusa ho feta buka leha e le efe e ’ngoe.”
Buka ea Atamela ho Jehova e maqephe a 320 e tšohla litšobotsi tse ka sehloohong tsa Molimo tse kang matla, toka, bohlale le lerato. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.