Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 8
  • Linatla Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linatla Lefatšeng
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Thuso eo Mangeloi a Molimo a Fanang ka Eona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 8

PALE EA 8

Linatla Lefatšeng

U NE u ka re’ng ha u ka kopana le motho e molelele ea fihlang marulelong a ntlo eno? Motho eo e ne e tla be e le senatla! Ka nako e ’ngoe ho kile ha e-ba le linatla mona lefatšeng. Bibele e bontša hore bo-ntat’a tsona e ne e le mangeloi a tsoang leholimong. Empa hoo ho ne ho ka etsahala joang?

Hopola hore lengeloi le lebe, e leng Satane, le ile la baka khathatso. Le ne le bile le leka ho etsa hore mangeloi a mang a Molimo a be mabe. Ka mor’a nako e itseng, mangeloi a mang a ile a qala ho mamela Satane. A tlohela mosebetsi oo Molimo a neng a a file oona leholimong. A theohela lefatšeng ’me a iketsetsa ’mele ea batho. Na u tseba lebaka?

Bibele e re ke hobane bara bana ba Molimo ba ile ba bona basali ba batle lefatšeng ’me ba ne ba rata ho phela le bona. Joale ba tla lefatšeng ’me ba nyala basali bao. Bibele e re seo se ne se fosahetse, kaha Molimo o etselitse mangeloi hore a phele leholimong.

Ha mangeloi ao le basali ba ’ona ba ba le bana, bana bao ba ile ba fapana le bana ba bang. E ka ’na ea ba qalong ba ne ba shebahala joaloka bana ba bang. Empa ba ’na ba hōla le ho ba matla haholo, ho fihlela e le linatla.

Linatla tsena li ne li le mpe. ’Me kaha li ne li le khōlō li bile li le matla, li ne li ntša batho kotsi. Li ne li leka ho qobella motho e mong le e mong hore a be mobe joaloka tsona.

Enoke o ne a se a shoele, empa ho ne ho e-na le monna e mong joale ea molemo lefatšeng. Monna enoa o ne a bitsoa Noe. Kamehla o ne a etsa seo Molimo a batlang hore a se etse.

Ka letsatsi le leng Molimo a bolella Noe hore nako ea hore A felise batho bohle ba babe e fihlile. Empa Molimo o ne a tla pholosa Noe, ba lelapa la hae le liphoofolo tse ngata. A re bone hore na Molimo o ile a etsa seo joang.

Genese 6:1-8; Juda 6.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela