Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 36
  • Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Molaoli oa Sesole o Bontša Tumelo e Matla
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Tumelo ea Hao e U Susumelletsa ho Nka Bohato?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 36

Khaolo ea 36

Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole

HA JESU a nehelana ka Thuto ea hae ea Thabeng, o ne a fihlile bohareng ba tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. Hona ho bolela hore o saletsoe feela ke selemo le likhoeli tse ka bang robong ho phetha mosebetsi oa hae lefatšeng.

Joale Jesu o kena motseng oa Kapernauma, moo a neng a lula teng nakong ea tšebeletso ea hae. Mona baholo ba Bajode ba mo atamela ka kōpo. Ba rometsoe ke molaoli oa sesole sa Roma eo e leng Molichaba, monna oa morabe o fapaneng le oa Bajode.

Mohlanka ea ratoang oa molaoli eo oa sesole o makhatheng a lefu ka baka la ho kula haholo, ’me o batla hore Jesu a folise mohlanka oa hae. Bajode ka matla ba rapella molaoli eo: “O tšoaneloa ke ho etsoa joalo ke uena,” ba re, “hobane o rata sechaba sa rōna, e bile ke eena ea re hahetseng synagoge.”

Ntle ho tika-tiko, Jesu o tsamaea le banna bao. Leha ho le joalo, ha ba atamela, molaoli oa sesole o romela metsoalle hore e re: “Morena, u se ke ua ikhathatsa; hobane ha kea tšoanela hore u ke-​ne tlung ea ka. Ke ka baka leo ke itekantseng ea sa tšoaneleng ho ea ho uena.”

Ke pontšo ea boikokobetso bo bokaakang ho molaoli ea tloaetseng ho laela ba bang! Empa mohlomong o boetse o nahana ka Jesu, a hlokomela hore moetlo o thibela Mojode ho ba le likamano tsa botsoalle le eo eseng Mojode. Le Petrose o itse: “Lea tseba hobane motho oa mo-Jode ha a lumelloe ho kopana le mo-lichaba.”

Mohlomong ka lebaka la ho se rate hore Jesu a hlokofatsoe ke liphello tsa ho tlōla molao ona, molaoli o re metsoalle ea hae e mo kōpe: “U mpe u bue polelo, ’me mohlanka oa ka o tla fola. Hobane le ’na, ke leng motho ea laoloang ke ba bang, ke na le bahlabani ba ka tlase ho ’na; ha ke re ho e mong: E-⁠ea, o’a ee: le ho e mong: Tlo, o’a tle; le ho mohlanka oa ka: Etsa ho itseng, o’a ho etse.”

Joale, ha Jesu a utloa tsena a makala. A re: “Kea le bolella, ke re: Ha ke e-⁠so ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.” Hoba a folise mohlanka oa molaoli eo, Jesu o sebelisa monyetla oo ho bolela kamoo Balichaba ba nang le tumelo ba tlang ho hauheloa ka tlhohonolofatso e lahliloeng ke Bajode ba se nang tumelo.

Jesu o re: “Ba bangata ba tla tsoa bochabela le bophirimela, ’me ba tla lula lijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo ’musong oa maholimo. Empa bara ba ’muso ba tla lahleloa lefifing le kantle, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”

“Bara ba ’muso ba tla lahleloa lefifing le kantle” ke Bajode ba tlhaho ba sa amoheleng monyetla oo ba o filoeng pele oa ho ba babusi le Kreste. Abrahama, Isaaka le Jakobo ba emela tokisetso ea ’Muso oa Molimo. Kahoo Jesu o pheta kamoo Balichaba ba tlang ho amoheloa ho lula tafoleng ea leholimo, joalokaha eka ke “’musong oa maholimo.” Luka 7:1-10; Mattheu 8:5-13; Liketso 10:28.

▪ Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba rapella molaoli oa sesole oa Molichaba?

▪ Ke hobane’ng ha molaoli eo a ile a kōpa hore Jesu a se ke a kena ka tlung ea hae?

▪ Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe a hae a qetellang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela