Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 38
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 38

Khaolo ea 38

Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?

JOHANNE MOKOLOBETSI, eo joale e seng e batla e le selemo a le teronkong, o fumana tlaleho e buang ka tsoho ea mora oa mohlolohali oa Naine. Empa Johanne o batla ho ikutloela ka ho toba ho Jesu mabapi le bohlokoa ba sena, ka hona o romela barutuoa ba hae ba babeli ho ea botsa: “Na ke uena ea boletsoeng, ho thoe, u tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?”

Potso eo e ka ’na ea utloahala e makatsa, haholo-holo kaha Johanne o bone ha moea oa Molimo o theohela ho Jesu ’me o utloile lentsoe la Molimo la kamohelo ha a kolobetsa Jesu hoo e batlang e le lilemo tse peli tse fetileng. Potso ea Johanne e ka ’na ea etsa hore ba bang ba fihlele qeto ea hore tumelo ea hae e ne e se e fokola. Empa ha ho joalo. Jesu a ka be a sa ka a bua ka tlhompho hakana ka Johanne, e leng hoo a ho entseng ka lekhetlo lena, haeba Johanne a ne a se a qalile ho belaela. Joale, ke hobane’ng ha Johanne a botsa potso ee?

Mohlomong Johanne o ne a mpa a rata ho hlakisetsoa ke Jesu hore ke Eena Messia. Hona e ne e tla ba ho matlafatsang haholo ho Johanne ha a ntse a hlomohile teronkong. Empa kamoo ho bonahalang kateng potso ea Johanne e koahetse ho hoholoanyane ho feta moo. Ka ho hlakileng o batla ho tseba hore na ho na le e mong ea tlang, mohlahlami, kamoo re ka bolelang kateng, ea tla phetha lintho tsohle tse boletsoeng esale pele hore li tla finyelloa ke Messia.

Ho latela boprofeta ba Bibele boo Johanne a tloaelaneng le bona, Motlotsuoa oa Molimo e lokela ho ba morena, molopolli. Leha ho le joalo, Johanne e sa ntsane e le motlamuoa, leha e se e le likhoeli tse ngata ka mor’a kolobetso ea Jesu. Ka hona ka ho hlakileng Johanne o botsa Jesu: ‘Na e hlile ke uena ea tla hloma ’Muso oa Molimo ka matla a bonahalang, kapa na ho na le e mong osele ea tlang, mohlahlami, eo re lokelang ho mo emela hore a phethahatse boprofeta bohle bo tsotehang bo amanang le khanya ea Messia?’

Ho e-⁠na le ho bolella barutuoa ba Johanne, ‘Ehlile ke ’na ea neng a tla tla!’ Jesu ka eona nako eo o etsa pontšo e tsotehang ka ho phekola batho ba bangata, a ba folisa mafu a mefuta eohle le mefokolo. Joale o bolella barutuoa bao: “E-eang, le tsebise Johanne tseo le li boneng, le tseo le li utloileng: lifofu lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera ba ntlafala, ba thibaneng litsebe ba utloa, bafu ba tsoha, ’me Evangeli e bolelloa mafutsana. ’Me ho lehlohonolo ea sa tl’o ka a khopjoa ho ’na.”

Ka mantsoe a mang, potso ea Johanne e ka ’na ea fana ka maikutlo a ho lebella hore Jesu o tla etsa ho hongata ho feta hoo a ho etsang, ’me mohlomong o tla lokolla Johanne ka boeena. Leha ho le joalo, Jesu o bolella Johanne hore a se ke a lebella ho fetang mehlolo eo Jesu a e etsang.

Ha barutuoa ba Johanne ba tsamaea, Jesu o retelehela ho matšoele ’me o a bolella hore Johanne ke “lenģosa” la Jehova le boletsoeng esale pele ho Malakia 3:⁠1 le hore hape ke moprofeta Elia ea boletsoeng esale pele ho Malakia 4:​5, 6. Kahoo o phahamisa Johanne e le ea lekanang le moprofeta ofe kapa ofe ea phetseng pele ho eena, a hlalosa: “Ke re ho lōna: Ka ’nete, har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena. Ho tloha mehleng ea Johanne Mokolobetsi, ho fihlela joale, ’muso oa maholimo o kenoa ka matla, ’me ba bohale ba o hapa.”

Mona Jesu o bontša hore Johanne a ke ke a ba ’Musong oa leholimo, kaha e monyenyane ho oona o moholo ho Johanne. Johanne o ile a lokisetsa Jesu tsela, empa o shoa pele Kreste a tiisa selekane, kapa tumellano, le barutuoa ba hae bao e tlang ho ba babusi le eena ’Musong oa hae. Ke ka lebaka leo Jesu a reng Johanne a ke ke a ba ’Musong oa leholimo. Ho e-⁠na le hoo Johanne e tla ba mofo oa lefatšeng oa ’Muso oa Molimo. Luka 7:18-30; Mattheu 11:2-15.

▪ Ke hobane’ng ha Johanne a botsa hore na Jesu ke eena ea tlang kapa hore na ho lokela ho lebelloa e mong osele?

▪ Jesu o re Johanne o phethahalitse boprofeta bofe?

▪ Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ke ke a ba leholimong le Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela