Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 71
  • Ho se Lumele ha Bafarisi ka Manganga

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho se Lumele ha Bafarisi ka Manganga
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Se Lumele ha Bafarisi ka Manganga
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bafarisi ba Hloma Monna ea Neng a Foufetse Lipotso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Folisoa Monna ea Tsoetsoeng e le Sefofu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 71

Khaolo ea 71

Ho se Lumele ha Bafarisi ka Manganga

BATSOALI ba mokōpa-kōpa oo e kileng ea e-⁠ba sefofu ba tšohile ha ba bitsetsoa kapele ho Bafarisi. Baa tseba hore ho se ho entsoe qeto ea hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho Jesu o tla lelekoa synagogeng. Ho khaoloa ho joalo ha ho ba le botsoalle le ba bang sechabeng ho ka tlisa bothata bo tšabehang, haholo-holo lelapeng le futsanehileng. Kahoo batsoali bao ba hlokolosi haholo.

Bafarisi baa botsa: “Na enoa ke mora oa lōna, eo le reng o na a tsoaloe a foufetse na? O bona joang joale?”

Batsoali ba tiisa hore: “Rea tseba hobane enoa ke mora oa rōna, le hobane o hlahile a foufetse. Empa ha e le mokhoa oo a bonang ka oona joale, ha re o tsebe; le ea tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe.” Ka sebele mora oa bona o tlameha a be a ba boleletse sohle se etsahetseng, empa ka masene batsoali ba re: “O se a na le lilemo, o tla ikarabela.”

Kahona, bafarisi ba bitsa monna eo hape. Khetlong lena ba leka ho mo tšosa ka ho bontša hore ba bokelletse bopaki ba ho qosa Jesu. Baa laela: “Nea Molimo thoriso; rōna rea tseba hobane motho eo ke moetsalibe.”

Monna eo e kileng ea e-⁠ba sefofu ha a hanyetse qoso ea bona, ’me o re: “Ha ekaba ke moetsalibe, teng ha ke tsebe.” Empa oa phaella: “Ke tseba taba e le ’ngoe, ke hobane ke ne ke foufetse, ’me joale kea bona.”

Ba leka ho fumana phoso e itseng bopaking ba hae, Bafarisi ba boetse baa botsa: “O ile a u etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao joang?”

Monna eo a ipelaetsa: “Ke se ke le boleletse, ’me ha lea ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utloa ka baka la’ng na?” Ka mokhoa o phoqang oa botsa: “Na le lōna le rata ho ba barutuoa ba hae na?”

Karabelo ena e halefisa Bafarisi. Baa qosa: “Ke uena u leng morutuoa oa hae; rōna, re barutuoa ba Moshe. Rōna, rea tseba hobane Molimo o buile le Moshe; ha e le eo, ha re tsebe moo a tsoang teng.”

O bontša ho makala, mokōpa-kōpa o ikokobelitseng oa arabela: “Taba e makatsang ke ena ea hore ha le tsebe moo a tsoang teng, athe o ntutubolotse mahlo.” Qeto e lokelang ho etsoa ho see ke efe? Mokōpa-kōpa oo o supa taba e amoheloang eo ho ka etsoang qeto ho itšetlehiloe ka eona: “Rea tseba hobane Molimo ha o utloe baetsalibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Molimo, a etsa thato ea oona, o ee o mo utloe. Ha ho e-⁠so ho utloahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ea tsoetsoeng e le sefofu.” Kahona, qeto e lokela ho hlaka: “Hojane eo hase oa Molimo, o na a ke ke a tseba ho etsa letho.”

Bafarisi ba sitoa ho arabela monahano o choriloeng le o hlakileng joalo. Ba ke ke ba talimana le ’nete eo, ’me ka hona ba rohaka monna eo: “U tsoaletsoe libeng kahohle, ’me u ka hla ua re ruta na!” Eaba ba lelekela monna eo ntle, kamoo ho bonahalang kateng ba mo leleka synagogeng.

Ha Jesu a tseba seo ba se entseng, o fumana monna eo ’me o re: “Na u lumela ho Mora oa Molimo na?”

Mokōpa-kōpa oo e kileng ea e-⁠ba sefofu oa arabela: “Ke mang, Morena, ke tle ke lumele ho eena?”

Jesu a arabela: “Ke eena ea buang le uena.”

Hang-hang, monna eo o inama ka pele ho Jesu ’me o re: “Kea lumela, Morena.”

Joale Jesu oa hlalosa: “Ke tlile lefatšeng lena ho etsa kahlōlo ea hore ba sa boneng ba bone, ’me ba bonang ba fetohe lifofu.”

Ha a rialo, Bafarisi ba ntseng ba mametse baa botsa: “Na le rōna re lifofu na?” Haeba ba ne ba ka lumela hore e ne e le lifofu kelellong, ho ne ho ka ’na ha e-⁠ba le lebaka la khanyetso ea bona ho Jesu. Joalokaha Jesu a ba bolella: “Hojane le lifofu, le ka be le se na sebe.” Empa ka lipelo tse thata ba qophella ho re ha baa tsoaloa e le lifofu ’me ha ba hloke ho khantšetsoa leseli la moea. Kahoo Jesu o re: “Empa joale le re: Rea bona; sebe sa lōna se sala ke hona.” Johanne 9:19-41.

▪ Ke hobane’ng ha batsoali ba mokōpa-kōpa oo e kileng ea e-⁠ba sefofu ba tšohile ha ba bitsetsoa ka pele ho Bafarisi, ’me ka baka leo ba araba ka hlokolosi joang?

▪ Bafarisi ba leka ho tšosa monna eo e kileng ea e-⁠ba sefofu joang?

▪ Ke khang efe e utloahalang ea monna eo e halefisang Bafarisi?

▪ Ke hobane’ng ha Bafarisi ba se na lebaka bakeng sa khanyetso ea bona ho Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela